MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 8-9
Faro ya Ikgohomosang o Etsa Hore Morero wa Modimo o Phethahale a sa Elellwe
Bofaro ba Egepeta ba ne ba ipona e le medimo. Sena se re thusa hore re utlwisise hore na ke hobaneng ha Faro a ne a le manganga ho mamela Moshe, Arone le baprofeta ba hae ba sebedisang boselamose.
Na o mamela ditlhahiso tsa batho ba bang? Na o a ananela ha motho e mong a o kgalemela? Kapa o nka hore ka mehla o dula o nepile? “Boikakaso bo etella ho wa pele.” (Lipr 16:18) Ke ntho ya bohlokwa ho etsa bonnete ba hore ha re ikgohomose.