Maemo a Motho Setjhabeng
Na Modimo o nka batho ba bang ba le bohlokwa ka lebaka la morabe, lelapa leo ba tswang ho lona kapa hobane feela ba ena le tjhelete e ngata?
Dik 17:26, 27; Bar 3:23-27; Gal 2:6; 3:28
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Joh 8:31-40—Bajuda ba bang ba ile ba ikgohomosa hobane ba ne ba tswa lelokong la Abrahama empa Jesu o ile a ba kgalemela hobane ba ne ba sa etse dintho jwalo ka Abrahama
Na re lokela ho kgella batho ba bang fatshe hobane e le ba merabe e meng kapa hobane ba tswa dinaheng tse ding?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Jon 4:1-11—Jehova o ile a ruta moprofeta Jonase hore o lokela ho ba mosa ho Baninive bao e neng e le batho ba naha e nngwe
Dik 10:1-8, 24-29, 34, 35—Ka mora hore moapostola Petrose a tsebe hore Jehova o amohela Baditjhaba, o ile a thusa Korneliase le lelapa la hae hore e be Bakreste ba pele ba Baditjhaba ba sa bollang
Na Bakreste ba ruileng ba lokela ho nka hore ba bohlokwa ho feta ba bang kapa ba lebelle ho tshwarwa ka tsela e kgethehileng?
Na ha motho e le molebedi o lokela ho hatella ba bang le ho ba tshwara hampe?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
De 17:18-20—Jehova o ile a re marena a Iseraele a se ke a nka hore a bohlokwa ho feta Baiseraele ba bang hobane kaofela e ne e le bana ba motho
Mar 10:35-45—Jesu o ile a kgalemela baapostola ba hae hobane ba ne ba amehile haholo ka hore na ke mang e moholo hara bona. (Sheba le study note se hlahang Bibeleng ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Senyesemane ho Mar 10:42 tlasa sehloohwana se reng “lord it over them”)
Jehova o amohela batho ba jwang?
Na Bakreste ba lokela ho leka ho fetola melao ya mmuso ha ba utlwa eka ha e na toka?
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Joh 6:14, 15—Ha batho ba ne ba bona hore Jesu a ka kgona ho rarolla mathata a bona, ba ile ba leka ho mo etsa morena empa Jesu o ile a hana