Letswalo
Keng e bontshang hore Jehova o file batho bohle matswalo?
Sheba le 2Ko 4:2
Ho ka etsahalang ka letswalo la motho ya tlwaetseng ho etsa dintho tse fosahetseng?
Na ho lekane ho dumela feela hore re etsa dintho tse nepahetseng?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
2Kr 18:1-3; 19:1, 2—Jehova o ile a halefela Morena Josafate hobane a ile a thusa Morena Akabe ya kgopo
Dik 22:19, 20; 26:9-11—Pele moapostola Pauluse o ne a nahana hore ho ne ho nepahetse ho hlorisa le ho bolaya barutuwa ba Kreste
Ke jwang re ka kwetlisang matswalo a rona ha molemo?
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
1Sa 24:2-7—Letswalo le ile la susumeletsa Morena Davida hore a hlomphe motlotsuwa wa Jehova e leng Morena Saule
Ke jwang baetsadibe ba ka bang le letswalo le hlwekileng ka pela Modimo?
Ef 1:7; Heb 9:14; 1Pe 3:21; 1Jo 1:7, 9; 2:1, 2
Sheba le Tshe 1:5
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Esa 6:1-8—Jehova o ile a kgodisa moprofeta Esaia hore dibe tsa hae di tshwaretswe
Tshe 7:9-14—Batho ba bongata bo boholo ba na le setswalle se haufiufi le Jehova ka lebaka la ho hlwekiswa ka sehlabelo sa Kreste
Ke hobaneng ha re lokela ho latela tataiso ya matswalo a kwetlisitsweng ka Lentswe la Modimo?
Dik 24:15, 16; 1Ti 1:5, 6, 19; 1Pe 3:16
Sheba le Bar 13:5
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 2:25; 3:6-13—Adama le Eva ba ile ba hatella matswalo a bona mme ha morao ba hlajwa ke dihlong hobane ba sa ka ba mamela Modimo
Ne 5:1-13—Mmusisi Nehemia o ile a tsosolosa matswalo a Bajuda ba neng ba sa latele molao wa Modimo ebile ba batla tswala e ngata ho bana babo bona