Ho Na Le Tshepo Efe Ka Bafu?
Lefu le re ama kaofela. Empa na le tla ke le fele? Na Modimo o lebetse bafu? Na hona le tshepo ka bafu?
SEO BIBELE E SE RUTANG:
MODIMO HA A LEBALA BAFU
‘Bohle ba mabitleng a kgopotso ba tla . . . tsoha.’—Johanne 5:28, 29.
Modimo o hopola bafu mme o tla tsosa bohle ba mohopolong wa hae.
HO TLA BA LE TSOHO LEFATSHENG
“Ho tla ba le tsoho ya ba lokileng le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
Batho ba bangata ba tla tsoswa mme ba tla ba le tshepo ya ho phela lefatsheng ka ho sa feleng.
TSOHO YA BAFU KE NNETE
“[Modimo] o bala palo ya dinaledi; kaofela ha tsona o di bitsa ka mabitso a tsona.”—Pesaleme ya 147:4.
Haeba Modimo a kgona ho bitsa dinaledi ka mabitso, ho ke ke ha eba thata hore a tsose bafu.