LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb23 May leq. 13
  • Na o Sebedisa Bibele e Rekotilweng?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o Sebedisa Bibele e Rekotilweng?
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dintlha tse Ding
  • Mananeo a Kopano ao re a Utlwang le ho a Bona
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
  • Dula o Latela Lenaneo la Hao la ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Na o Kile wa Ipotsa Dipotso Tsee?
    Fadimehang!—2019
  • Ba Fumana Dijo Nakong ya Tlala
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
mwb23 May leq. 13
Ditshwantsho: Ho mamela Bibele e rekotilweng. 1. Morabo rona o mametse Bibele e rekotilweng ka diheadphone a le ka ntle moo ho thotseng. 2. Mme le moradi wa hae ba mametse Bibele e rekotilweng sesebedisweng sa elektronike ha ba ntse ba tsamaisana le yona Bibeleng ya bona. 3. Moradi wabo rona o mametse Bibele e rekotilweng ka diheadset a le ka hara sepalangwang sa baeti.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Na o Sebedisa Bibele e Rekotilweng?

Bibele e rekotilweng keng? Bibele e rekotilweng ke kgatiso e mamelwang ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha. E lokollwa hanyane ka hanyane ka dipuo tse ngata ka moo ho ka kgonehang. Se etsang hore Bibele e rekotilweng e be molemo ke hobane ho sebedisitswe mantswe a fapaneng bakeng sa batho ba hlahang ka Bibeleng. Babadi ba bala ka boikutlo bo hlokahalang e le hore ba ka fetisa molaetsa wa Bibele ka tsela e nepahetseng.

Bibele e rekotilweng e thusitse batho jwang? Batho ba bangata ba mamelang Bibele e rekotilweng ka mehla ba rata ka moo e phedisang Lentswe la Modimo ka teng. Ba re ha ba utlwa mantswe a batho ba sa tshwaneng, seo se etsa hore ba iketsetse ditshwantsho ka dikelellong tsa bona tsa se neng se etsahala mme se ba thusa hore ba utlwisise se ngotsweng ka hare ho Bibele. (Pr 4:5) Ba bang ba re ho mamela Bibele e rekotilweng ho ba thoba maikutlo ha ba tshwenyehile.​—Ps 94:19.

Ho utlwa ha Lentswe la Modimo le balwa ho ka ama tsela eo re phelang ka yona. (2Kr 34:19-21) Haeba Bibele e rekotilweng e fumaneha e felletse kapa e sa fella ka puo eo o e utlwisisang, na o ka etsa hore ho e mamela e be e nngwe ya dintho tseo o di etsang ha o ithuta Bibele o le mong?

SHEBELLANG VIDEO YA HO HATISWA HA BIBELE E REKOTILWENG​—KAROLWANA EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

Ke eng e o kgahlang ka tsela eo Bibele e rekotilweng e hatisitsweng ka yona?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share