Maruo
Na Bibele e re ke phoso ho ba le tjhelete kapa maruo?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Ma 3:11-14—Jehova o ile a hlohonolofatsa Morena Solomone ka ho mo fa maruo hobane a ikokobeditse
Job 1:1-3, 8-10—Le hoja Jobo a ne a ruile, ho tshepahalla Jehova e ne e le yona ntho e tlang pele bophelong ba hae
Ke hobaneng ha ho ba le tjhelete ho sa etse hore motho a kgotsofale kapa a be le kgotso bophelong?
Ke hobaneng ha re ka re maruo ha a na thuso?
Keng e etsang hore ho ba le maruo ho be kotsi?
Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshepa maruo?
Pr 11:4, 18, 28; 18:11; Mat 13:22
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Dik 8:18-24—Simone o ne a nahana hore a ka fumana boikarabelo ka phuthehong ya Bokreste ka hore a fe baapostola tjhelete
Ho rata tjhelete ho ka etsa hore re lahlehelwe ke eng?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Mar 10:17-23—Monna e mong ya neng a ruile o ile a lahlehelwa ke monyetla wa ho ba molatedi wa Jesu hobane o ne a rata tjhelete le dintho tsa hae tse ngata
1Ti 6:17-19—Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba ruileng hore ba se ke ba ikgohomosa hobane ho etsa jwalo ho ne ho tla senya kamano ya bona le Jehova
Ho rata maruo ho ka fokodisa tumelo ya rona jwang mme ha senya kamano ya rona le Modimo?
De 8:10-14; Pr 28:20; 1Jo 2:15-17
Sheba le Ps 52:6, 7; Amo 3:12, 15; 6:4-8
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Job 31:24, 25, 28—Jobo o ne a utlwisisa hore ho tshepa maruo ho ne ho le kotsi hobane ho ne ho tla bontsha hore ha a tshepe Modimo
Lu 12:15-21—Jesu o ile a re lemosa ka dikotsi tsa ho rua ha a ne a etsa mohlala ka monna ya neng a tshepile maruo a hae ho ena le ho tshepa Modimo
Re ka etsang hore re kgotsofalle dintho tseo re nang le tsona?
Ke dintho dife tsa bohlokwa bophelong ho feta maruo, hona hobaneng?
Pr 3:11, 13-18; 10:22; Mat 6:19-21
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Hag 1:3-11—Jehova o ile a sebedisa moprofeta Hagai ho bolella Baiseraele hore a ke ke a hlola a ba hlohonolofatsa hobane ba ne ba amehile feela ka ho haha matlo a bona ho ena le ho tshehetsa borapedi ba nnete ka hore ba hahe tempele ya Jehova
Tshe 3:14-19—Jesu o ile a kgalemela phutheho ya Laodisia hobane e ne e rata maruo ho feta ho sebeletsa Modimo