Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwbr17 April maq. 1-9
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
  • Dihloohwana
  • 3-9 APRIL
  • 10-​16 APRIL
  • 17-​23 APRIL
  • 24-​30 APRIL
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
mwbr17 April maq. 1-9

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

3-9 APRIL

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 17-​21

“Dumella Jehova Hore a Bope Monahano wa Hao le Boitshwaro ba Hao”

(Jeremia 18:1-4) Lentswe le ileng la hlaha ho Jeremia le tswa ho Jehova, le re: 2 “Ema, o theohele ntlong ya sebopi, mme ke tla etsa hore o utlwe mantswe a ka moo.” 3 Ka theohela ntlong ya sebopi, mme se ne se sebeletsa hodima mabidi a sebopi sa letsopa. 4 Sejana seo se neng se se etsa ka letsopa se ile sa senngwa ke letsoho la sebopi, yaba sea kgutla mme se etsa sejana se seng, feela jwalo ka ha ho ne ho bonahala ho nepahetse mahlong a sebopi hore se etse jwalo.

w99 4/1 22 ¶3

Ke Mang ya Bopang Monahano wa Hao?

Re lokela ho bontsha boikemisetso le boikokobetso e le hore re rue molemo tshusumetsong ya Jehova e bopang, e ileng ya bonahala ka ho hlaka ha Jehova a ne a bolella moprofeta Jeremia hore a etele ntlo eo sebopi sa letsopa se sebeletsang ho yona. Jeremia o ile a bona ha sebopi sa letsopa se fetola maikutlo mabapi le seo se lokelang ho se etsa ka pitsa e nngwe ha seo se neng se leka ho se bopa ‘se sentswe ke letsoho la sebopi sa letsopa.’ Yaba Jehova o re: “Na ha ke kgone ho etsa jwalo ka sebopi sena sa letsopa ho lona, ntlo ya Iseraele? . . . Bonang! Jwalo ka letsopa letsohong la sebopi sa letsopa, le lona le jwalo letsohong la ka, Lona ntlo ya Iseraele.” (Jeremia 18:​1-⁠6) Na seo se ne se bolela hore setjhaba sa Iseraele se ne se tshwana le letsopa le se nang bophelo ka matsohong a Jehova e le hore a se bope kamoo a ratang kateng a se etse pitsa ya mofuta o mong kapa o mong osele?

(Jeremia 18:​5-10) Lentswe la Jehova la boela la hlaha ho nna, la re: 6 “ ‘Na ha ke kgone ho le etsa jwalo ka sebopi see, lona ba ntlo ya Iseraele?’ ho bolela Jehova. ‘Bonang! Jwalo ka letsopa letsohong la sebopi, le lona le jwalo letsohong la ka, Lona ba ntlo ya Iseraele. 7 Ka motsotso ofe kapa ofe ha nka bua kgahlanong le setjhaba le kgahlanong le mmuso hore ke se fothole le ho se heletsa le ho se timetsa, 8 mme setjhaba seo se furalla bobe ba sona boo ke buileng ka bona, ke tla ikutlwa ke swabile ka lebaka la tlokotsi eo ke neng ke nahanne ho e phethisa hodima sona. 9 Empa ka motsotso ofe kapa ofe ha nka bua ka setjhaba le ka mmuso hore ke se hahe le ho se hloma, 10 ebe se etsa se sebe mahlong a ka ka ho se mamele lentswe la ka, ke tla boela ke ikutlwe ke swabile ka lebaka la molemo oo ke ipoleletseng hore ke tla o etsa molemong wa sona.’

it-⁠2 776 ¶4

Pako

Sebopi se ka nna sa etsa mofuta o itseng wa sejana e be ka mora moo se etsa sa mofuta o mong haeba se ‘senyehile ka letsohong la sebopi’. (Jer 18:​3, 4) Jehova o sebedisitse mohlala ona, ho bontsha hore ha a tshwane le sebopi sa motho se ‘senyang ka letsoho’ empa o bontsha hore o na le bolaodi hodima batho, bolaodi boo e leng hore bo fetoha ho latela hore na batho ba arabela jwang tokeng ya hae le moseng wa hae. (Bapisa le Esa 45:⁠9; Bar 9:​19-21.) A ka kgona ho ‘ikutlwa a swabile ka lebaka la tlokotsi eo a neng a nahanne ho e phethisa’ hodima setjhaba, kapa a ‘ikutlwe a swabile ka lebaka la molemo oo a ipoleletseng hore o tla o etsa molemong wa sona,’ ho itshetlehile ka hore na setjhaba se itshwara jwang ho latela ditshebedisano tsa hae le sona. (Jer 18:​5-10) Ha se hore Sebopi se Seholo e leng Jehova, o na le diphoso, empa feela e le batho bao e leng “letsopa” ba “fetofetohang” ho latela maemo a dipelo tsa bona, e be ka mora moo Jehova o a ikwahlaya kapa o fetola maikutlo a hae.

(Jeremia 18:​11) “Jwale ka kopo, e re ho banna ba Juda le ho baahi ba Jerusalema, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! ke etsa tlokotsi kgahlanong le lona mme ke nahana monahano kgahlanong le lona. Ka kopo, furallang, e mong le e mong tsela ya hae e mpe, mme le etse hore ditsela tsa lona le mesebetsi ya lona e be metle.” ’ ”

w99 4/1 22 ¶4-⁠5

Ke Mang ya Bopang Monahano wa Hao?

Ha ho mohla Jehova a sebedisang matla a hae a fetisisang ho etsa hore batho ba etse dintho tseo ba sa di rateng; leha e le hore o a ikarabella bakeng sa dibopuwa tse sa phethahalang, jwalo ka ha ho ka ba jwalo tabeng ya motho eo e leng sebopi sa letsopa. (Deuteronoma 32:⁠4) Bofokodi bo ba teng ha bao Jehova a lekang ho ba bopa ka tsela e nepahetseng ba hana tataiso ya hae. Eo ke phapang e le nngwe e kgolo pakeng tsa hao le letsopa le se nang bophelo. O na le bolokolohi ba ho ikgethela. O sebedisa bolokolohi boo, o ka ikgethela ho arabela tshusumetsong ya Jehova e bopang kapa wa e furalla ka boomo.

Ke thuto e tebileng hakaakang! Ho molemo hakaakang ho mamela lentswe la Jehova ho e na le hore ka boikakaso o tiise ka matla, “Ha ho motho ya ka mpolellang hore na ke etseng”! Kaofela ha rona re hloka tshusumetso ya Jehova e tataisang. (Johanne 17:⁠3) E ba jwalo ka mopesaleme Davida, ya ileng a rapela a re: “Ntsebise ditsela tsa hao, Jehova; Nthute ditsela tsa hao.” (Pesaleme ya 25:⁠4) Hopola seo Morena Solomone a se buileng: “Motho ya bohlale o tla mamela mme a amohele tayo e eketsehileng.” (Liproverbia 1:⁠5) Na o tla mamela? Haeba o etsa jwalo, jwale “matla a ho nahana a tla o lebela, temoho e tla o sireletsa.”​—⁠Liproverbia 2:⁠11.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Jeremia 17:⁠9) Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe mme e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ya ka e tsebang?

w01 10/15 25 ¶13

Sireletsa Pelo ya Hao

13 Jeremia o ile a lemosa: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe mme e tsitlella seo e se batlang.” (Jeremia 17:⁠9) Bolotsana bona ba pelo bo ka iponahatsa ha re emela diphoso tsa rona, re bebofatsa mefokolo, re sireletsa bofokodi bo tebileng kapa re fetelletsa seo re se finyelletseng. Pelo e tsitlellang seo e se batlang e boetse e etsa hore motho a be le dipelo tse pedi​—⁠ka leleme le monate a bue sena, empa diketso di bontshe ho fapaneng. (Pesaleme ya 12:⁠2; Liproverbia 23:⁠7) Ke habohlokwa hakaakang hore re tshepahale ha re hlahloba se tswang ka pelong.

(Jeremia 20:⁠7) O nthetsise, Jehova, hoo ke ileng ka thetseha. O sebedisitse matla a hao kgahlanong le nna, hoo o ileng wa hlola. Ke fetohile ntho e tshehisang letsatsi lohle; e mong le e mong o mphetola ditsheho.

w07 3/15 9 ¶6

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Jeremia

20:7​—⁠Ke ka tsela efe Jehova a ileng a ‘sebedisa matla a hae’ kgahlanong le Jeremia haesita le ho mo thetsa? Ka ha ba ne ba sa tsotelle Jeremia, ba sa mo amohele ba bile ba mo hlorisa ha a phatlalatsa dikahlolo tsa Jehova, e ka nna yaba o ile a nahana hore ha a na matla a hore a tswele pele. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a sebedisa matla a hae kgahlanong le mathata ao, ka tsela eo a matlafatsa Jeremia hore a tswele pele. Kahoo Jehova o ile a thetsa Jeremia ka ho mo sebedisa hore a finyelle seo moprofeta a neng a nahana hore o ne a ke ke a se etsa.

Mmalo wa Bibele

(Jeremia 21:​3-14) Jeremia a re ho bona: “Sena ke seo le tla se bolella Tsedekia, 4 ‘Sena ke seo Jehova Modimo wa Iseraele a se boletseng: “Bonang! ke fetola dibetsa tsa ntwa tse matsohong a lona, tseo le lwantshang morena wa Babylona ka tsona, le Bakalde ba le thibeletseng ka ntle ho lerako, mme ke tla di bokella ka hara motse ona. 5 Ke tla le lwantsha ka letsoho le otlolohileng le ka letsoho le matla le ka bohale le ka kgalefo le ka tlhonamo e kgolo. 6 Ke tla otla baahi ba motse ona, batho le diphoofolo. Ba tla shwa ka lefu le leholo la sewa.” ’ 7 “ ‘ “Ka mora moo,” ho bolela Jehova, “Tsedekia morena wa Juda le bahlanka ba hae le setjhaba le ba phonyohileng lefung la sewa, saboleng le tlaleng motseng ona, ke tla nehelana ka bona letsohong la Nebukadnezare morena wa Babylona, esita le matsohong a dira tsa bona le matsohong a ba batlang meya ya bona, mme ka sebele o tla ba bolaya ka bohale ba sabole. A ke ke a ba utlwela bohloko, leha e le ho bontsha qenehelo kapa ho ba le mohau leha e le ofe.” ’ 8 “O tla re ho setjhaba sena, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! ke beha tsela ya bophelo le tsela ya lefu ka pela lona. 9 Ya dutseng a kgutsitse motseng ona o tla shwa ka sabole le ke tlala le ka lefu la sewa; empa ya tswang mme a wela ho Bakalde ba le thibeletseng o tla dula a phela, mme ka sebele moya wa hae e tla ba wa hae e le thepa e hapuweng.” ’ 10 “ ‘ “Etswe ke tjametse motse ona bakeng sa tlokotsi eseng bakeng sa se molemo,” ho bolela Jehova. “Ho tla nehelanwa ka wona letsohong la morena wa Babylona, mme ka sebele o tla o tjhesa ka mollo.” 11 “ ‘Mabapi le ntlo ya morena wa Juda, utlwang lentswe la Jehova. 12 Lona ba ntlo ya Davida, sena ke seo Jehova a se boletseng: “Hoseng ho hong le ho hong le ahlole ka toka, mme le lopolle ya tlatlapuwang letsohong la molotsana, e le hore kgalefo ya ka e se ke ya tswa jwalo ka mollo mme ya tuka mme ha se ke ha e ba le ya ka e timang ka lebaka la bobe ba mesebetsi ya lona.” ’ 13 “ ‘Bona! ke kgahlanong le wena, mosadi ya dulang kgohlong, Wena lefika la naha e motsitsa,’ ho bolela Jehova. ‘Ha e le lona ba reng: “Ke mang ya tla re futuhela? Ke mang ya tla tla dibakeng tsa rona tsa bodulo?” 14 Ke tla boela ke ahlole ditaba kgahlanong le lona ho ya ka ditholwana tsa mesebetsi ya lona,’ ho bolela Jehova. ‘Ke tla hotetsa mollo morung wa yona, mme ka sebele o tla tjhesa dintho tsohle tse e potolohileng.’ ”

10-​16 APRIL

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 22-​24

“Na o na le ‘Pelo ya ho Tseba’ Jehova?”

(Jeremia 24:​1-⁠3) Jehova a mpontsha, mme bonang! dibaskete tse pedi tsa difeiga tse behilweng ka pela tempele ya Jehova, ka mora hore Nebukadnezare morena wa Babylona a ise kgolehong Jekonia mora wa Jojakime, morena wa Juda, le dikgosana tsa Juda le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le dihahi tsa lerako la tshireletso, ho tswa Jerusalema e le hore a ka ba isa Babylona. 2 Ha e le basketeng e nngwe, difeiga di ne di le ntle haholo, jwalo ka difeiga tse butswang pele; ha e le basketeng e nngwe, difeiga di ne di le mpe haholo, hoo di neng di ke ke tsa jewa ka lebaka la bobe ba tsona. 3 Jehova a re ho nna: “O bonang Jeremia?” Kahoo ka re: “Ke bona difeiga, difeiga tse ntle di ntle haholo,mme difeiga tse mpe di mpe haholo, hoo di ke keng tsa jewa ka lebaka la bobe ba tsona.”

w13 3/15 8 ¶2

“Na o na le ‘Pelo ya ho Tseba’ Jehova?”

2 Ka nako e nngwe Jehova o ile a tshwantsha dipelo le difeiga. Modimo o ne a sa bue ka melemo ya ho ja difeiga. O ne a bua ka tsela ya tshwantshetso. Seo a ileng a se bua a sebedisa moprofeta Jeremia, se ama pelo ya hao le dipelo tsa batho bao o ba ratang. Ha re ntse re tshohla seo a ileng a se bua, nahana hore na sena se ka ama Bakreste jwang.

(Jeremia 24:​4-⁠7) Jwale lentswe la Jehova la hlaha ho nna, la re: 5 “Sena ke seo Jehova Modimo wa Iseraele a se boletseng, ‘Jwalo ka difeiga tsena tse ntle, ke tla tadima jwalo ba isitsweng kgolehong ba Juda, bao ke tla re ba tlohe sebakeng sena ba ye naheng ya Bakalde, ka tsela e ntle. 6 Ke tla ba beha leihlo ka tsela e ntle, mme ka sebele ke tla ba kgutlisetsa naheng ena. Ke tla ba haha, mme nke ke ka ba diha; ke tla ba hloma, mme nke ke ka ba fothola. 7 Ke tla ba fa pelo ya ho ntseba, hore ke nna Jehova; mme e tla ba setjhaba sa ka, mme ke tla ba Modimo wa bona, etswe ba tla kgutlela ho nna ka dipelo tsohle tsa bona.

w13 3/15 8 ¶4

“Na o na le ‘Pelo ya ho Tseba’ Jehova?”

4 Ha Jehova a bua ka ba tshwantshetswang ke difeiga tse ntle o ile a re: “Ke tla ba fa pelo ya ho ntseba, hore ke nna Jehova; mme e tla ba setjhaba sa ka.” (Jer. 24:⁠7) Ena ke temana ya sehlooho sehloohong sena, mme ruri e ya re kgothatsa! Modimo o ikemiseditse ho fa batho ‘pelo ya ho mo tseba.’ Mona “pelo” e amahanngwa le seo motho a leng sona. Ho hlakile hore o batla ho ba le pelo e jwalo le ho ba e mong wa bahlanka ba hae. Dintho tse tla o thusa hore o finyelle seo, di akarelletsa ho ithuta Lentswe la hae le ho sebedisa seo o ithutang sona, ho baka le ho sokoloha, ho nehela bophelo ba hao ho Modimo le ho kolobetswa ka lebitso la Ntate, la Mora le la moya o halalelang. (Mat. 28:​19, 20; Lik. 3:​19) E ka nna yaba o so ntso o nkile mehato eo kapa e ka nna yaba o kopanela le Dipaki Tsa Jehova kamehla mme o mothating wa ho e nka

(Jeremia 24:​8-10) “ ‘Jwalo ka difeiga tse mpe tse ke keng tsa jewa ka lebaka la bobe ba tsona, sena ha e le hantle ke seo Jehova a se boletseng: “Kahoo ke tla nehelana ka Tsedekia morena wa Juda le dikgosana tsa hae le masala a Jerusalema a setseng naheng ena le ba dulang naheng ya Egepeta. 9 Hape ke tla nehelana ka bona hore ba thothomele, tlokotsing, mebusong yohle ya lefatshe, nyedisong le polelong ya maele, sesomong le thohakong, dibakeng tsohle tseo ke tla ba qhalakanyetsa ho tsona. 10 Ke tla romela sabole kgahlanong le bona, tlala le lefu la sewa, ho fihlela ba fela naheng eo ke e fileng bona le baholoholo ba bona.” ’ ”

w13 3/15 8 ¶3

“Na o na le ‘Pelo ya ho Tseba’ Jehova?”

3 A re ke re tshohleng seo Modimo a ileng a se bua mehleng ya Jeremia ka difeiga. Ka 617 pele ho mehla ya Kreste, setjhaba sa Juda se ne se se na kamano e ntle le Modimo. Modimo o ile a bolela hore na ho ne ho tla etsahalang ka moso ka ho etsa tswantshetso ka mefuta e mmedi ya difeiga​—⁠tse “ntle haholo” le tse “mpe haholo.” (Bala Jeremia 24:​1-⁠3.) Difeiga tse mpe di ne di tshwantshetsa Morena Tsedekia hammoho le batho ba bang ba kang yena ba ileng ba tshwarwa hampe ke Morena Nebukadnezare le mabotho a hae. Empa ho ile ha etsahalang ka Ezekiele, Daniele hammoho le metswalle ya hae e meraro e neng e se e le Babylona, hammoho le Bajuda ba bang bao haufinyane ba neng ba tla iswa teng? Ba ne ba tshwana le difeiga tse ntle. Masala a bona a ne a tla kgutla mme a ilo tsosolosa Jerusalema le tempele ya yona. Ka mora nako e itseng, seo se ile sa qetella se phethahetse.​—⁠Jer. 24:​8-10; 25:​11, 12; 29:⁠10.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Jeremia 22:​30) Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ngolang motho enwa e le ya se nang bana, e le monna ya shahlileng ya ke keng a ba le katleho leha e le efe matsatsing a hae; etswe ho bana ba hae ha ho le ya mong ya tla ba le katleho, a dule teroneng ya Davida mme a buse Juda hape.’ ”

w07 3/15 10 ¶9

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Jeremia

22:30​—⁠Na taelo ee e ne e hlakola tokelo ya Jesu Kreste ya ho dula teroneng ya Davida? (Matheu 1:​1, 11) Tjhe. Taelo eo e ne e thibela setloholo leha e le se fe sa Jojakine hore se se ke sa ‘dula teroneng ya Davida . . . e Juda.’ Jesu o ne a lokela ho busa a le lehodimong, e seng a le teroneng e Juda.

(Jeremia 23:​33) “Ha setjhaba sena kapa moprofeta kapa moprista a o botsa, a re, ‘Morwalo wa Jehova keng?’ o tla re ho bona, ‘ “Ke lona​—⁠le morwalo o mokaakang! Ka sebele ke tla le tlohela,” ho bolela Jehova.’

w07 3/15 11 ¶1

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Jeremia

23:33​—⁠“Morwalo wa Jehova” keng? Mehleng ya Jeremia, seo e neng e le morwalo ho batho ba habo e ne e le diphatlalatso tsa bohlokwa tseo moprofeta a ileng a di etsa mabapi le timetso ya Jerusalema. Ka lehlakoreng le leng, batho ba neng ba sa amohele molaetsa e ne e le morwalo ho Jehova hoo a neng a tla ba lahla. Ka ho tshwanang, molaetsa wa Mangolo o buang ka timetso e tlang ya Bokreste mmotwana ke morwalo ho Bokreste mmotwana, mme batho ba sa mameleng molaetsa oo ke morwalo o tenang Modimo.

Mmalo wa Bibele

(Jeremia 23:​25-36) “Ke utlwile seo baprofeta ba profetang leshano ka lebitso la ka ba se buileng, ha ba re, ‘Ke lorile! Ke lorile!’ 26 Ho tla ba halelele hakae dipelong tsa baprofeta ba profetang leshano le bao e leng baprofeta ba ho qhekella ha dipelo tsa bona? 27 Ba nahana ho lebatsa setjhaba sa ka lebitso la ka ka ditoro tsa bona tseo ba ntseng ba di phetelana, feela jwalo ka ha bontata bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka lebaka la Baale. 28 Moprofeta ya lorileng, a ke a phete toro; empa eo lentswe la ka le leng ho yena, a ke a bolele lentswe la ka ka nnete.”“Jwang bo amana kae le dijothollo?” ho bolela Jehova. 29 “Na ka ho tshwanang lentswe la ka ha le jwalo ka mollo,” ho bolela Jehova, “le jwalo ka hamore ya ho kgoba e thuhakanyang lefika?” 30 “Ka hona bonang! ke kgahlanong le baprofeta,” ho bolela Jehova, “ba utswang mantswe a ka, e mong le e mong ho motswalle wa hae.” 31 “Bonang! ke kgahlanong le baprofeta,” ho bolela Jehova, “ba sebedisang maleme a bona hore ba re, ‘Polelo!’ ” 32 “Bonang! ke kgahlanong le baprofeta ba ditoro tsa bohata,” ho bolela Jehova, “ba di phetang le ba etsang hore setjhaba sa ka se lelere ka lebaka la mashano a bona le ka lebaka la ho ithorisa ha bona.”“Empa ha kea ka ka ba roma kapa ka ba laela. Kahoo ho hang ba ke ke ba thusa setjhaba sena,” ho bolela Jehova. 33 “Ha setjhaba sena kapa moprofeta kapa moprista a o botsa, a re, ‘Morwalo wa Jehova keng?’ o tla re ho bona, ‘ “Ke lona​—⁠le morwalo o mokaakang! Ka sebele ke tla le tlohela,” ho bolela Jehova.’ 34 Ha e le moprofeta kapa moprista kapa setjhaba se reng, ‘Morwalo wa Jehova!’ ke tla boela ke lebise tlhokomelo ya ka ho motho eo le ho ba ntlo ya hae. 35 Ke sona seo le ntseng le se bolela e mong le e mong ho wa habo le e mong le e mong ho morabo, ‘Jehova o arabile ka ho reng? Jehova o buileng?’ 36 Empa le se ke la hlola le bolela morwalo wa Jehova, etswe morwalo oo o fetoha lentswe la e mong le e mong, mme le fetotse mantswe a Modimo ya phelang, Jehova wa mabotho, Modimo wa rona.

17-​23 APRIL

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 25-​28

“Le be Sebete Jwalo ka Jeremia”

(Jeremia 26:​2-⁠6) “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ema lebaleng la ntlo ya Jehova, mme o bue malebana le metse yohle ya Juda e tlang ho tla inama ka tlung ya Jehova mantswe ohle ao ke tla o laela hore o e bolelle ona. O se ke wa fokotsa lentswe leha le le leng. 3 Mohlomong ba tla mamela mme ba kgutle, e mong le e mong tseleng ya hae e mpe, mme ke tla lokela ho ikutlwa ke swabile bakeng sa tlokotsi eo ke nahanang ho e phethisa hodima bona ka lebaka la bobe ba mesebetsi ya bona. 4 O tla re ho bona: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Haeba le sa mmamele ka hore le tsamaye molaong wa ka oo ke o behileng ka pela lona, 5 ka hore le mamele mantswe a bahlanka ba ka baprofeta, bao ke ba romelang ho lona, ke tsoha hoseng ke ba romela, bao le sa kang la ba mamela, 6 le nna ke tla etsa hore ntlo ena e be jwalo ka e Shilo, mme ke tla etsa hore motse ona e be thohako ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe.’ ” ’ ”

w09 12/1 24 ¶6

Jeremia ha aa ka a Tlohela Mosebetsi wa Hae

Jehova o ile a bolella Jeremia hore a lemose batho hore Jerusalema e tla timetswa haeba ba sa tlohele mekgwa ya bona e mebe. Ha Jeremia a lemosa batho, ba ile ba halefa yaba ba re: “Monna enwa o tshwanelwa ke kahlolo ya lefu.” Le ha ho le jwalo, Jeremia o ile a ba kopa ka tiyo hore ba “mamele lentswe la Jehova.” Yaba o re: ‘Le mpe le tsebe hore, haeba le mpolaya, le bolaya motho ya senang molato etswe Modimo o nthometse hore ke bue le lona.’ Na wa tseba hore ho ile ha etsahalang ka mora moo?​—⁠

(Jeremia 26:​8, 9) Kahoo yare ha Jeremia a qetile ho bua sohle seo Jehova a neng a mo laetse hore a se bolelle setjhaba sohle, jwale baprista le baprofeta le setjhaba sohle sa mo tshwara, sa re: “Ruri o tla shwa. 9 Ke hobaneng ha o profetile ka lebitso la Jehova, wa re, ‘Ntlo ena e tla ba jwalo ka e Shilo, mme motse ona o tla ripitlwa hoo o ke keng wa e ba le moahi’?” Setjhaba sohle sa nna sa phutheha ho potoloha Jeremia ka tlung ya Jehova.

(Jeremia 26:​12, 13) Yaba Jeremia o re ho dikgosana le ho batho bohle: “Ke Jehova ya nthometseng hore ke profete malebana le ntlo ena le malebana le motse ona mantswe ohle ao le a utlwileng. 13 Jwale etsang hore ditsela tsa lona le mesebetsi ya lona e be metle, mme le mamele lentswe la Jehova Modimo wa lona, mme Jehova o tla ikutlwa a swabile ka lebaka la tlokotsi eo a e buileng kgahlanong le lona.

jr 21 ¶13

Ho Sebeletsa Modimo “Karolong e Qetellang ya Matsatsi”

13 Ka lebaka la maemo a bodumedi le a dipolotiki a neng a rena Juda, baeta-pele ba bodumedi ba ne ba tla etsa jwang ha ba utlwa mantswe a Jeremia? Ho latela se tlalehilweng ke moprofeta eo ka boyena, “baprista le baprofeta le setjhaba sohle sa [ntshwara], sa re: ‘Ruri o tla shwa.’ ” Ba ne ba loloma ke bohale mme ba re: “Monna enwa o tshwanelwa ke kahlolo ya lefu.” (Bala Jeremia 26:​8-11.) Le ha ho le jwalo, bahanyetsi ba Jeremia ha baa ka ba hlola. Jehova o ne a e na le moprofeta eo wa hae hore a mo pholose. Jeremia ha aa ka a tshoha le hoja ho ne ho bonahala eka bahanyetsi ba hae ba ne ba le bangata ebile ba ne ba ka nna ba mo hlola. Le wena ha wa lokela ho tshoha.

(Jeremia 26:​16) Jwale dikgosana le batho bohle ba re ho baprista le baprofeta: “Motho enwa ha aa tshwanelwa ke kahlolo ya lefu, etswe o buile le rona ka lebitso la Jehova Modimo wa rona.”

(Jeremia 26:​24) Ho feta moo, letsoho la Akikame mora wa Shafane le ne le e na le Jeremia, e le hore a se ke a nehelana ka yena matsohong a setjhaba hore se mo bolaye.

w09 12/1 25 ¶1

Jeremia ha aa ka a Tlohela Mosebetsi wa Hae

Bibele e re: “Jwale dikgosana le batho bohle ba re ho baprista le baprofeta: ‘Motho enwa ha aa tshwanelwa ke kahlolo ya lefu, etswe o buile le rona ka lebitso la Jehova Modimo wa rona.’ ” Kahoo, Jehova o ile a sireletsa Jeremia ka ha ha aa ka a dumella tshabo hore e etse hore a tlohele. Jwale a re ke re boneng hore na ho ile ha etsahalang ka Uria, e leng moprofeta e mong wa Jehova ya ileng a etsa se fapaneng.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Jeremia 27:​2, 3) “Sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona, ‘Iketsetse marapo le dijoko, mme o di behe molaleng. 3 O di romele ho morena wa Edomo le ho morena wa Moabe le ho morena wa bara ba Ammone le ho morena wa Tyre le ho morena wa Sidone ka matsoho a manqosa a tlang Jerusalema ho Tsedekia morena wa Juda.

jr 27 ¶21

Ho Sebeletsa Modimo “Karolong e Qetellang ya Matsatsi”

21 Kamoo ho bonahalang kateng, qalong ya puso ya Tsedekia, manqosa a ile a fihla Jerusalema a tswa ho marena a Edomo, Moabe, Ammone, Tyre le Sidone. Mohlomong sepheo sa ona e ne e le ho susumelletsa Tsedekia hore a kene selekaneng sa ona se neng se le kgahlanong le Nebukadnezare. Le ha ho le jwalo, Jeremia o ile a kgothalletsa Tsedekia hore a ikokobeletse Babylona. Tumellanong le seo, Jeremia o ile a fa manqosa ao dijoko e le ho tshwantshetsa hore dinaha tsa bona le tsona di ne di lokela ho sebeletsa Bababylona. (Jer. 27:​1-3, 14) Batho ha baa ka ba thabela maikutlo ao, mme Hanania o ile a etsa hore mosebetsi wa Jeremia wa ho ba mmuelli ya phatlalatsang molaetsa oo batho ba sa o rateng o be boima le ho feta. Hanania e ne e le moprofeta wa bohata eo ka lebitso la Modimo a ileng a bolela phatlalatsa hore joko ya Babylona e ne e tla rojwa. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a sebedisa Jeremia ho bolela hore pele selemo se fela, Hanania wa moikgakanyi o ne a tla shwa. Ho ile ha fela ha e ba jwalo.​—⁠Jer. 28:​1-3, 16, 17.

(Jeremia 28:​11) Moprofeta Hanania a tswela pele ho re ka pela mahlo a setjhaba sohle: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka mokgwa ona ke tla roba joko ya Nebukadnezare morena wa Babylona pele ho fela dilemo tse ding tse pedi tse feletseng molaleng wa ditjhaba tsohle.’ ” Moprofeta Jeremia a tsamaya.

jr 187-188 ¶11-⁠12

“Nke ke ka Kgutsa”

11 Re lokela ho hopola hore Jeremia e ne e se motho ya tjhesehang ho tlola. Ha a ne a sebetsana le bahanyetsi o ne a e ba hlokolosi. O ne a tseba hore na o ne a lokela ho tsamaya ha ho le jwang. Ka mohlala, nahana ka se etsahetseng pakeng tsa hae le Hanania. Ka mora hore moprofeta eo wa bohata a hanyetse lentswe la Jehova la boprofeta phatlalatsa, Jeremia o ile a mo kgalemela a ba a hlalosa hore na batho ba ka tseba moprofeta wa nnete jwang. Jeremia o ne a nkile joko ya lehong e neng e tshwantshetsa ho ba tlasa joko ya Babylona; Hanania o ile a ba mabifi yaba o roba joko eo. Ke mang ya neng a ka tseba hore na ka mora moo Hanania o ne a tla etsang? Kahoo, Jeremia o ile a etsang? Re bala sena: “Moprofeta Jeremia a tsamaya.” Jeremia o ile a tloha sebakeng seo. Ha morao, Jehova o ile a mo tataisa hore a kgutlele sebakeng seo, mme o ile a bolella Hanania hore na ke sefe seo Modimo a neng a tla se tlisa, e leng hore morena wa Babylona o ne a tla isa Bajuda botlamuweng le hore Hanania yena o ne a tla shwa.​—⁠Jer. 28:​1-⁠17.

12 Ho latela tlaleho ena e buduletsweng, ho hlakile hore ha re etsa mosebetsi wa boboledi re lokela ho ba sebete hape re be hlokolosi. Haeba lelapeng le leng motho a sa batle ha re mo behela mabaka ka Mangolo mme a e ba mabifi, mohlomong a bile a bontsha hore o batla ho lwana, re lokela ho kopa tshwarelo mme ka boikokobetso re tlohe moo re ye ntlong e nngwe. Ha ho hlokahale hore re phehe kgang le mang kapa mang ka ditaba tse molemo tsa Mmuso. Ha re dula re “ithibile bobeng,” re etsa hore ho be le monyetla wa hore re tle re thuse monga ntlo ka letsatsi le leng ha ho loketse.​—⁠Bala 2 Timothea 2:​23-25; Liprov.17:⁠14.

Mmalo wa Bibele

(Jeremia 27:​12-22) Esita le Tsedekia morena wa Juda ke mo boleletse ho ya ka mantswe ana ohle, ka re: “Tlisang melala ya lona tlasa joko ya morena wa Babylona mme le mo sebeletse le batho ba hae mme le nne le phele. 13 Ke hobaneng ha wena le setjhaba sa hao le lokela ho bolawa ka sabole, ke tlala le ke lefu la sewa ho ya ka seo Jehova a se boleletseng setjhaba se sa sebeletseng morena wa Babylona? 14 Le se ke la mamela mantswe a baprofeta ba reng ho lona, ‘Le ke ke la sebeletsa morena wa Babylona,’ ka hobane ba le profetela leshano. 15 “ ‘Etswe ha kea ba romela,’ ho bolela Jehova, ‘empa ba profeta ka bohata ka lebitso la ka, e le hore ke le qhalakanye, mme le tla lokela ho timela, lona le baprofeta ba le profetelang.’ ” 16 Ke boleletse baprista le setjhaba sena sohle ka re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Le se ke la mamela mantswe a baprofeta ba lona ba le profetelang, ba re: “Bonang! Disebediswa tsa ntlo ya Jehova di se di tla kgutliswa Babylona haufinyane!” Etswe ba le profetela leshano. 17 Le se ke la ba mamela. Sebeletsang morena wa Babylona mme le nne le phele. Ke hobaneng ha motse ona o lokela ho fetoha sebaka se ripitlilweng? 18 Empa haeba ke baprofeta mme haeba lentswe la Jehova le ho bona, ka kopo, e reng ba etse thapedi ho Jehova wa mabotho, hore disebediswa tse setseng ka tlung ya Jehova le ka tlung ya morena wa Juda le Jerusalema di se ke tsa tla Babylona.’ 19 “Etswe sena ke seo Jehova wa mabotho a se boletseng ka ditshiya le ka lewatle le ka dikariki le ka disebediswa tse setseng motseng ona, 20 tseo Nebukadnezare morena wa Babylona a sa kang a di nka ha a isa Jekonia mora wa Jojakime, morena wa Juda, kgolehong ho tloha Jerusalema ho ya Babylona, ha mmoho le bahlomphehi bohle ba Juda le Jerusalema; 21 etswe sena ke seo Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, a se boletseng ka disebediswa tse setseng ka tlung ya Jehova le ka tlung ya morena wa Juda le Jerusalema; 22 ‘ “Di tla iswa Babylona mme di tla tswela pele di le moo ho fihlela letsatsing la ha ke lebisa tlhokomelo ya ka ho tsona,” ho bolela Jehova. “Ke tla di lata mme ke di busetse sebakeng sena.” ’ ”

24-​30 APRIL

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 29-​31

“Jehova o ile a Profeta ka Selekane se Setjha”

(Jeremia 31:​31) “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “mme ke tla hlaba selekane se setjha le ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda.

it-⁠1 524 ¶3-⁠4

Selekane

Selekane se Setjha. Lekgolong la bosupa la dilemo pele ho mehla ya Jesu, Jehova o ile a bolela esale pele ka selekane se setjha a sebedisa moprofeta Jeremia, a bolela hore se ke ke sa tshwana le selekane sa Molao seo Baiseraele ba se robileng. (Jer 31:​31-34) Bosiung ba pele a e shwa ka Nisane 14, selemong sa 33, Jesu Kreste o ile a theha mokete wa Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, moo a ileng a phatlalatsa selekane se setjha se neng se tla tiiswa ke sehlabelo sa hae. (Lu 22:​20) Ka mora matsatsi a 50 a tsositswe bafung le ka mora matsatsi a 10 a se a nyolohetse lehodimong, o ile a tshollela moya o halalelang oo a ileng a o fumana ho Ntate wa hae Jehova ho barutuwa ba hae ba neng ba bokane ka kamoreng e ka hodimo Jerusalema.​—⁠Lik 2:​1-4, 17, 33; 2Kor 3:​6, 8, 9; Heb 2:​3, 4.

Ba keneng selekaneng se setjha ke Jehova le “Iseraele ya Modimo,” e tswetsweng ka moya bonngweng le Kreste, e etsang phutheho ya hae kapa mmele wa hae. (Heb 8:​10; 12:​22-24; Gal 6:​15, 16; 3:​26-28; Bar 2:​28, 29) Selekane se setjha se tiisitswe ka sehlabelo sa Kreste ha ho tshollwa madi a hae, se ileng sa hlahisa boleng bo hodimo ka pela Jehova ka mora hore a nyolohele lehodimong. (Mat 26:​28) Ha Modimo a kgetha batho bakeng sa pitso ya lehodimong (Heb 3:⁠1), O ba kenya selekaneng sa Hae ka sehlabelo sa Kreste. (Pes 50:⁠5; Heb 9:​14, 15, 26) Jesu ke Mokena dipakeng wa selekane se setjha (Heb 8:⁠6; 9:​15) le peo e ka sehloohong ya Abrahama. (Gal 3:​16) Ka hobane Jesu ke mokena dipakeng wa selekane se setjha, o thusa ba selekaneng sena ho ba karolo ya sebele ya peo ya Abrahama ka ho tshwarelwa ha dibe tsa bona (Heb 2:​16; Gal 3:​29). Jehova o bolela hore ba lokile.​—⁠Bar 5:​1, 2; 8:​33; Heb 10:​16, 17.

(Jeremia 31:​32, 33) Eseng se tshwanang le selekane seo ke ileng ka se hlaba le baholoholo ba bona letsatsing la ha ke ba tshwara ka matsoho ho ba ntsha naheng ya Egepeta, ‘e leng selekane sa ka seo ba se tlotseng, le hoja ke ne ke le monga bona jwalo ka monna,’ ho bolela Jehova.” 33 “Etswe sena ke selekane seo ke tla se hlaba le ba ntlo ya Iseraele ka mora matsatsi ao,” ho bolela Jehova. “Ke tla kenya molao wa ka ka hara bona, ke o ngole dipelong tsa bona. Ke tla ba Modimo wa bona, mme e tla ba setjhaba sa ka.”

jr 173-174 ¶11-⁠12

O ka Rua Molemo Selekaneng se Setjha

11 Na o ka rata ho tseba dintho tse ding tse kgethollang selekane see se setjha? Phapang e kgolo pakeng tsa selekane se setjha le selekane sa Molao wa Moshe ke hore na melao ya sona e ngotswe ho eng. (Bala Jeremia 31:​33.) Melao e Leshome ya selekane sa Molao e ne e ngotswe matlapeng a lejwe, a ileng a qetella a le siyo. Ho fapana le hoo, Jeremia o ile a profeta hore molao wa selekane se setjha o ne o tla ngolwa dipelong tsa batho, mme o ne o tla dula o le teng. Bakreste ba tlotsitsweng bao e leng karolo ya selekane se setjha, ba ananela molao ona e le kannete. Re ka reng ka ba seng selekaneng se setjha ka ho toba, e leng “dinku tse ding,” bao tshepo ya bona e leng ho phela ka ho sa feleng lefatsheng? (Joh. 10:​16) Le bona ba thabela molao wa Modimo. Ka tsela e itseng, ba tshwana le bajaki ba Iseraele, ba neng ba amohela Molao wa Moshe ba bile ba rua molemo ho ona.​—⁠Lev. 24:​22; Num. 15:⁠15.

12 O ne o ka araba jwang ha o ne o ka botswa, ‘Molao oo o ngotsweng dipelong tsa Bakreste ba tlotsitsweng ke ofe?’ Molao ona o boetse o bitswa “molao wa Kreste.” O ile wa fuwa Baiseraele ba moya pele, e leng bona ba selekaneng se setjha. (Gal. 6:⁠2; Bar. 2:​28, 29) “Molao wa Kreste” o ka akaretswa ka lentswe le le leng: lerato. (Mat. 22:​36-39) Batlotsuwa ba etsa jwang hore molao oo o ngolwe dipelong tsa bona? Ditsela tse pedi tse ka sehloohong, ke ka hore ba ithute Lentswe la Modimo le ho rapela Jehova. Ka lebaka leo, dikarolo tsena tsa borapedi ba nnete e lokela ho ba ntho eo Bakreste bohle ba nnete ba e etsang kamehla maphelong a bona, ho akarelletsa le ba seng selekaneng se setjha empa ba batla ho rua molemo ho sona.

(Jeremia 31:​34) “Ha ba sa tla hlola ba ruta e mong le e mong motswalle wa hae le e mong le e mong morabo, ba re, ‘Tsebang Jehova!’ etswe ba tla ntseba kaofela, ho tloha ho e monyenyane ho ya ho e moholo ho bona,” ho bolela Jehova. “Etswe ke tla tswarela diphoso tsa bona, mme ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.”

jr 177 ¶18

O ka Rua Molemo Selekaneng se Setjha

18 Ka lebaka leo, selekane se setjha se totobatsa tsela e tsotehang eo Jehova a sebedisanang ka yona le batho ba baetsadibe, e leng batlotsuwa ba selekaneng se setjha le batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng. O ka kgodiseha hore ha Jehova a se a tshwaretse dibe tsa hao, a ke ke hlola a di tsosa hape. Kahoo, e mong le e mong wa rona a ka ithuta ho hong tshepisong ya Modimo ya selekane se setjha. Ipotse, ‘Na ke leka ho etsisa Jehova ka hore ke se ke ka tsosa diphoso tsa batho ba bang, tseo ke itseng ke se ke di tshwaretse?’ (Mat. 6:​14, 15) Taba ena e sebetsa ditshitong tse nyenyane ha mmoho le ho tse kgolo haholo, jwalo ka ha molekane wa Mokreste a etsa sebe sa bofebe. Haeba molekane ya se nang molato a dumela ho tshwarela mofebi ya bakileng, na e ke ke ya e ba ho loketseng hore a se ke a ‘hlola a hopola sebe seo’? Ke nnete hore ho ka nna ha se ke ha e ba bonolo hore re lebale ditshito, empa ke tsela e nngwe eo re ka etsisang Jehova ka yona.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Jeremia 29:⁠4) “Sena ke seo Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, a se boleletseng batho bohle ba isitsweng kgolehong, bao ke entseng hore ba iswe kgolehong Babylona ba tloha Jerusalema,

(Jeremia 29:⁠7) Hape, le batlele motse oo ke entseng hore le ye kgolehong ho ona kgotso, mme le o rapelle ho Jehova, etswe ka kgotso ya ona le tla ba le kgotso.

w96 5/1 11 ¶5

Modimo le Cesare

5 Makgolo a dilemo ha morao, Jehova o ile a budulela moprofeta ya tshepahalang Jeremia hore a bolelle batlamuwa ba Bajuda ho ikokobeletsa babusi ha ba le botlamuweng Babylona ba be ba rapelle kgotso ya motse oo. Lengolong la hae le yang ho bona, o ile a ngola: “Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, ho ba kgolehong kaofela, . . . Le ke le batlele motse oo ke le isitseng kgolehong teng kgotso, le o rapelle ho Jehova, hobane kgotsong ya ona le tla ba le kgotso le lona.” (Jeremia 29:​4, 7) Ka dinako tsohle batho ba Jehova ba na le lebaka la ho ‘batla kgotso,’ bakeng sa bona le setjhaba seo ba phelang ho sona, e le hore ba ka lokoloha ho rapela Jehova.​—⁠1 Petrose 3:⁠11.

(Jeremiah 29:​10) “Etswe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Tumellanong le ho phethahala ha dilemo tse mashome a supileng Babylona ke tla lebisa tlhokomelo ya ka ho lona, mme ke tla tiisa lentswe la ka le molemo ho lona ka ho le kgutlisetsa sebakeng sena.’

g 6/12 14 ¶1-⁠2

Bibele​—Buka ya Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ya 2

Ho phethahala ha bona: Ka mora hore Bajuda ba be botlamuweng ka dilemo tse 70, ho tloha ka 607 ho ya ho 537 pele ho mehla ya Kreste, Morena Cyruse wa Persia o ile a lokolla baholehuwa ba Bajuda mme a ba dumella hore ba kgutlele naheng ya habo bona e le hore ba tsosolose tempele e Jerusalema.​—⁠Esdrase 1:​2-⁠4.

Seo histori e se senolang:

● Na Baiseraele ba ile ba e ba botlamuweng Babylona ka dilemo tse 70 jwalo ka ha Bibele e ile ya bolela esale pele? Hlokomela se builweng ke setsebi se ka sehloohong sa Moiseraele sa thuto ya ho epollwa ha dintho tsa kgale e leng Ephraim Stern. Se ile sa re: “Ho tloha ka 604 ho ya ho 538 pele ho mehla ya Kreste, ha ho na bopaki bo bontshang hore ho ne ho ena le batho ba dulang Iseraele ka nako eo. Nakong eo yohle, ha ho motse le o mong ho e sentsweng ke Bababylona o ileng wa lokiswa.” Nako eo ho thweng Iseraele ha ya ka ya e ba le baahi, e dumellana hantle le eo Baiseraele ba ileng ba iswa botlamuweng ka yona Babylona ho tloha ka 607 ho ya ho 537 pele ho mehla ya Kreste.​—⁠2 Likronike 36:​20, 21.

Mmalo Bibele

(Jeremia 31:​31-40) “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “mme ke tla hlaba selekane se setjha le ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda; 32 eseng se tshwanang le selekane seo ke ileng ka se hlaba le baholoholo ba bona letsatsing la ha ke ba tshwara ka matsoho ho ba ntsha naheng ya Egepeta, ‘e leng selekane sa ka seo ba se tlotseng, le hoja ke ne ke le monga bona jwalo ka monna,’ ho bolela Jehova.” 33 “Etswe sena ke selekane seo ke tla se hlaba le ba ntlo ya Iseraele ka mora matsatsi ao,” ho bolela Jehova. “Ke tla kenya molao wa ka ka hara bona, ke o ngole dipelong tsa bona. Ke tla ba Modimo wa bona, mme e tla ba setjhaba sa ka.” 34 “Ha ba sa tla hlola ba ruta e mong le e mong motswalle wa hae le e mong le e mong morabo, ba re, ‘Tsebang Jehova!’ etswe ba tla ntseba kaofela, ho tloha ho e monyenyane ho ya ho e moholo ho bona,” ho bolela Jehova. “Etswe ke tla tshwarela diphoso tsa bona, mme ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.” 35 Sena ke seo Jehova a se boletseng, Ya Fanang ka letsatsi bakeng sa lesedi motshehare, ditaelo tse hlomamisitsweng tsa kgwedi le dinaledi bakeng sa lesedi bosiu, Ya fuduhang lewatle hore maqhubu a lona a lwebehlane, Eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho: 36 “ ‘Haeba melao ena ya tsamaiso e ka tloswa ka pel’a ka,’ ho bolela Jehova, ‘ka ho tshwanang bao e leng peo ya Iseraele ba ka kgaotsa ho ba setjhaba ka pela ka kamehla.’ ” 37 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “ ‘Haeba mahodimo a hodimo a ne a ka lekanngwa mme metheo ya lefatshe e tlase e ne e ka batlisiswa, le nna ke ne nka lahla peo yohle ya Iseraele ka lebaka la sohle seo e se entseng,’ ho bolela Jehova.” 38 “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “mme ka sebele Jehova o tla hahelwa motse ho tloha Toreng ya Hananiele ho ya Hekeng e Sekgutlong. 39 Kgwele ya tekanyo e sa ntse e tla leba pele ka ho toba leralleng la Garebe, mme e tla potoloha ho ya Gooa. 40 Kgohlo yohle ya ditopo le melora e mafura, le masimo ohle ho ya fihla phuleng ya molapo o phoroselang ya Kidrone, ho fihlela sekgutlong sa Heke ya Dipere ka nqa botjhaba tsatsi, e tla ba ntho e halalelang ho Jehova. E ke ke ya fotholwa, leha e le hore e sa tla hlola e qhaqhwa ho isa nakong e sa lekanyetswang.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela