Tse ka Hare
3 Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata Myanmar
BEKE YA LA 3-9 SEPTEMBER, 2018
7 Ha e le Hantle o Batla ho ba Motswalle wa Mang?
Batho ba bangata matsatsing ana ba itjhebetse feela ho tlotliswa. Sehloohong sena, re tla tshohla mabaka ao ka ona re ka sebetsang ka thata hore re tsejwe ke motho wa bohlokwa ka ho fetisisa e leng Jehova. Re tla boela re ithute ka moo a putsang bahlanka ba hae kateng. Re tla be re bone hore na ebe Jehova o putsa bahlanka ba hae jwang ka tsela eo ba sa e lebellang.
BEKE YA LA 10-16 SEPTEMBER, 2018
12 Mahlo a Hao a Tadimile Hokae?
Sehloohong sena, re tla bona hore na keng e ileng ya etsa hore monna ya neng a tshepahala Moshe, a se ke a qetella a finyelletse Lefatsheng le Tshepisitsweng. Re tla boela re thuswe ho bona ka moo re ka qobang ho wela lerabeng le tshwanang le leo Moshe a ileng a wela ho lona.
BEKE YA LA 17-23 SEPTEMBER, 2018
17 “Ke Mang ya ka Lehlakoreng la Jehova?”
BEKE YA LA 24-30 SEPTEMBER, 2018
Jehova o a tshwaneleha hore e be monnga rona. Ka hoo, o batla re mo fe boinehelo bo kgethehileng. Le ha ho le jwalo, ba bang ha ba phelele boinehelo ba bona ka hore ba se ke ba tshepahalla Modimo. Sehloohong sa pele ho tsena tse pedi, re tla ithuta hore na Bibele e reng ka Kaine, Solomone, Moshe le Arone. Ebe sehloohong sa bobedi teng, re ithuta ditsela tse sa tshwaneng tseo ka tsona re ka bontshang hore re ananela monyetla ona oo Jehova a re fileng ona wa ho ba bahlanka ba hae.
27 Qenehela “Batho ba Mefuta Yohle”