Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • wp20 No. 3 leq. 13
  • Batho ba Thusang ba Bang ba Tla Fumana Ditlhohonolofatso dife?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Thusang ba Bang ba Tla Fumana Ditlhohonolofatso dife?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • KE ENG SEO MANGOLO A HALALELANG A SE BUANG?
  • HO BOLELANG HO THUSA MOTHO YA HLOKANG?
  • Papiso ya Mosamaria ya Molemo
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
wp20 No. 3 leq. 13
Monna o sebedisa mmapa ho thusa motho ya lahlehileng ho fumana tsela.

Na o ka thusa batho ba bang ho sa tsotellehe dilemo tsa bona, ditso tsa bona le bodumedi ba bona?

Batho ba Thusang ba Bang ba Tla Fumana Ditlhohonolofatso dife?

Batho ba bangata lefatsheng kaofela ha ba na dijo le moo ba ka dulang teng. Ba bang ha ba na tshepo ya hore dintho di tla loka. Boiteko ba rona ba ho thusa batho ba jwalo bo tla etsa hore Modimo a re amohele mme a re hlohonolofatse.

KE ENG SEO MANGOLO A HALALELANG A SE BUANG?

“Ya bontshang mohau ho ya tlaase o adima Jehova, mme o tla mo buseletsa tshwaro ya hae.”​—LIPROVERBIA 19:17.

HO BOLELANG HO THUSA MOTHO YA HLOKANG?

Jesu o ile a bua ka pale e nngwe ya monna ya ileng a otlwa ke mashodu yaba ba mo siya moo a le makgatheng a ho shwa. (Luka 10:29-37) Ho ile ha fihla monna e mong ya neng a sa tsebe monna eo mme o ile a mo thusa mme a tlamisa maqeba a hae. Monna eo o ile a mo thusa le hoja ba ne ba sa tswe morabeng o tshwanang.

Monna eo ha a ka a thusa monna ya lemetseng ka hore a mo tlamise maqeba le ho mo fa dintho tseo a di hlokang feela, empa o ile a boela a mo tshedisa le ho mo imolla bohlokong boo a neng a bo utlwile.

Re ithutang paleng ee? Ha Jesu a ne a bua ka pale ena, o ne a re hlokomedisa hore re lokela ho thusa batho ka dintho tseo ba di hlokang. (Liproverbia 14:31) Mangolo a Halalelang a re ruta hore haufinyane Modimo o tla fedisa ho sotleha le mathata ohle a re hlahelang. Empa re ka nna ra ipotsa hore Modimo o tla etsa dintho tsena neng le hore na jwang? Sehlooho se latelang se tla bua ka ditlhohonolofatso tseo Mmopi wa rona ya lerato a re tshepisang tsona.

“LE KA MOHLA MODIMO HA A SO NTLOHELE”!

Pale ya monna ya tswang Gambia

“Ha ke ne ke fihla Europe ke ne ke se na letho, ke sena mosebetsi, tjhelete le moo nka dulang teng. Ke ile ka ithuta dithuto tse ka Mangolong a Halalelang mme seo se ile nthusa hore ke be le dintho tse mmalwa, ke sebetse ka thata le ho thusa batho ba bang ho e na le ho dula ke kopa bona hore ba nthuse. Le ka mohla Modimo ha a so ntlohele mme ke ile ka bona ditlhohonolofatso tsa hae!”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela