Boikokobetso
Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba ikgohomosang le ba ikokobeditseng?
Ps 138:6; Pr 15:25; 16:18, 19; 22:4; 1Pe 5:5
Sheba le Pr 29:23; Esa 2:11, 12
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
2Kr 26:3-5, 16-21—Morena Uzia o ile a ikgohomosa yaba o tlola molao wa Modimo. O ile a halefela baprista ha ba mo jwetsa hore seo a se etsang se kgahlanong le Molao wa Modimo. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo otla ka lepera
Lu 18:9-14—Jesu o ile a etsa papiso ho bontsha hore na Jehova o ikutlwa jwang ka dithapelo tsa batho ba ikgohomosang le ba ikokobeditseng
Jehova o etsang haeba re baka e le ka nnete ebile re ikokobetsa?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
2Kr 12:5-7—Morena Roboame le dikgosana tsa Juda ba ile ba ikokobetsa ha ba ne ba eletswa. Ka hoo, Jehova ha a ka a ba fedisa
2Kr 32:24-26—Morena Ezekiase o ile a ikgohomosa empa ha a ikokobetsa Jehova o ile a mo tshwarela
Ho ikokobetsa ho ka matlafatsa setswalle sa rona le batho ba bang jwang?
Ef 4:1, 2; Baf 2:3; Kol 3:12, 13
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 33:3, 4—Esau o ne a kwatetse Jakobo haholo empa nakong eo ba neng ba kopana, Jakobo o ile a ikokobetsa. Ka lebaka la boikokobetso boo, ho ile ha eba le kgotso hape pakeng tsa bona
Bhl 8:1-3—Moahlodi Gideone o ile a bolella Baefraime hore ba ne ba entse mosebetsi o moholo ho feta oo yena a neng a o entse. Ka lebaka leo, Baefraime ha ba a ka ba mo halefela kapa hona ho mo lwantsha
Jesu Kreste o re thusitse jwang ho bona hore ke ha bohlokwa hore re ikokobetse?
Mat 18:1-5; 23:11, 12; Mar 10:41-45
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Esa 53:7; Baf 2:7, 8—Jwalo ka ha ho profetilwe, Jesu o ile a ikokobetsa mme a tla lefatsheng e le hore a ka tlo shwa lefu le bohloko le le tlotlollang
Lu 14:7-11—Jesu o ile a etsa papiso ya batho ba ileng ba kgetha ho dula ditulong tse fapaneng ha ba ne ba tlile letjhatong hore bontsha bohlokwa ba hore re be batho ba ikokobeditseng
Joh 13:3-17—Jesu o rutile barutuwa ba hae ho ikokobetsa ha a ne a hlatswa maoto a baapostola ba hae. Mosebetsi wa ho hlatswa maoto o ne o etswa ke makgoba