PINA YA 90
Le Kgothatsane
Printed Edition
1. A re kgothatsaneng ka mehla,
Re sebeletse Jehova.
Lerato la rona le tiye,
Re tle re fumane kgotso.
Rato la batho ba Modimo
Le re kgothatsa haholo
Mme phutheho ke setshabelo
Sa rona ka mehla yohle.
2. Mantswe a bana ba bo rona
A re kgothatsa haholo.
Metswalle ena e lerato
E dula e re tshedisa.
Re thabiswa ke ho sebetsa
Le batho ba ratang Mmopi.
Re tswele pele ho thusana
Le ha re na le mathata.
3. Letsatsi le leholo la Jah
Le haufi le ho fihla.
Re dule re bokana mmoho
Hore re nne re rate Jah.
Re tla dula re momahane,
Re sebeletsa Jehova.
Re tla kgothatsana ka mehla,
Re dule re tshepahala.
(Sheba le Luka 22:32; Dik. 14:21, 22; Bagal. 6:2; 1 Bathes. 5:14.)