MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | TITE 1–FILEMONE
“Baholo ba Kgethwa ka Tsela Efe?”
Pauluse o ile a re Tite a kgethe baholo “motseng o mong ka mora o mong.” Le mehleng ena ha balebedi ba potoloho ba kgetha baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ka phuthehong, ba latela mohlala ona o hlahang ka Bibeleng.
SEHLOPHA SE BUSANG
Sehlopha se busang se fa balebedi ba potoloho mosebetsi wa bohlokwa wa ho kgetha baholo le bahlanka ba sebeletsang, jwalo ka ha ho ne ho etswa mehleng ya baapostola.
BALEBEDI BA POTOLOHO
Ka mora hore baholo ba buelle barababo rona, molebedi wa potoloho o lokela ho hlahloba ka hloko le ho rapela ka taba eo, e be ka mora moo o kgetha banna ba tshwanelehang.
BAHOLO BA KGETHILWENG
Le ka mora hore baholo ba kgethwe, ba ntse ba lokela ho tswela pele ho phela ka tsela e dumellanang le Mangolo.