Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 3-5
  • Selelekela

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Selelekela
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 3-5

Selelekela

Buka ena ya Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste e tla o thusa ho fumana ditemana ha bonolo le mehlala ya batho ba ka Bibeleng e tla o thusa ha o ena le mathata. E tla boela e o thuse ho fumana mehlala ya Bibele eo o ka e sebedisang ho kgothatsa ba bang le ho ba thusa hore ba etse diqeto tse thabisang Jehova. Ha o ntse o sebedisa buka ena, o ka kgetha sehlooho seo o se batlang mme sehloohong ka seng, ho na le dipotso tsa bohlokwa le ditlhaloso tse kgutshwanyane tsa ditlaleho tsa Bibele. (Sheba lebokose la “Ka Moo o ka Sebedisang Buka Ena.”) Buka ena e tla o thusa ho fumana dikeletso tsa Bibele le ditemana tse tla o thusa le ho o tshedisa. O tla fumana le ditemana tsa Bibele tseo o ka di sebedisang ho thusa batho ba nyahameng le ba nang le mathata.

Ka Moo o ka Sebedisang Buka Ena

Ha o batla sehlooho se itseng, o ka se ngola lebokoseng la ho batla kapa wa se sheba dikarolong tsa buka ena. Buka ena ya Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste e arotswe ka dikarolo tsena tse supileng: Boitshwaro, Bophelo ba Letsatsi le Letsatsi, Diteko, Kamano ya Rona le Jehova, Lelapa, Makgabane le Phutheho. O tla fumana sehlooho seo o se batlang ho tse ding tsa dikarolo tsena. Eya karolong e amanang le sehlooho seo o se batlang ebe o se sheba hara dihlooho tse hlahang moo. Haeba o sa tsebe hore na sehlooho seo o se batlang o tla se fumana karolong efe, o ka kgetha Dihlooho Tsohle ebe o se sheba dihloohong tsohle tse hlahang bukeng ena. Sehlooho se seng le se seng se na le dihloohwana tse ngotsweng ka mongolo o motenya. Dihloohwana tse ding ke dipotso empa tse ding ha se dipotso. Ha o ntse o bala ditemana tse ngotsweng ka mongolo o motenya tse hlahang tlasa dihloohwana, nahanisisa ka hore na ditemana tseo di amana jwang le sehloohwana. Dihlooho tse ding di arotswe ka dikarolwana ho o thusa hore o fumane seo o se batlang kapele. Dihloohong tse ding ho kentswe ditemana tse eketsehileng mme di hlaha pela mantswe a reng “Sheba le.” Ditemana tsena di na le dintlha tse amanang le sehlooho. Dihloohong tse ngata ho na le karolo ya “Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang” mme tlasa karolo eo, ho na le dipolelo tse kgutshwanyane tse hlalosang dintlha tsa bohlokwa. Dipolelo tseo di tla o thusa hore o bone dintlha tsa bohlokwa ditemaneng tseo tse buang ka mehlala ya batho ba ka Bibeleng.

Haeba o kgetha sehlooho se itseng, tlasa sona o tla fumana ditemana tse ngata tse tla o thusa empa o ka nna wa se di fumane kaofela. Haeba o batla ditemana tse ding, o ka sebedisa dithulusi tse ding tsa rona tsa ho etsa dipatlisiso. (Pr 2:​1-6) O ka boela wa sebedisa ditshupiso le di study note tse hlahang ho Bibele ya Study Bible ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang ya Senyesemane. Haeba o batla ho fumana dintlha tse ding ka temana e itseng le hore na e ka o thusa jwang bophelong, o ka sebedisa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova kapa Watch Tower Publications Index. Dithulusi tsena di tla o thusa hore o fumane dingolwa tse buang ka temana eo o e batlang. Dingolwa tsa moraorao di tla o thusa ho bona hore na hona jwale re se re utlwisisa temana eo jwang.

Re tshepa hore buka ena ya Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste e tla o thusa ho fumana bohlale, tsebo le kutlwisiso e ka hara Mangolo a Halalelang. Ha o ntse o sebedisa buka ena, o tla kgodiseha le ho feta hore ‘Lentswe la Modimo le a phela ebile le fana ka matla.’—Heb 4:12.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela