Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 99-102
  • Mamello

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Mamello
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 99-102

Mamello

Jehova o bontshitse jwang hore o na le mamello?

Bar 2:4; 9:22

Sheba le Ne 9:30

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Jer 7:​23-25—Jehova o ile a hlalosa ka moo a bontshitseng mamello ka teng ho tloha kgale ha setjhaba sa hae se ne se sa mo mamele

    • 2Pe 3:​3-9, 15—Moapostola Petrose o ile a hlalosa hore na Jehova o bontsha mamello jwang le hore na ke hobaneng ha a e bontsha. O ile a boela a re lemosa hore mamello ya Jehova e ya fela

Ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello?

Pr 25:15; Ef 4:​1-3; 2Ti 2:​24, 25; 4:2

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 39:​19-21; 40:​14, 15, 23; 41:​1, 9-14—Le hoja bana ba bo Josefa ba ile ba mo rekisa hore e be lekgoba, a kwallwa teronkong Egepeta dilemo tse ngata ka ntho eo a neng a sa e etsa, o ile a mamella mme a dula a ena le tumelo e matla

    • Heb 6:​10-15—Moapostola Pauluse o ile a etsa mohlala ka Abrahama ho bontsha ka moo ho leng bohlokwa ka teng ho ba le mamello

Na bahlanka ba Jehova ba lokela ho ba le mamello?

1Ko 13:​4, 7; 1Ti 6:11; 2Pe 1:​5, 6

Re tseba jwang hore batho ba bang ba tla re hlorisa le ho se re mamele ha re ba bolella ditaba tse monate?

Mat 10:22; Joh 15:​18, 19; 2Ko 6:​4, 5

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Pe 2:5; Ge 7:23; Mat 24:​37-39—Le hoja Noe a ne a “phatlalatsa ditaba tse lokileng,” batho ba ne ba sa mo mamele mme ke yena le ba lelapa la hae feela ba ileng ba pholoha morwallo

    • 2Ti 3:​10-14—Moapostola Pauluse o ile a bua ka mathata ao a ileng a a mamella ho thusa Timothea ho bona hore le yena a ka mamella.

Ke hobaneng ha re sa lokela ho makala ha ba lelapa ba leka ho re thibela ho sebeletsa Jehova?

Mat 10:​22, 36-38; Lu 21:​16-19

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 4:​3-11; 1Jo 3:​11, 12—Ka lebaka la hore Kaine o ne a le kgopo, o ile a bolaya ngwanabo Abele ya neng a tshepahala

    • Ge 37:​5-8, 18-28—Ha Josefa a bolella bana babo ka toro e tswang ho Jehova, ba ile ba mo hlasela ba ba ba mo rekisa hore e be lekgoba

Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba lefu ha re hloriswa?

Mat 10:28; 2Ti 4:​6, 7

Sheba le Tshe 2:10

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Dan 3:​1-6, 13-18—Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba hana ho rapela setshwantsho le hoja morena a ne a itse o tla ba bolaya haeba ba sa etse jwalo

    • Dik 5:​27-29, 33, 40-42—Baapostola ba ile ba tswela pele ho bolela ditaba tse monate le hoja ba ile ba tshoswa ka hore ba tla bolawa

Keng e ka re thusang ho dula re tshepahalla Jehova le ha re kgalemelwa?

Pr 3:​11, 12; Heb 12:​5-7

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Nu 20:​9-12; De 3:​23-28; 31:​7, 8—Le hoja Moshe a ile a nyahama ha Jehova a mo kgalemela, o ile a tswela pele a mo sebeletsa ka botshepehi

    • 2Ma 20:​12-18; 2Kr 32:​24-26—Morena Ezekiase o ile a amohela kgalemelo e tswang ho moprofeta wa Jehova ka mora ho etsa dibe mme a ikokobelletsa Jehova a ba a tswela pele a mo sebeletsa

Ke hobaneng ha ho ka ba thata ho mamella ha ba bang ba kgaotsa ho sebeletsa Jehova?

Jer 1:​16-19; Hab 1:​2-4

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ps 73:​2-24—Ha mopesaleme a bona dintho di tsamaela batho ba kgopo hantle, o ile a ipotsa hore na ho na le molemo wa hore a tswele pele ho sebeletsa Jehova

    • Joh 6:​60-62, 66-68—Petrose o ile a dula a ikemiseditse ho latela Jesu le hoja ba bang ba ile ba kgaotsa ho mo latela

Keng e ka re thusang ho mamella?

Ho dula re le haufi le Jehova

De 30:​19, 20; Bar 15:​5, 6; 1Ko 10:13

Ho bala Bibele le ho nahanisisa ka seo re ithutang sona

Moe 7:12; Bar 15:4; Kol 1:​10, 11; 2Pe 3:​15-18

Ho rapela Jehova ka mehla le ho mo bolella dintho tsohle

Bar 12:12; Kol 4:2; 1Pe 4:7

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Dan 6:​4-11—Daniele o ile a tswela pele a rapela Jehova le hoja seo se ne se beha bophelo ba hae kotsing

    • Mat 26:​36-46; Heb 5:7—Bosiung ba hae ba ho qetela lefatsheng, Jesu o ile a rapela ka matla mme a kgothaletsa ba bang ho etsa se tshwanang

Ho rapela mmoho le bara le baradi ba bo rona ho tla re thusa ho mamella

Bar 1:​11, 12; Heb 10:​23-25

Ha re dula re nahana ka ditshepiso tsa Jehova re tla mamella

Bar 8:25; 1Th 1:3; Heb 11:6; 12:​1, 2

Ho rata Jehova le bara le baradi ba bo rona ho tla re thusa ho mamella

Mat 6:33; 1Ko 13:​4-7; 1Th 3:​12, 13; 1Jo 4:​18, 19

Ho matlafatsa tumelo ya rona

Ef 6:16; 1Jo 5:4; Ju 20, 21

Hopola hore na Jehova o ikutlwa jwang ha re utlwa bohloko

Dik 5:​40, 41; Jak 1:​2-4; 1Pe 3:14; 4:​14, 16

Re ka fumana melemo efe ha re mamella ka botshepehi?

Re tlotlisa Jehova Modimo

Pr 27:11; Joh 15:​7, 8; 1Pe 1:​6, 7

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Job 1:​6-12; 2:​3-5—Satane o ile a qosa Jehova ka hore o sireletsa batho e le hore ba mo sebeletse. Jobo o ile a tlameha ho mamella ka botshepehi ho paka hore Satane o leshano

    • Bar 5:19; 1Pe 1:​20, 21—Ho mamella ha Jesu ka botshepehi ho ile ha thusa ho arabela potso ena: Na monna ya phethahetseng a ka atleha ho dula a tshepahala ha a tobana le diteko tse thata tse hlotseng Adama?

Ho kgothatsa ba bang hore ba mamelle

Baf 1:​13, 14; Jak 5:​10, 11

Ho mamella ho re thusa ho atleha ha re bolela ditaba tse monate

Moe 11:6; Lu 8:15; 2Pe 1:​5-8

Ha re mamella, Jehova o tla thaba a be a re hlohonolofatse

Mat 24:13; Lu 21:19; 1Ko 15:58; Heb 10:36

Sheba le Bar 2:​6, 7; Jak 1:12

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela