Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 35-38
  • Diketso Tse Fosahetseng

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Diketso Tse Fosahetseng
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 35-38

Diketso Tse Fosahetseng

Ke dintho dife tse fosahetseng tseo Bakreste ba sa lokelang ho di etsa?

Dipuo tse hlabang

Mat 5:22; 1Ko 6:​9, 10; Ef 4:31

Sheba le Ex 22:28; Moe 10:20; Ju 8

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • 2Sa 16:​5-8; 1Ma 2:​8, 9, 44, 46—Shimei o ile a rohaka morena ya tlotsitsweng ke Jehova mme ka mora moo o ile a fuwa kotlo

Ho ntsha tjotjo le ho e amohela

Ex 23:8; Ps 26:​9, 10; Pr 17:23

Sheba le De 10:17; 16:19; Ps 15:​1, 5

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Sa 8:​1-5—Bara ba moprofeta Samuele ha ba a ka ba latela mohlala o motle wa ntate wa bona hobane ba ne ba amohela tjotjo ba bile ba sa ahlole ka toka

    • Ne 6:​10-13—Dira tsa batho ba Jehova di ile tsa leka ho sitisa mosebetsi wa ho haha tempele ka hore di patale moprofeta wa bohata Shemaia hore a tshose Letona Nehemia

Ho ithorisa

Sheba “Ho Ithorisa”

Boitshwaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa swabe; ho se hlweke; boitshwaro bo bobe; bofebe

Sheba “Boitshwaro bo Bobe bo Amanang le Thobalano”

Ho hlodisana le ba bang

Moe 4:4; Gal 5:26

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mar 9:​33-37; 10:​35-45—Jesu o ile a kgalemela baapostola ba hae hobane ba ne ba hlodisana ka hore na ke mang wa bohlokwa hara bona

    • 3Jo 9, 10—Diotrefe o ne a rata “ho iketelletsa pele” ka phuthehong

Ho etsa hore ho be le dikarohano le dihlotshwana

Bar 16:17; Gal 5:​19, 20; Tit 3:​10, 11; 2Pe 2:1

Sheba le Dik 20:​29, 30; 1Ko 1:​10-12; Tshe 2:​6, 15

Botahwa; ho nwa jwala haholo

Pr 20:1; 23:​20, 29-35; 1Ko 5:11; 6:​9, 10

Sheba le Ef 5:18; 1Ti 3:8; Tit 2:3; 1Pe 4:3

Sheba le “Ho Nwa Jwala”

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 9:​20-25—Noe o ile a nwa haholo hoo a ileng a tahwa mme seo se ile sa etsa hore Kama le mora wa hae Kanana ba etse sebe se tebileng

    • Dan 5:​1-6, 30—Ha Morena Belshatsare a ne a tahilwe, o ile a rohaka Jehova mme ntho eo ya etsa hore a bolawe le hore puso ya hae e fediswe

Ho nkela batho dintho tsa bona

Ps 62:10; 1Ko 5:​10, 11; 6:​9, 10

Sheba le Pr 1:19; 15:27

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Jer 22:​11-17—Jehova o ile a kgalemela Morena Shalume (Joakaze) hobane o ne a nkela batho dintho tsa bona a bile a etsa dibe tse tebileng

    • Lu 19:​2, 8—Mmokelli e moholo wa lekgetho Zakiase o ile a fetoha mme a tshepisa ho kgutlisa tjhelete yohle eo a neng a e nketse batho ka bolotsana

    • Dik 24:​26, 27—Letona Felixe o ne a tshepile hore moapostola Pauluse o tla mo fa tjotjo empa Pauluse o ile a hana

Ho qhekella

Job 32:​21, 22; Ps 5:9; 12:​2, 3; Pr 26:​24-28; 29:5

Sheba le Pr 28:23; 1Th 2:​3-6

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Lu 18:​18, 19—Jesu o ile a hana ha monna e mong a ne a mo qekisa ka ho mo bitsa “Mosuwe ya molemo”

    • Dik 12:​21-23—Morena Heroda Agripa o ile a dumella batho hore ba mo bitse modimo mme sebe seo se ile sa etsa hore a bolawe

Ho ja ho feta tekano

Pr 23:​20, 21; 28:7

Sheba le Lu 21:​34, 35

Ho seba; ho kenakenana le ditaba tsa batho

Pr 25:23; 1Th 4:11; 2Th 3:11; 1Pe 4:15

Sheba le Pr 20:19; 1Ti 5:13

Ho rapela ditshwantsho

Sheba “Borapedi ba Ditshwantsho”

Leshano; ho thetsa batho

Sheba “Leshano”

Leshano; ho senya motho lebitso

Sheba “Leshano”

Ho sebedisa madi hampe

Ge 9:4; De 12:​16, 23; Dik 15:​28, 29

Sheba le Le 3:17; 7:26

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • 1Sa 14:​32-34—Baiseraele ba ile ba sitelwa Jehova ka hore ba je nama e sa ntshwang madi hantle

Ho bolaya motho

Ex 20:13; Mat 15:19; 1Pe 4:15

Sheba le Mat 5:​21, 22; Mar 7:21

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 4:​4-16—Kaine o ile a bolaya ngwanabo Abele le hoja Jehova a ile a mo kgalemela

    • 1Ma 21:​1-26; 2Ma 9:26—Morena Akabe le Mofumahadi Jezebele ba ne ba le meharo mme seo se ile sa etsa hore ba bolaye Nabothe le bara ba hae

Ho korotla

1Ko 10:10; Baf 2:14; Ju 16

Sheba le Nu 11:1

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Nu 14:​1-11, 26-30—Ha Baiseraele ba ne ba korotlela Moshe le Arone, Jehova o ile a nka ba korotlela yena

    • Joh 6:​41-69—Bajuda ba ile ba korotla ka lebaka la seo Jesu a ileng a se bua. Ha morao barutuwa ba hae ba ile ba tlohela ho mo latela

Ho bua mantswe a hlabang kapa meswaso e ditshila

Ef 5:4; Kol 3:8

Sheba le Ef 4:​29, 31

Pornography

Sheba “Pornography”

Diqabang

Sheba “Diqabang”

Ho soma

Pr 19:29; 24:9

Sheba le Pr 17:5; 22:10; 2Pe 3:​3, 4

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Kr 36:​15-21—Baiseraele ba ile ba fuwa kotlo hobane ba ile ba soma baromuwa le baprofeta ba Modimo

    • Job 12:4; 17:2; 21:3; 34:7—Nakong eo Jobo a neng a hlahelwa ke mathata a mangata, metswalle ya hae e ile ya mo soma

Ho utswa

Sheba “Ho Utswa”

Ho lwana

Ps 11:5; Pr 3:31; 29:22

Sheba le 1Ti 3:​2, 3; Tit 1:7

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Ex 21:​22-27—Molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele a sebedisa Moshe o ne o re haeba motho a ne a ka lwana ebe o lematsa motho e mong kapa a mo bolaya, o ne a tlameha ho fuwa kotlo

Ho tshosa ba bang ka mantswe

Ef 6:9; 1Pe 2:23

Sheba le Ps 10:​4, 7; 73:​3, 8

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Dik 4:​15-21—Lekgotla le Phahameng la Bajuda le ile la tshosa barutuwa ba Jesu e le hore ba tlohele ho bolela ditaba tse monate

Diphathi tse sa laoleheng

Bar 13:13; Gal 5:​19, 21; 1Pe 4:3

Sheba le Pr 20:1; 1Ko 10:31

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Dan 5:​1-4, 30—Morena Belshatsare o ile a tahwa ha a ne a entse “mokete o moholo” hoo a ileng a rohaka Jehova mme a fuwa kotlo

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela