PALE YA BOPHELO
Tsela eo ke Hodisitsweng ka Yona e Entse Hore ke Hatele Pele
NOKA e kgolo ya Niger e neng e ka ba bophara ba dikhilomithara tse 1.6, e ne e ja ditlhokwa mme e phalla ka sekgahla lefifing la boja ntja. Ka ha Ntwa ya Selehae mona Nigeria e ne e ntse e kupa, ho ne ho le kotsi ho tshela noka ena ya Niger. Ho ntse ho le jwalo, re ile ra lokela ho ipeha kotsing ka makgetlo. Ha e le hantle ho tlile jwang hore ke be boemong boo? E reng nke ke le pheteleng se etsahetseng ho tloha le pele ke hlaha.
Ntate wa ka John Mills o ile a kolobetswa ka 1913 kwana New York City, a le dilemo di 25. Morabo rona Russell e ne e le yena ya fanang ka puo ya kolobetso. Nakwana ka mora moo, Papa o ile a fallela Trinidad, e leng moo a ileng a nyala Moithuti e mong wa Bibele ya hlwahlwa ya bitswang Constance. Papa o ne a thusana le motswalle wa hae William R. Brown ho bapala “Photo-Drama of Creation.” Ba entse sena ho fihlela ba ha Morabo rona Brown ba abelwa ho ya sebeletsa West Africa ka 1923. Empa Mama le Papa bao e neng e le batlotsuwa, ba ile ba nna ba tswela pele ka mosebetsi ona mona Trinidad.
BATSWADI BA RONA BA NE BA RE RATA
Heso re ne re le bana ba 9 kaofela, bashanyana ba 5 le banana ba 4. Ngwana wa pele o ile a rehellwa ka Morabo rona Rutherford eo ka nako eo e neng e le mopresidente wa Watch Tower Bible and Tract Society. Eitse ha nna ke hlaha ka la 30 December 1922, yaba ke rehellwa ka Morabo rona Clayton J. Woodworth, eo e neng e le mohlophisi wa The Golden Age (e seng e bitswa Fadimehang! hona jwale). Ke nnete hore batswadi ba rona ba ne ba re kenya sekolo sa motheo. Empa ntho eo ka ho kgetheha ba neng ba e hatisa, e ne e le ho sebeletsa Modimo. Mama o ne a na le bokgoni ba ho beha mabaka ka Mangolo. Papa yena o ne a rata hore ha a re phethela dipale tsa Bibele, ebe o sebedisa mmele ohle ho etsa hore tlaleho ya Bibele e phele.
Boiteko ba bona bo ile ba beha ditholwana tse ntle. Bashanyaneng ba 5 lapeng, ba bararo ba rona re ile ra ya Sekolong sa Gileade. Athe dikgaitsedi tsa rona tse tharo tsona, e bile bopulamadiboho ka dilemo tse ngata mona Trinidad and Tobago. Batswadi ba rona ba ile ba etsa hore re mele ka metso “ka tlung ya Jehova” ka lebaka la seo ba ileng ba re ruta sona le mohlala wa bona o motle. Dikgothalletso tsa bona di ile tsa re thusa hore re dule re hatela pele “mabaleng a Modimo wa rona.”—Pes. 92:13.
Heso e ile ya ba setsi sa tshimo. Bopulamadiboho ba ne ba bokanela teng, ebe hangata ba qoqa ka Morabo rona George Young eo e neng e le moromuwa wa Mocanada ya neng a re etetse mona Trinidad. Batswadi ba ka ba ne ba rata ho bua ka ba lelapa la Brown ba kileng ba sebeletsa le bona, ba neng ba se ba le kwana West Africa. Dintho tsena kaofela di ile tsa nsusumelletsa ho ya tshimong ke le dilemo di 10 feela.
