Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb19 August leq. 5
  • Batjha​—“Tjhesehelang Mesebetsi e Metle”

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Batjha​—“Tjhesehelang Mesebetsi e Metle”
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Rorisa Jehova ka ho ba Pulamadiboho
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
mwb19 August leq. 5

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Batjha​—“Tjhesehelang Mesebetsi e Metle”

Lengolong la hae le buduletsweng le yang ho Tite, moapostola Pauluse o ile a re banna ba batjha ho akarelletsa le Tite ba ikitlaetse ka matla ho ba ‘mehlala ya mesebetsi e metle dinthong tsohle.’ (Tit 2:6, 7) Ha morao kgaolong eo, o ile a bontsha hore batho ba Jehova ba hlwekisitswe e le hore ba “tjhesehele mesebetsi e metle.” (Tit 2:14) E meng ya mesebetsi e metle ke ho bolela le ho ruta ka Mmuso wa Modimo. Haeba o motjha, na o ka sebedisa matla a hao hore o be pulamadiboho ya thusang kapa ya ka mehla?​—⁠Lipr 20:29.

Haeba o ka rata ho sebeletsa o le pulamadiboho, etsa kemiso eo o tla kgona ho e kgomarela e le hore o be pulamadiboho. (Lu 14:28-30) Ka mohlala, o tla kwala ditshenyehelo tsa hao jwang ha o ntse o le tshebeletsong ya nako e tletseng? O tla finyella dihora tse lebelletsweng jwang? Rapella thuso ya Jehova. (Pes 37:5) Buisana le batswadi ba hao le batho ba atlehileng ho ba bopulamadiboho ka seo o se rerileng. Ebe o nka mehato e loketseng ho finyella seo o se rerileng. Ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko le tjheseho eo o e bontshang tshebeletsong ya hae.

SHEBELLANG VIDEO E RENG BATJHA BA TLOTLISANG JEHOVA, EBE KA MORA MOO LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Batjha ba bang ba hlotse diphephetso dife e le hore ba sebeletse e le bopulamadiboho, hona ba kgonne ho di hlola jwang?

  • Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang hore e be bopulamadiboho ba ka mehla?

  • Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore motho a be le kemiso ya ho ya tshimong?

  • Ditho tsa phutheho di ka thusa le ho kgothatsa bopulamadiboho jwang?

  • Bopulamadiboho ba fumana ditlhohonolofatso dife?

Moradiwabo rona e motjha o buisana le ntate wa hae ka bopulamadiboho; morabo rona e motjha wa pulamadiboho o ngola dintho tseo a batlang ho di etsa; moradiwabo rona e motjha wa pulamadiboho o sebetsa le moradi e mong wa bo rona tshimong; moradiwabo rona e motjha wa pulamadiboho o kganna thuto ya Bibele

Nka etsa eng hore ke be pulamadiboho?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela