LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp19 No. 1 maq. 4-5
  • Lebitso la Modimo ke Mang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Lebitso la Modimo ke Mang?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BOHLOKWA BA HO TSEBA LEBITSO LA MODIMO
  • LEBITSO LA MODIMO LE BOLELANG?
  • Lebitso La Modimo
    Fadimehang!—2017
  • Jehova o Phahamisa Lebitso la Hae
    Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Modimo ke Mang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
wp19 No. 1 maq. 4-5

Lebitso La Modimo Ke Mang?

Ha o batla ho tseba motho, ntho ya pele eo o mmotsang yona ke lebitso la hae. Ha o ne o ka botsa Modimo hore na lebitso la hae ke mang, o ne a tla reng?

“Ke nna Jehova. Ke lona lebitso la ka.”—Esaia 42:8.

Na o qala ho utlwa lebitso lee? E ka nna yaba ho jwalo, hobane ha se hangata bafetoledi ba bangata ba Bibele ba sebedisang lebitso la Modimo, athe ba bang bona, ha ba le sebedise ho hang. Bakeng sa lona ba sebedisa “MORENA.” Le ha ho le jwalo, ha ho ne ho ngolwa Bibele lebitso la Modimo le ne le hlaha ka makgetlo a ka bang 7 000. Lebitso leo le na le ditlhaku tse nne tsa Seheberu e leng YHWH kapa JHVH mme haesale le ngolwa e le “Jehova” ka Sesotho.

Lebitso la Modimo ka Seheberu Meqolong ya Lewatle le Shweleng

Moqolo wa Dipesaleme wa Lewatle le Shweleng Mehleng ya Jesu, HEBREW

Lebitso la Modimo ka English, phetolelong ya Tyndale ya Bibele

Phetolelo ya Tyndale 1530, ENGLISH

Lebitso la Modimo ka Spanish Bibeleng ya Reina-Valera version

Reina-Valera version 1602, SPANISH

Lebitso la Modimo Bibeleng ya Chinese ya Union Version

Union Version 1919, CHINESE

Lebitso la Modimo le hlaha hangata Mangolong a Seheberu le diphetolelong tse ding

BOHLOKWA BA HO TSEBA LEBITSO LA MODIMO

Lebitso leo ke la bohlokwa ho Modimo. Ha hona motho ya fileng Modimo lebitso lena, empa o iphile lona. Jehova o ile a re: “Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetswang, mme sena ke sehopotso sa ka ho isa molokong o mong ka mora o mong.” (Exoda 3:15) Ka Bibeleng, lebitso la Modimo le hlaha ka makgetlo a mangata ho feta ditlotla tse kang, Ya Matla Ohle, Ntate, Morena le Modimo, hape le hlaha ka makgetlo a mangata ho feta mabitso a batho ba kang, Abrahama, Moshe, Davida le Jesu. Ho feta moo, Jehova o batla hore re tsebe lebitso la hae. Bibele e re: “E le hore batho ba ka tseba hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, wena o le mong o ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.”—Pesaleme ya 83:18.

Lebitso leo ke la bohlokwa ho Jesu. Thapelong e bitswang Ntate wa rona ya mahodimong kapa ya Morena, Jesu o ile a ruta balatedi ba hae hore ba rapele ka matla ba re: “Lebitso la hao le ke le halaletswe.” (Matheu 6:9) Jesu le yena o ile a rapela Modimo a re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” (Johanne 12:28) Jesu o ile a etsa hore ho halaletsa lebitso la Modimo ebe ntho e tlang pele bophelong ba hae, ka lebaka leo, o ile a rapela a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao mme ke tla le tsebahatsa.”—Johanne 17:26.

Lebitso leo ke la bohlokwa ho batho ba tsebang Modimo. Bahlanka ba Modimo ba nakong e fetileng ba ne ba tseba hore e le hore ba sireletsehe, ba ne ba lokela ho sebedisa lebitso la Modimo. “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ya lokileng o balehela ho lona mme o fuwa tshireletso.” (Liproverbia 18:10) “E mong le e mong ya ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Joele 2:32) Bibele e bontsha hore lebitso la Modimo le tla kgetholla batho ba mo sebeletsang. “Etswe ditjhaba tsohle di tla tsamaya se seng le se seng ka lebitso la modimo wa sona; empa re tla tsamaya ka lebitso la Jehova Modimo wa rona ho isa nakong e sa lekanyetswang, esita le ka ho sa feleng.”—Mikea 4:5; Liketso 15:14.

LEBITSO LA MODIMO LE BOLELANG?

Ka ho kgetheha, le kgetholla Modimo. Meqolo e mengata e bontsha hore lebitso la Jehova le bolela hore “O Etsa Hore ho be.” Jehova o ile a fana ka dintlha tse hlalosang lebitso la hae ha a ne a bua le Moshe a re: “Ke Tla ba Seo ke tla ba Sona.” (Exoda 3:14) Lebitso la Modimo le bolela hoo fetang feela hore ke Mmopi wa dintho tsohle tse teng. Lebitso la hae le hlalosa bokgoni ba hae ba ho iketsa le ho etsa hore popo ya hae e etse ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang. Le hoja ditlotla di hlalosa feela boemo ba Modimo le matla a hae, lebitso la hae lona e leng Jehova, le hlalosa seo a leng sona le seo a ka bang sona.

Lebitso la Modimo le bontsha hore o a re kgathalla. Lebitso la Modimo le bontsha boikutlo bo mofuthu boo a nang le bona ka dintho tseo a di bopileng ho akarelletsa le rona. Ho feta moo, taba ya hore Modimo o re tsebisitse lebitso la hae e bontsha hore o batla hore re mo tsebe. Ebile ke yena ya nkileng mohato wa pele ho re tsebisa lebitso la hae le pele re ka batla ho le tseba. Ho hlakile hore Modimo o batla hore re mo nke e le motho wa sebele eo re ka atamelang haufi le yena, eseng e le Modimo ya hole le batho le ya sa tsebahaleng hantle hore na ke mang.—Pesaleme ya 73:28.

Ha re sebedisa lebitso la Modimo re bontsha hore na re ikutlwa jwang ka yena. Ka mohlala, o ka nna wa kopa motho eo o batlang hoba motswalle wa hae hore a o bitse ka lebitso la hao. O ne o ka ikutlwa jwang haeba motho eo a sa batle ho o bitsa ka lebitso? O ne o ka nna wa ipotsa hore na motho eo o batla hoba motswalle wa hao kapa tjhe. Ka tsela e tshwanang, le Jehova a ka nna a ipotsa potso eo. Jehova o jwetsitse batho lebitso la hae mme o kgothalletsa batho hore ba le sebedise. Ha re le sebedisa re bontsha Jehova hore re batla ho atamela haufi le yena, hobane o bona ba “nahanang ka lebitso la hae”!—Malakia 3:16.

Ho ithuta lebitso la Modimo ke ntho ya pele eo o ka e etsang e le hore o mo tsebe. Empa ha ho felle moo, re tlameha ho tseba monga lebitso. Re lokela ho tseba hore na ke motho ya jwang.

LEBITSO LA MODIMO KE MANG? Lebitso la Modimo ke Jehova. Lebitso leo ka ho kgetheha le kgetholla Modimo e le motho ya ka phethahatsang morero wa hae

MODIMO O BOPUWE KE MANG?

Ena ke potso eo batho ba bangata ba ipotsang yona. Mohlomong le wena o kile wa ipotsa yona. O ka nna wa ipotsa wa re: ‘Haeba hona le motho ya bopileng lehodimo le lefatshe le dintho tsohle tse ho tsona, jwale ke mang ya bopileng Modimo?’

Borasaense le bona ba a dumela hore lehodimo le lefatshe di na le qalo. Seo ba se buang se dumellana le Bibele ha e re: “Tshimolohong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.”—Genese 1:1.

Lehodimo le lefatshe ha di a iketsa, ebile ho ne ho ke ke ha kgoneha hore di iketse. E le hore ntho ebe teng, ho lokela hore hobe le motho ya e etsang. Haeba ho sena mmopi, ho ka be ho sena dintho tsohle tseo re di bonang ho akarelletsa le rona. Ka hoo, ho na le mmopi! Eo e seng motho wa nama le madi jwalo ka rona hape o matla ohle mme lebitso la hae ke Jehova.—Johanne 4:24.

Bibele ha e bua ka Modimo e re: “Pele dithaba di tswalwa, kapa o qala ho hlahisa lefatshe le naha e behang jwalo ka ha eka ke ka bohloko ba pelehi, esita le ho tloha nakong e sa lekanyetswang ho isa nakong e sa lekanyetswang o Modimo.” (Pesaleme ya 90:2) Ka lebaka leo, Modimo haesale a le teng. Yaba “tshimolohong,” o bopa lehodimo le lefatshe.—Tšenolo 4:11.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share