MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 10-11
Moshe le Arone ba Bontsha Sebete
Moshe le Arone ba ile ba bontsha sebete ha ba ne ba bua le Faro, e leng monna ya neng a le matla ka ho fetisisa ka nako eo. Ba ile ba thuswa keng? Bibele ha e bua ka Moshe e re: “Ka tumelo o ile a tloha Egepeta, empa a sa tshabe bohale ba morena, ka ha o ile a tswela pele a tiile jwalo ka ha eka o bona Ya sa bonahaleng.” (Heb 11:27) Moshe le Arone ba ne ba na le tumelo e matla ho Jehova mme ba ne ba mo tshepa.
Ke maemo afe a hlokang hore re be sebete mme re emele tumelo ya rona ka pela motho ya nang le maemo a itseng setjhabeng?