Botsofadi; Batho ba Hodileng
Ho etsahalang ha re tsofala?
Sheba le “Ho Tshedisa—Mathata a bakwang ke ho kula kapa ho tsofala”
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Moe 12:1-8—Morena Solomone o ile a sebedisa mokgabopuo ho hlalosa mathata a bakwang ke ho hola, a kang ho se bone hantle (“bafumahadi ba bona ho le lefifi ha ba nyarela ka difensetere”) le ho se utlwe hantle (‘dibini tsohle tsa basadi ha di utlwahale hantle’)
Na batho ba tsofetseng ba ka dula ba thabile ho sa tsotellehe mathata a bakwang ke ho hola?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Sa 12:2, 23—Le hoja moprofeta Samuele a ne a se a tsofetse, o ne a ntse a nka ho le bohlokwa ho rapella batho ba Jehova
2Sa 19:31-39—Morena Davida o ile a ananela thuso ya Barzilai ya neng a se a tsofetse empa Barzilai o ile a hana ho ya le morena Jerusalema hobane o ne a tseba hore ha a sa na matla jwalo ka pele
Ps 71:9, 18—Ha Morena Davida a ne a tshohile hore Jehova a ke ke a hlola a mo sebedisa hobane a tsofetse, o ile a mo kopa hore a mo fe matla a hore a nne a mo sebeletse
Lu 2:36-38—Jehova o ile a hlohonolofatsa moprofeta Anna ya neng a tsofetse ebile e le mohlolohadi hobane o ne a mo sebeletsa ka botshepehi
Jehova o bontsha jwang hore o tsotella batho ba hodileng?
Ps 92:12-14; Pr 16:31; 20:29; Esa 46:4; Tit 2:2-5
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 12:1-4—Ha Abrahama a ne a le dilemo di 75, Jehova o ile a mo fa mosebetsi o neng o hloka hore a yo phela naheng e nngwe bophelo bohle ba hae
Dan 10:11, 19; 12:13—Jehova o ile a romela lengeloi ho moprofeta Daniele hore le mo bolelle hore o a mo rata le hore o tla mo hlohonolofatsa ka lebaka la botshepehi ba hae
Lu 1:5-13—Jehova o ile a hlohonolofatsa Zakaria le Elizabetha ka hore a ba fe mora ka mohlolo, eo ba ileng ba mo reha Johanne
Lu 2:25-35—Jehova o ile a fa Simeone ya neng a se a hodile monyetla wa hore a bone lesea leo e neng e tla ba Mesia. Ha Simeone a bona lesea leo, o ile a bua dintho tse neng di tla le etsahalla
Dik 7:23, 30-36—Moprofeta Moshe o ne a le dilemo di 80 ha Jehova a mo etsa moetapele wa setjhaba sa hae sa Iseraele
Re lokela ho tshwara batho ba hodileng jwang?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 45:9-11; 47:12—Jakobo o ne a se a hodile ha mora wa hae Josefa a re a tliswe ho yena e le hore a ka mo hlokomela ho fihlela a shwa
Ru 1:14-17; 2:2, 17, 18, 23—Ruthe o ne a hlokomela Naomi ya neng a se a hodile, a bontsha ka diketso le ka tsela eo a buang le Naomi ka yona hore o a mo tsotella
Joh 19:26, 27—Ha Jesu a le palong a le haufi le ho shwa, o ile a kopa moapostola Johanne hore a sale a hlokomela mme wa hae ya neng a se a hodile