DINTHO TSE ILENG TSA ETSAHALA BOTJHENG BA KA
Mehleng eo, dimakasine tsa rona di ne di sa hlathe kwana le kwana. Di ne di pepesa bodumedi ba bohata, borakgwebo ba meharo esita le boradipolotiki ba tletseng bobodu. Sena se ile sa etsa hore ka 1936, moruti a susumetse mmusisi ya neng a tshwere mokobobo mona Trinidad, hore a thibele dingolwa tsa Watch Tower. Re ile ra pata dingolwa mme ra nna ra di sebedisa ho fihlela di se di fedile. Re ne re etsa mekoloko ka dibaesekele, re ngotse molaetsa wa Bibele diplakateng. Re ne re bile re sebedisa koloi e faselleditsweng sepikara ka hodimo, ho bolela molaetsa ka yona ho tswa toropong ya Tunapuna. Re bolela esita le ho fihla dikarolong tse ka thoko tsa Trinidad. Ho ne ho le monate. Sena se ile sa etsa hore ha ke le 16 feela ke kolobetswe.
Sehlopha sa Tunapuna haufi le koloi e neng e sebediswa ho bolela molaetsa wa Bibele
Tsela eo ke hodisitsweng ka yona le dintho tse ileng tsa etsahala, di ile tsa nkenya takatso ya ho batla ho ba moromuwa. Takatso ena ya ka e ile ya hola ho fihlela ke ya Aruba ho ya joena Morabo rona Edmund W. Cummings ka 1944. Re ile ra thaba haholo ha ho ba le batho ba 10 bao re ba memetseng Sehopotsong ka 1945. Yaba lemo se latelang, phutheho ya pele sehlekehlekeng sena e a thehwa.
Bophelo ba ka bo ile ba ntlafala ka lebaka la ho nyala Oris
Nakwana ka mora moo, ke ile ka bolella mosebetsimmoho le nna ya bitswang Oris Williams molaetsa wa Bibele. Oris o ile a etsa seteraeke e le ha a leka ho emela tumelo ya hae. Le ha ho le jwalo, eitse ha a ntse a ithuta Bibele a bona hore na ha e le hantle Modimo o batla hore a etseng. Yaba o a kolobetswa ka la 5 January 1947. Ha nako e ntse e ya, re ile ra ba maratong mme ha morao ra nyalana. Oris o ile a qala ho phayona ka November 1950. Bophelo ba ka bo ile ba ntlafala ka lebaka la Oris.
MOSEBETSI WA BOBOLEDI O NAMELA LE NIGERIA
Ka 1955 re ile ra memelwa ho ya Sekolong sa Gileade. Re ile ra tlohela mosebetsi e le hore re itlhophisetse ho ya sekolong sena. Re ile ra ba ra rekisa ntlo le dintho tse ding tsa rona mme ra tsamaya Aruba. Yaba ka la 29 July 1956 re a graduata tlelaseng ya bo 27 ya Gileade mme ka mora moo ra abelwa ho ya Nigeria.
Mona re na le lelapa la Bethele le Lagos, Nigeria ka 1957
Ha Oris a hetla morao o re: “Moya o halalelang wa Jehova o ka thusa motho hore a fetofetohe le maemo a bophelo ba ho ba moromuwa. Ho fapana le monna wa ka, atjhe nna ka nnete boromuwa e ne e se ntho tsa ka. Ke ne nka mpa ka ba le ntlo le bana. Empa ke ile ka fetola pono ya ka hang feela ha ke elellwa hore ditaba tse molemo di lokela ho bolelwa ka pelepele. Eitse ha re qeta ho graduata Gileade, ke ne ke se ke itokiseditse ho ba moromuwa. Ha re le mothating wa ho kena sekepeng sa Queen Mary, Worth Thornton a tswa ofising ya Morabo rona Knorr yaba o a re babaisa. O ile a re bolella hore re ilo sebeletsa Bethele. Yaba ke a fehelwa mme ke re, ‘Basadi wee!’ Empa ka pelenyana ka rata Bethele ka ba ka qetella ke se ke sebeletsa mafapheng a fapafapaneng. Mosebetsi oo ke neng ke o rata ka ho fetisisa e ne e le ho sebetsa resepshineng. Ka ha ke rata batho, mosebetsi ona o ne o hlile o nkopanya le bara le baradibabo rona ba Nigeria. Ba bangata ba ne ba fihla resepshineng ba le lerwele, ba kgathetse, ba nyorilwe ba bile ba lapile. Ke ne ke thabela ho ba kgothatsa le ho ba lokisetsa tse yang ka maleng. Ke ne ke utlwisisa hore ke tshebeletso e halaleng ya Jehova mme e ne e ntlhatswa pelo.” Ka sebele dikabelo tsohle tsa rona di ile tsa etsa hore re hatele pele.
Ha lelapa le ne le kopane bakeng sa mmoka kwana Trinidad ka 1961, Morabo rona Brown o ile a re phethela dintlha tse kgothatsang tsa Africa. Yaba nna ke ba phethela ka keketseho e Nigeria. Morabo rona Brown a fihla a nkopa ka matsoho yaba o re ho Papa: “Johnny, wena ha o so ka o ya Africa, empa ke mona Woodworth yena o sa tswa teng!” Papa a ba re: “Tshwara tsoho leo Worth! Tshwara tsoho leo!” Dintlha tsena tse kgothatsang di ile tsa fehla takatso ya ka le ho feta ya ho batla ho fihlella ho hongata tshebeletsong.
William “Bible” Brown le mosadi wa hae Antonia, ba ile ba re kgothatsa haholo
Yaba ka 1962, ke abelwa ho ya fumana kwetliso tlelaseng ya bo 37 ya Gileade, ka dikgwedi tse 10 kaofela. Morabo rona Wilfred Gooch eo e neng e le molebedi wa lekala la Nigeria ka nako eo, yena a ya tlelaseng ya bo 38 mme ka mora moo a abelwa ho ya England. Ke ile ka abelwa ho ba molebedi wa lekala la Nigeria. Ke ile ka tsamaya mehatong ya Morabo rona Brown mme ka etela bara le baradibabo rona ba bangata mona Nigeria. Ba ne ba futsanehile, ba se na dintho tseo batho ba bang ba neng ba na le tsona. Le ha ho le jwalo, ba ne ba thabile, ba kgotsofetse, e leng se neng se bontsha hore thabo le kgotsofalo ha di ya itshetleha ka dintho tseo motho a ka bang le tsona. Ho latela maemo a bona, ho ne ho babatseha ho ba bona ba hlwekile, ba le makgethe ha ba tla dibokeng. Teng ha e le nako tsa dikopano ha re sa bua, ba ne ba tla ka bongata, ba bangata ba fihla ka dilori le dikoloi tse kang dibese tjena tse bulehileng mahlakoreng mona. Hangataa dibese tsena di ne di ngotswe mapetjo a monate. Le leng la ona le ne le re: “Marothodi a manyane a metsi a ka tlatsa lewatle.”
Lepetjo leo ke nnete hakaakang! Ho bohlokwa hore motho a etse boiteko bo itseng. Ke ka hona le rona re ileng ra bapala karolo ya rona. Ka 1974, Nigeria e ile ya ba naha ya pele ka ntle ho United States e ileng ya fihlella palo ya bahweletsi ba 100 000. Ho hlakile hore mosebetsi o ne o hatetse pele.
Le ha mosebetsi o ntse o tswela pele hantle tjena, Ntwa ya Bana ba Thari e ile ya qhoma Nigeria ho tloha ka 1967 ho fihlela ka 1970. Bara le baradibabo rona ba Biafran ka nqane ho Noka ya Niger, ba ile ba thibelwa ho tla ofising ya lekala. Jwale re ne re lokela ho ba isetsa dingolwa. Jwalo ka ha re se re tjholo qalong ya pale ya rona, re ile ra tshela noka ena ka makgetlokgetlo ka thuso ya Jehova.
Ke sa ntsane ke hopola hantle hore na ho ne ho le kotsi hakae ho tshela noka ya Niger. E ne e le ho beha bophelo kotsing etswe masole a moo a ne a se na botho. Re ne re bile re le kotsing ya ho tshwarwa ke mafu le dintho tse ding tse kotsi. Ho ne ho le kotsi ho feta hara masole ana a kgopo. Empa ho ne ho le kotsi le ho feta ho fetela ka nqane ho Biafran. Ka le leng ke ile ka lokela ho tsamaya bosiu le ho tshela Noka ya Niger ka seketswana se tswang Asaba se yang Onitsha. Ke ne ke ilo kgothatsa balebedi ba mafapha kwana Enugu. Leetong le leng leo re ileng ra le nka ho ya kgothatsa baholo kwana Aba, re ile ra fumana ba boholong pusong ba timme motlakase. Ha re le Port Harcourt, masole a mmuso a ile a hlasela Biafran yaba jwale re lokela ho etsa thapelo e kwalang le hoja e ne e so ka e ba nako ya hore seboka se tswe.
Ruri diboka tsena di fihlile hantle ka nako e nepahetseng. Di ile tsa kgodisa bara le baradibabo rona hore Jehova o a ba rata le hore o tla ba hlokomela. Tsa boela tsa ba kgothalletsa hore ba se ke ba kenella merusung ena empa ba dule ba le bonngweng. Bara le baradibabo rona ba Nigeria, ba ile ba peselletsa ho fihlella qetellong. Ba ile ba bontsha lerato hara lehloyo le neng le fetelletse mme ba boloka bonngwe ba Bokreste. Ke a thaba hore ebe ke ile ka inwesa ka nkgo mme ka bona ha bana bao babo rona ba sa suthe tumelong.
Ka 1969, Morabo rona Milton G. Henschel e ne e le modulasetulo Kopanong ya Matjhaba ya “Kgotso Lefatsheng” e neng e le Yankee Stadium, New York. Ke ile ka ithuta ho hongata ho yena ka ha ke ne ke le mothusi wa hae. Sena se ile sa nthusa haholo hobane ka 1970, re ile ra ba le Kopano ya Matjhaba Lagos, Nigeria ya sehlooho se reng “Batho ba Kgahlang Modimo.” Re ile ra bona tlhohonolofatso ya Jehova ka hore ebe kopano ena e ile ya atleha, hobane e bile nakwana feela ka mora ntwa ya bana ba thari. Kopano ena e ile ya itlhoma pele ka palo ya ba 121 128 ba bileng teng mme e tshwerwe ka dipuo tse 17. Morabo rona Knorr, Morabo rona Henschel le baeti ba bang ba neng ba tlile kopanong ba tswa United States le England, ba ile ba tsota bongata bo bokanakana bo ileng ba kolobetswa. Ba 3 775 ba ileng ba kolobetswa, ba ne ba etsa palo e kgolo ka ho fetisisa haesale ho tloha ka Pentakonta. Ke ne ke qala ho phathahana hakaalo bophelong ha ke ntse ke lokiselletsa ketsahalo ena. Ke ne ke qala ho bona keketseho e kaalo.
Mona ke Kopanong ya Matjhaba ya sehlooho se reng “Batho ba Kgahlang Modimo.” Batho ba ileng ba ba teng ba ne ba le 121 128 ka dipuo tse 17 ho akarelletsa le Seibo
Dilemong tse fetang 30 ke sebeletsa Nigeria, ke ile ka thabela ho ba molebedi ya tsamayang le ho etela lekala le West Africa. Baromuwa ba ile ba thaba haholo ha ba fumana dikgothatso. Ke ne ke ye ke ba tiisetse hore ha ba bang. Tshebeletso ena e nrutile hore ha o bontsha batho hore o a ba kgathalla, seo se tla ba thusa hore ba hatele pele, ba be matla hape ba dule ba le bonngweng.
Jehova ke yena ya re thusitseng hore re mamelle ntwa ya selehae le ho kula. Ka mehla o ne a re hlohonolofatsa. Oris o di beha tjena:
“Re ile ra tshwarwa ke malaria ka makgetlo. Boemong bo bong, Worth o ile a iphumana a le sepetlele sa Lagos a sa ikutlwe le ho ikutlwa. Yaba dingaka di re ho ka etsahala hore a se ke a phela, empa ka lehlohonolo a phela. Eitse hang feela ha a iphumana, a bolella nese e neng e mo hlokometse ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo. Ha morao, nna le Worth ra ya ho Monghadi Nwambiwe e leng nese yane, e le hore re bone hore na takatso ya ho ithuta Bibele e ntse e le teng na. O ile a amohela nnete mme ha morao ya ba moholo phuthehong e nngwe ya Aba. Le nna ke ile ka atleha ho thusa ba bangata, ho akarelletsa Mamoseleme a popota hore e be Dipaki Tsa Jehova. Re ile ra thabela ho tseba le ho rata batho ba Nigeria, ho ithuta setso, ditlwaelo le puo ya bona.”
Ntho e nngwe eo ke ileng ka ithuta yona ke ena: E le hore re hatele pele kabelong ya rona, re ile ra lokela ho ithuta ho rata bara le baradibabo rona ho sa tsotellehe setso sa bona.
DIKABELO TSE NTJHA
Ka mora ho sebeletsa Bethele e Nigeria, ka 1987 re ile ra fuwa kabelo ya ho ba baromuwa sehlekehlekeng se setle sa St. Lucia se Caribbean. E ne e le kabelo e kgathollang, empa e na le diphephetso tse ngata. Ho fapana le Africa, moo monna a neng a nyala sethepu, mona St. Lucia bothata ke hore monna le mosadi ba ne ba ka dula mmoho ba sa nyalana ka molao. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la matla a Lentswe la Modimo, batho ba bangata ba ile ba etsa diphetoho tse hlokehang.
Haesale ke rata Oris dilemong tsohle tse 68 tseo re di qetileng re nyalane
Eitse ha re fellwa ke matla ka lebaka la botsofadi, Sehlopha se Busang sa re isa ntlokgolo e Brooklyn, New York, U.S.A ka 2005. Ha ke phetse ho leboha Jehova ka ho mpha Oris. Oris o ile a hlokahala ka 2015 mme esita le hona jwale ke ntse ke mo hlolohelwa. E ne e le mosadi wa sebele le ya lerato. Ke ne ke dula ke mo rata dilemo tsohle tse 68 tseo re di qetileng lenyalong. Re ile ra fumana hore senotlolo sa ho atleha, ebang ke lenyalong kapa ka phuthehong, ke ho hlompha bohlooho, ho tshwarela ka bolokolohi, ho dula o ikokobeditse le ho bontsha ditholwana tsa moya.
Ha re ne re tobana le dintho tse nyahamisang, re ne re kopa Jehova a re thuse hore re dule re tshepahala. Ha re ntse re ithuta maemo a matjha dikabelong tsa rona, dintho di ne di re tsamaela hantle. Le ha ho le jwalo, re ne re tseba hore dikgolo di sa tla.—Esa. 60:17; 2 Bakor. 13:11.
Kwana Trinidad and Tobago, Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi wa batswadi ba ka hoo ho latela dipalopalo tsa moraorao, batho ba 9 892 e ileng ya ba Dipaki Tsa Jehova. Aruba teng, bara le baradibabo rona ba ile ba nna ba tshwara ka thata ho thusa phutheho eo nkileng ka ba ho yona. Hona jwale sehlekehleke seo, se na le diphutheho tse 14. Athe Nigeria teng, palo ya bahweletsi e nyolohetse ho 381 398. Sehlekehleke sa St. Lucia sona se na le Dipaki Tsa Jehova tse 783.
Hona jwale ke dilemong tsa bo 90. Ha Pesaleme ya 92:14 e bua ka batho ba metseng ka metso ntlong ya Jehova, e re: “Ba tla nne ba atlehe nakong ya bohloohoputswa, ba tla tswela pele ba nonne mme ba le batjha.” Tshebeletso ya Jehova e entse hore ke thabele bophelo. Tsela eo ke hotseng ka yona e nthusitse hore ke sebeletse Jehova ka botlalo. Jehova o nthusitse hore ke hatele pele “mabaleng a [hae.]”—Pes. 92:13.