Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 96-99
  • Maikutlo a Fosahetseng

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Fosahetseng
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 96-99

Maikutlo a Fosahetseng

Ke maikutlo afe ao Bakreste ba lokelang ho a qoba?

Ho halefa

Ps 37:​8, 9; Pr 29:22; Kol 3:8

Sheba le Pr 14:17; 15:18

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 37:​18, 19, 23, 24, 31-35—Bana ba bo Josefa ba ile ba mo hlasela, ba mo rekisa hore e be lekgoba yaba ba thetsa ntate wa bona Jakobo ba re mora wa hae eo a mo ratang o hlokahetse

    • Ge 49:​5-7—Simeone le Levi ba ile ba fuwa kotlo ka lebaka la dintho tse mpe tseo ba ileng ba di etsa ha ba ne ba halefile

    • 1Sa 20:​30-34—Ha Morena Saule a ne a halefile, o ile a rohaka mora wa hae Jonathane mme a leka ho mo bolaya

    • 1Sa 25:​14-17—Nabale le banna bohle ba ntlo ya hae ba ile ba batla ba bolawa hobane a ile a rohaka banna ba Davida

Ho rata diqabang

Baf 2:3; Jak 3:​14-16

Ho ba makwala

2Ti 1:7; Tshe 21:8

Ho ba le pelo e mpe

De 15:​7, 8; Mat 19:8; 1Jo 3:17

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 42:​21-24—Bana ba bo Josefa ba ile ba re ba swabile hore ebe ba ile ba tshwara Josefa hampe

    • Mar 3:​1-6—Jesu o ile a utlwa bohloko ha a hlokomela ka moo Bafirisi ba neng ba le dipelo di mpe ka teng hobane ba ne ba sa utlwele batho bohloko

Ho se hlomphe

Sheba “Ho se Hlomphe”

Ho ikgohomosa

Gal 5:26; Baf 2:3

Sheba le Pr 3:7; 26:12; Bar 12:16

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Sa 15:​1-6—Absalome o ne a ikgohomosa a bile a batla hore batho ba mo rate ho feta ntate wa hae Davida

    • Dan 4:​29-32—Jehova o ile a fa Morena Nebukadnezare kotlo hobane o ne a ikgohomosa

Mona; ho lakatsa dintho tsa batho ba bang

Bar 13:9; 1Pe 2:1

Sheba le Gal 5:26; Tit 3:3

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 26:​12-15—Jehova o ile a hlohonolofatsa Isaka hobane o ne a sebetsa ka thata mme Bafilista ba ile ba qala ho mo monela

    • 1Ma 21:​1-19—Morena Akabe ya kgopo o ile a kgalla tshimo ya Nabothe hoo a ileng a etsa hore a qoswe ka leshano mme a bolawe

Ho tshaba batho

Ps 118:6; Pr 29:25; Mat 10:28

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Nu 13:​25-33—Banna ba leshome bao e neng e le dihlwela tsa Baiseraele ba ile ba tshoha haholo ha ba bona dira tsa bona mme ba etsa hore batho ba bang le bona ba tshohe

    • Mat 26:​69-75—Moapostola Petrose o ne a tshaba batho ke ka hoo a ileng a latola Jesu ka makgetlo a mararo

Ho ba meharo

Sheba “Ho ba Meharo”

Lehloyo

Pr 10:12; Tit 3:3; 1Jo 4:20

Sheba le Nu 35:​19-21; Mat 5:​43, 44

Boikaketsi

Sheba “Boikaketsi”

Mona

Sheba “Mona”

Ho ba botswa

Pr 6:​6-11; Moe 10:18; Bar 12:11

Sheba le Pr 10:26; 19:15; 26:13

Ho rata tjhelete le maruo

Mat 6:24; 1Ti 6:10; Heb 13:5

Sheba le 1Jo 2:​15, 16

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Job 31:​24-28—Jobo e ne e le morui empa o ne a rata Jehova ho feta maruo a hae

    • Mar 10:​17-27—Monna e mong o ne a rata maruo a hae haholo hoo a neng a sa batle ho a tlohela e le hore e be molatedi wa Jesu

Lehloyo le tsamaisanang le ho halefa

1Sa 30:6; Ef 4:31; Kol 3:19

Sheba le Jak 3:14

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Ob 10-14—Jehova o ile a fa Baedomo kotlo hobane ba ne ba hloile bana ba bo bona e leng Baiseraele

Ho iketelletsa pele

Sheba “Ho Iketelletsa Pele”

Boikgohomoso; boikakaso

Sheba “Boikgohomoso”

Ho rata dikgang

Pr 26:20; 1Ti 3:​2, 3; Tit 3:2

Sheba le Pr 15:18; 17:14; 27:15; Jak 3:​17, 18

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 13:​5-9—Badisa ba Abrahama le badisa ba Lota ba ile ba qabana empa Abrahama o ile a etsa hore ho be le kgotso pakeng tsa bona

    • Bhl 8:​1-3—Banna ba Efraime ba ne ba batla ho lwantsha Moahlodi Gideone empa o ile a etsa hore ho be le kgotso pakeng tsa bona hobane o ne a ikokobeditse

Borabele

1Sa 15:23; Ju 4, 8, 10, 11

Sheba le De 21:​18-21; Ps 78:​7, 8; Tit 1:10

Ho nka hore o lokile ho feta batho ba bang

Moe 7:16; Mat 7:​1-5; Bar 14:​4, 10-13

Sheba le Esa 65:5; Lu 6:37

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 12:​1-7—Seo Bafarisi ba ileng ba se bua ho Jesu se ne se bontsha hore ba ne ba nka ba lokile ho feta batho ba bang

    • Lu 18:​9-14—Jesu o ile a etsa papiso e bontshang hore Modimo ha a batle batho ba nkang hore ba lokile ho feta ba bang

Ho ba manganga

Jer 13:10

Sheba le Jer 7:​23-27; Zak 7:​11, 12

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Kr 36:​11-17—Tsedekia e ne e le morena ya kgopo a bile a le manganga mme seo se ile sa etsa hore setjhaba sohle se fuwe kotlo

    • Dik 19:​8, 9—Moapostola Pauluse o ile a tlohela ho bolella batho ba manganga ditaba tse monate

Ho se tsotelle maikutlo a batho ba bang

Mar 7:​21-23; Ef 5:17

Sheba le 1Pe 2:15

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Sa 8:​10-20—Baiseraele ba ile ba hana ho mamela ha moprofeta Samuele a ba bolella hore ba se ke ba ipatlela morena

    • 1Sa 25:​2-13, 34—Banna bohle ba ntlo ya Nabale ba batlile ba bolawa hobane a ne a hana ho thusa Davida

Ho se tshepe batho ba bang le ho ba qosa

Job 1:​9-11; 1Ti 6:4

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • 1Sa 18:​6-9; 20:​30-34—Morena Saule o ne a belaela hore Davida ha a mo tshepahalle mme o ile a leka ho etsa hore Jonathane a mo fetohele

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela