Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 22-23
  • Boinehelo

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Boinehelo
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 22-23

Boinehelo

Sepheo sa rona e lokela ho ba sefe ha re inehela ho Jehova Modimo?

De 6:5; Lu 10:​25-28; Tshe 4:11

Sheba le Ex 20:5

Re lokela ho ba le pono efe ka Bibele haeba re batla ho sebeletsa Modimo?

Ps 119:105; 1Th 2:13; 2Ti 3:16

Sheba le Joh 17:17; Heb 4:12

Ke hobaneng ha re lokela ho ananela tsela eo Modimo a e sebedisang ho re thusa hore re qobe ho etsa dibe?

Joh 14:6; Dik 4:12; Bar 3:23; Gal 1:4; Ef 1:7

Keng eo re lokelang ho e etsa ho bontsha hore re baketse dintho tse mpe tseo re neng re di etsa pele?

Dik 3:19; 26:20

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Lu 19:​1-10—Zakiase eo e neng e le mmokelli wa lekgetho o ile a bakela ho se tshepahale mme a fana ka tjhelete eo a neng a e nketse batho ba bang ka bolotsana

    • 1Ti 1:​12-16—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa ka moo a ileng a tlohela bophelo ba boetsadibe le ka moo a ileng a tshwarelwa dibe tseo ka lebaka la mohau wa Modimo le wa Kreste

Ho ena le hore feela re kgaotse ho etsa dintho tse fosahetseng, ke eng hape eo re lokelang ho e etsa?

Bar 12:​1, 2; Ef 4:​17, 18, 22-24; 1Th 1:9

E le hore re ka sebeletsa Modimo ka tsela eo a e amohelang, ke melao efe ya boitshwaro eo re lokelang ho e mamela?

1Ko 6:​9-11; Kol 3:​5-9; 1Pe 1:​14, 15; 4:​3, 4

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Ko 5:​1-13—Moapostola Pauluse o ile a laela phutheho ya Korinthe hore e kgaole monna ya neng a tlwaetse ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano

    • 2Ti 2:​16-19—Moapostola Pauluse o ile a lemosa Timothea hore a se ke a mamela dipuo tsa bakwenehi, tse neng di ata jwalo ka seso se kotsi

Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshehetsa mebuso ya lefatshe lee?

Esa 2:​3, 4; Joh 15:19

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Joh 6:​10-15—Ka mora hore Jesu a fepe letshwele ka mohlolo, batho ba ile ba batla ho mo etsa morena le ha ho le jwalo Jesu o ile a tloha ho bona

    • Joh 18:​33-36—Jesu o ile a re Mmuso wa hae ha se karolo ya mebuso ya batho

Moya o halalelang o re thusa jwang hore re sebeletse Modimo?

Joh 16:13; Gal 5:​22, 23

Sheba le Dik 20:28; Ef 5:18

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Dik 15:​28, 29—Moya o halalelang o ile wa tataisa sehlopha se busang se neng se le Jerusalema ho etsa qeto ya bohlokwa e mabapi le lebollo

Ke jwang re ka etsisang tsela eo Jesu Kreste a neng a sebeletsa Modimo ka yona?

Mat 22:37; Joh 4:34; 6:38; Heb 10:​8, 9

Ke hobaneng ha batho ba inehetseng ho Jehova ba lokela ho kolobetswa?

Mat 28:​19, 20; Dik 2:​40, 41; 8:12; 1Pe 3:21

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 3:​13-17—Jesu o ne a tletse ho tla etsa thato ya Ntate wa hae lefatsheng mme o ile a bontsha seo ha a ne a kolobetswa

    • Dik 8:​26-39—Letona la Moethiopia le neng le rapela Jehova le ile la batla ho kolobetswa ka mora ho bolellwa ditaba tse monate ka Jesu Kreste

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela