Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb19 June leq. 8
  • Etsa Hore Thuto ya Hao ya Botho e o Tswele Molemo

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Etsa Hore Thuto ya Hao ya Botho e o Tswele Molemo
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ntlafatsa Tsela ya Hao ya ho Ithuta!
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Keng e Tla o Thusa Hore o Tswele Pele o Ithuta Bibele?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
mwb19 June leq. 8

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Etsa Hore Thuto ya Hao ya Botho e o Tswele Molemo

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Ho ithuta Lentswe la Modimo moo re leng bang ho re thusa hore re ‘utlwisise ka ho phethahetseng bophara le bolelele le bophahamo le botebo’ ba nnete. (Ef 3:18) Hape ho re thusa hore re dule re le ba sa tshwauweng phoso le ba se nang sekodi, lefatsheng lena le kgopo le hore re ‘tshware ka thata lentswe la bophelo.’ (Fil 2:15, 16) Ho ithuta Lentswe la Modimo moo re leng bang ho re fa monyetla wa hore re ikgethele dingolwa tseo re ka di balang. Re ka etsang hore ho bala le ho ithuta Bibele ho re tswele molemo?

O KA ETSA SEO JWANG:

  • Tshwaya ditemana mme o ngole dintlha Bibeleng ya hao

  • Ha o ntse o bala Lentswe la Modimo, ipotse dipotso tse latelang: ‘Ho buuwa ka mang? Ka eng? Neng? Hokae? Hobaneng? Jwang?’

  • Batla dintlha tse eketsehileng. Batlisisa temana ya Bibele kapa taba e itseng o sebedisa dithulusi tsa ho etsa dipatlisiso

  • Nahanisisa ka seo o se badileng le hore na o ka se sebedisa jwang

  • Sebedisa seo o ithutang sona letsatsi le letsatsi.​—Lu 6:47, 48

SHEBELLANG VIDEO E RENG LE TSHWARE KA “THATA”​—HA LE NTSE LE ITHUTA BIBELE, EBE KA MORA MOO LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Batho ba bang ba hlalosa thuto ya botho jwang?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho rapela pele re etsa thuto ya botho?

  • Ke eng e ka re thusang hore re utlwisise tlaleho e itseng ya Bibele?

  • Re ka sebedisang ho tshwaya Bibele ha re ithuta?

  • Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re nahanisise ka seo re ithutang sona ka Lentsweng la Modimo?

  • Re lokela ho etsang ka seo re ithutang sona?

Moradiwabo rona o ithuta Bibele ka ho teba; morabo rona o thalla Bibele ya hae; moradiwabo rona o bua le banna ba babedi ka dintlha tse hlahang Bibeleng ya hae; morabo rona wa rapela

“Molao wa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka wona letsatsi lohle.”​—Pes 119:97

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela