Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso
© 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 5-11 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 12
Ho Sebetsa ka Thata ho a Putsa
w16.06 30 ¶5
Tšobotsi eo Molimo a e Nkang e le ea Bohlokoa ho Feta Taemane
E ka ’na eaba bahlanka ba bang ba Jehova ha ba khole chelete e lekaneng ho koahela litlhoko tsa bona. Empa ho e-na le ho batla litsela tsa ho qhekella, ba sebetsa ka thata le ka mafolofolo. Ka tsela eo, ba bontša hore ba nka ho etsisa litšobotsi tsa Jehova tse kang botšepehi, e le habohlokoa ho feta maruo.—Diprov. 12:24; Baef. 4:28.
w15 2/1 5 ¶4-6
U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?
Potso ena ea ho qetela ke ea bohlokoa kaha rea khotsofala ha re bona kamoo batho ba ruang molemo kateng mosebetsing oa rona. Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Bareki le bahiri hase bona feela ba ruang molemo litšebeletsong tsa rona. Malapa a rona le batho ba hlokang le bona ba rua molemo.
Ba malapa a rona. Ha hlooho ea lelapa e sebetsa ka thata ho hlokomela ba lelapa, e ba thusa linthong tse peli. Ea pele, e tiisa hore ba na le lintho tseo ba li hlokang e leng lijo, liaparo le bolulo. Kahoo, e phetha boikarabelo boo e bo filoeng ke Molimo ba hore e “lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae.” (1 Timothea 5:8) Ea bobeli, hlooho ea lelapa e sebetsang ka thata e behela ba lelapa mohlala o motle tabeng ea ho sebetsa ka thata. Shane eo ho buuoeng ka eena sehloohong se fetileng o re: “Ntate ke mohlala o motle oa motho ea sebetsang ka thata. Ke motho ea tšepahalang ’me haesale a sebetsa ka thata e le ’metli oa mapolanka. Mohlaleng oa hae ke ithutile bohlokoa ba ho sebetsa ka matsoho hore ke etse lintho tseo batho ba li sebelisang.”
Batho ba hlokang. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba “sebetse ka thata . . . e le hore [ba] ka ba le ho hong hoo [ba] ho abelang ea hlokang.” (Baefese 4:28) Ka sebele, haeba re sebetsa ka thata hore re hlokomele ba malapa a rona, re ka boela ra thusa batho ba hlokang. (Liproverbia 3:27) Kahoo, ho sebetsa ka thata ho ka re thusa hore re fumane thabo e tlisoang ke ho fana.
Matlotlo a Patilweng
Na ke Kgona ho Amohela Dintho ka Moo di Leng ka Teng?
● Hlahloba mathata a hao. Ithute phapang pakeng tsa mathata a maholo le a manyane. Bibele e re: “Ke lewatla le tsebahatsang matshwenyeho a lona ka letsatsi lona leo, empa ya masene o kwahela ho se hlomphehe.” (Liproverbia 12:16) Ha se mathata ohle a tlamehang ho o ama haholo.
Joanne o re: “Sekolong baithutimmoho le nna ba ne ba tletleba ka dintho tseo eseng tsa bohlokwa jwalo ka ha e ka ke tsa bohlokwa. Ebe metswalle ya bona metjheng ya puisano e re ba etsa hantle ka ho tletleba, ebe ba kwata le ho feta. Sena se etsa hore ho be boima ho sebetsana le mathata a bona.”
LA 12-18 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 13
O se ke wa Kgeloswa ke “Lebone la ba Kgopo”
it-2-E 196 ¶2-3
Lebone
Tshebediso e nngwe ya mokgabo puo. Seo motho a se sebedisang ho kgantsha tsela ya hae se tshwantshwa le lebone. Lengolo la Diproverbia le sebedisa mokgabo puo ona ha le bontsha phapang pakeng tsa batho ba lokileng le ba kgopo, ha le re: “Lesedi la ba lokileng le kganya haholo empa lebone la ba kgopo le tla tingwa.” (Pr 13:9) Lesedi la ba lokileng le tswela pele ho kganya haholo. Ho sa tsotellehe hore na lebone la ba kgopo le kganya haholo hakae le hore na ho bonahala ba atleha hakae, Modimo o tla etsa bonnete ba hore ditsela tsa bona di fella lefifing, moo ba tla wela. Ho tla ba jwalo le ka motho ya rohakang ntate wa hae le mme wa hae.—Pr 20:20.
Ha ‘lebone la motho le tingwa’ seo se bolela hore ha a sa na bokamoso. Temana e nngwe ya Diproverbia e re: “Mang kapa mang ya kgopo ha a na bokamoso le lebone la batho ba kgopo le tla tingwa.”—Pr 24:20.
w12 7/15 12 ¶3
Sebeletsa Molimo ea Fanang ka Tokoloho
3 Haeba Satane o ile a khona ho susumetsa batho bao ba babeli ba phethahetseng hammoho le libopuoa tsa moea tse ngata hore ba se ke ba ikokobelletsa bobusi ba Molimo, le rona a ka re qhekella. Maqiti a hae a ntse a tšoana. O leka ho re qhekella ka hore re nahane hore melao ea Molimo e boima ebile e re amoha thabo. (1 Joh. 5:3) Batho ba bangata lefatšeng ba nahana ka tsela eo ’me haeba re qeta nako e ngata re e-na le bona, re ka ’na ra qetella re nahana joaloka bona. Morali e mong oabo rona ea lilemo li 24, ea ileng a kopanela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate, o ile a re: “Ho tloaelana le batho ba babe ho ile ha ntšusumetsa haholo, haholo-holo kaha ke ne ke tšaba ho ba le maikutlo a fapaneng le a lithaka tsa ka.” Mohlomong le uena u ile ua susumetsoa ke lithaka ka tsela e tšoanang.
w04 7/15 31 ¶6
“E Mong le e Mong ea Masene o Tla Sebetsa ka Tsebo”
Motho ea masene kapa ea lokileng ea sebetsang ka tsebo ea ’nete o tla hlohonolofatsoa. Solomone o re tiisetsa ho re: “Ea lokileng o ja ho fihlela moea oa hae o khotsofetse, empa limpa tsa ba khopo li tla lapa.” (Liproverbia 13:25) Likarolong tsohle tsa bophelo, Jehova oa tseba hore na ke ntho efe e molemong oa rona litabeng tsa malapa a rona, likamanong tsa rona le ba bang, tšebeletsong ea rona, kapa ha re fuoa taeo. ’Me haeba ka bohlale re sebelisa keletso e fumanoang Lentsoeng la hae, ha ho tikatiko hore re tla phela bophelo bo molemo ka ho fetisisa.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 276 ¶2
Lerato
Lerato le ka bontshwa ka tsela e fosahetseng. Ka mabaka ana, ho hlakile hore motho a ka ba le lerato la nnete ha feela a batla le ho latela tataiso ya moya wa Modimo le ho sebedisa tsebo e tswang Lentsweng la Hae. Ka mohlala, motswadi a ka rata ngwana wa hae empa a ka dumella lerato leo le fokotsehe kapa a fa ngwana ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang a nahana hore o a mo rata. Jwalo ka ha motswadi a lokela ho kgalemela ngwana, a ka nna a mo tlohela feela a sa mo kgalemele le maemong ao a hlokang thupa ebe ha a e sebedise. (Pr 22:15) Lerato le jwalo le bontsha boithati. Bibele e re motho ya jwalo ha a bontshe lerato empa o bontsha lehloyo hobane ha a etse dintho tse tla sireletsa bophelo ba ngwana wa hae.—Pr 13:24; 23:13, 14.
LA 19-25 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 14
Nahanisisa ka Hloko ka Seo o ka se Etsang ha Koduwa e Hlaha
Baballa Mpho ya Bophelo
10 Ka dinako tse ding ha ho kgonehe ho qoba kotsi. Re ka nna ra ba boemong bo jwalo ha ho hlaha dikoduwa tsa tlhaho, mafu a sewa le merusu. Le ha ho le jwalo, ha dintho tse jwalo di etsahala re ka leka hore re dule re bolokehile ka hore re mamele ditaelo tse re thusang hore na re tlohe sebakeng seo jwang le ditaelo tse ding tse tswang mmusong. (Bar. 13:1, 5-7) Ka dinako tse ding re ka kgona ho itokisetsa dikoduwa tse ding ka hore re mamele ditaelo tse tswang mmusong tse re thusang hore re itokisetse tsona. Ka mohlala, ho ka ba molemo hore re dule re ena le metsi, dijo tse sa senyeheng le dintho tsa thuso ya pele.
11 Re lokela ho etsang haeba lefu le tshwaetsanwang le ata sebakeng seo re dulang ho sona? Re lokela ho mamela melao e tswang mmusong e kang ya hore re hlape matsoho, re se ke ra atamelana le batho ba bang, re rwale dimonkwana re be re se ke ra kopana le batho ba bang. Ha re etsa dintho tsena re tla be re bontsha hore re ananela haholo mpho ya bophelo eo Modimo a re fileng yona.
12 Nakong eo ho nang le maemo a tshohanyetso, re ka nna ra utlwa ditaba tseo eseng nnete ho metswalle, baahisani le metjha ya diphatlalatso. E ka ba hantle hore re mamele ditaba tse tswang mmusong le ho dingaka ho ena le hore re mamele “lentswe le leng le le leng.” (Bala Diproverbia 14:15.) Sehlopha se Busang le diofisi tsa makala di etsa bonnete ba hore di fumana dintlha tse nepahetseng pele di fana ka tataiso e amanang le ho ya dibokeng le tshimong. (Baheb. 13:17) Ha re mamela tataiso eo re a itshireletsa ebile re sireletsa le batho ba bang. Hape re tla etsa hore batho ba kgahlwe ke tsela eo Dipaki Tsa Jehova di etsang dintho ka yona.—1 Pet. 2:12.
Eba Sebete Jwalo ka Tsadoke
11 Ke jwang re ka bang sebete jwalo ka Tsadoke ha bana ba bo rona ba le kotsing mme ba hloka thuso ya rona? (1) Latela tataiso. Maemong a jwalo, ho bohlokwa hore re mamele tataiso e le hore re ka dula re momahane. Re lokela ho mamela tataiso e tswang ofising ya lekala. (Baheb. 13:17) Baholo ba lokela hore kgafetsa ba ikgopotse ditaelo tsa hore na ba lokela ho itokisa jwang bakeng sa dikoduwa le hore na ba etseng ha dikoduwa di hlaha. (1 Bakor. 14:33, 40) (2) Eba sebete empa o be hlokolosi. (Diprov. 22:3) Nahana pele o nka qeto. O lokela ho etsa bonnete ba hore o bolokehile. (3) Itshetlehe ka Jehova. Hopola hore Jehova o batla hore wena le bana beno le bolokehe. Ka hoo, a ka o thusa hore o ba thuse ka tsela e bolokehileng.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 1094
Bokgoni ba ho Nahana
Le ha ho le jwalo, motho ya kgonang ho sebedisa bokgoni ba hae ba ho nahana hantle a ka boela a hlouwa. E ka nna yaba Diproverbia 14:17 e bua se tshwanang ha e re: “Motho ya nahanang dintho hantle o hlouwe.” Hangata batho ba sa rateng ho nahana, ha ba rate batho ba ratang ho sebedisa kelello. Ka kakaretso, batho ba sebedisang dikelello tsa bona ho etsa thato ya Modimo ha ba ratwe. Jesu Kreste o ile a re ho balatedi ba hae: “Ha le ba lefatshe hobane ke le kgethile, ke ka hoo lefatshe le le hloileng.” (Joh 15:19) Haele hantle, lentswe le sebedisitsweng ka puo ya Seheberu le fetoletsweng e le ‘ho nahana’ ho Diproverbia 14:17 le ka akarelletsa ho nahana dintho tse mpe. Ka hoo, lentswe lena le ka boela la bolela hore motho ya rerang bokgopo o hlouwe mme diphetolelo tse ding di re: “Motho ya rerang bokgopo o hlouwe.”—JP, Ro.
LA 26 MAY–LA 1 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 15
Thusa ba Bang ho ba le Pelo e Thabileng
w10 11/15 31 ¶16
Re Tla Tsamaea Botšepehing ba Rona!
16 Jobo o ne a rata ho amohela baeti. (Jobo 31:31, 32) Le hoja ho ka etsahala hore ebe ha re barui, re ka ‘latela mokhoa oa ho amohela baeti.’ (Bar. 12:13) Re ka ja lijonyana tse bobebe le batho ba bang, re ntse re hopola hore “ho ja meroho ho molemo moo ho nang le lerato ho feta ho ja poho e fepetsoeng sejelong e tsamaeang le lehloeo.” (Liprov. 15:17) Ho ja le molumeli-’moho ea tšepahalang moo ho renang lerato ho tla etsa hore le lijonyana tse bobebe li be monate ’me ruri ho tla re tsoela molemo moeeng.
Kgothatsanang “Haholo”
16 E ne e tla ba phoso e kgolo ha re ne re ka phetha ka hore re ke ke ra kgona ho kgothatsa ba bang hobane feela re le batho ba dihlong. O se ke wa nahana hore ho hlokahala hore o be kgeleke e le hore o kgothatse ba bang. Ka mohlala, ha ekare ha o dumedisa motho o bososela ebe yena ha a bososele, eka nna yaba o hlahetswe ke bothata bo itseng. Ho mo mamela feela ho ka mo kgothatsa, ka ha e ka nna ya ba ke yona ntho eo ehlileng a neng a e hloka.—Jas. 1:19.
17 Morabo rona e mong e monyenyane ya bitswang Henri, o ile a kgathatseha haholo ha ba leloko hammoho le Ntate wa hae eo e neng e le moholo, ba tlohela ho ba Dipaki. Molebedi wa potoloho o ile a kgothatsa Henri ha ba ntse ba nwa kofi shopong e rekisang kofi mme a mo mamela ha a ntsha maikutlo. Henri o ile a lemoha hore tsela feela ya ho thusa batho ba habo, ke ka hore a mamelle ka botshepehi. O ile a tshediswa ke ho bala Pesaleme ya 46; Sofonia 3:17 le Mareka 10:29, 30.
18 Mohlala wa Marthe le wa Henri, o re bontsha hore re ka kgona ho kgothatsa bara le baradibabo rona ba hlokang matshediso. Ke ka hoo Morena Solomone a ileng a re: “Lentswe le buuwang ka nako ya lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” (Liprov. 15:23, 30) Ho ekelletsa moo, Tora ya ho Lebela le websaete ya rona, di ka etsa hore motho ya nyahameng a tsohe molota. Pauluse yena o re ho bina dipina tsa Mmuso ke pheko. O ile a ngola a re: “Le nne le rutane le ho eletsana ka dipesaleme, dithoriso ho Modimo, dipina tsa moya ka mosa, le binela Jehova ka dipelong tsa lona.”—Bakol. 3:16; Lik. 16:25.
Matlotlo a Patilweng
Na Mokreste a ka Amohela Phekolo ea Lingaka?
2. Na nka batla maikutlo a lingaka tse ling? ‘Baeletsi ba bangata’ ba ka ’na ba u thusa, haholo haeba boemo ba hao bo se bo le bobe.—Liproverbia 15:22.
LA 2-8 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 16
Dipotso Tse Tharo Tse ka re Thusang ho Etsa Diqeto Tse Molemo
w14 1/15 19 ¶11-12
Etsa Liqeto Tse Bohlale Nakong ea Bocha
11 Ha re sebeletsa Jehova re fumana thabo e kholo. (Liprov. 16:20) Kamoo ho bonahalang kateng, mongoli oa Jeremia e leng Baruke o ile a lebala seo. Ho na le nako eo a neng a se a sa thabele ho sebeletsa Jehova. Jehova o ile a re ho eena: “U ntse u ipatlela lintho tse kholo. U se ke ua ’na ua li batla. Etsoe bona! ke tlisa tlokotsi holim’a nama eohle, . . . ’me ke tla u neha moea oa hao e le thepa e hapuoeng libakeng tsohle tseo u ka eang ho tsona.” (Jer. 45:3, 5) U nahana’ng ka taba ee? Ke’ng e neng e tla thabisa Baruke—ho batla lintho tse kholo kapa ho pholoha e le mohlanka ea tšepahalang oa Molimo ha Jerusalema e timetsoa?—Jak. 1:12.
12 Mor’abo rona e mong ea ileng a fumana thabo e tlisoang ke ho sebeletsa ba bang ke Ramiro. O re: “Ke tsoa lelapeng le futsanehileng le lulang motsaneng o Lithabeng tsa Andes. Kahoo ha abuti oa ka a ithaopela ho ntefella univesithi, oo e ne e le monyetla o moholo. Empa ke ne ke sa tsoa kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me pula-maliboho e mong o ne a nkopile hore ke mo thuse ka mosebetsi oa boboleli motsaneng o mong. Ke ile ka ea moo, ka ithuta ho kuta moriri ’me ka bula khoebo ea ho kuta e le hore ke iphelise. Batho ba bangata ba ne ba arabela hantle ha re ithaopela ho ba ruta Mangolo. Hamorao ke ile ka kopanela le phutheho e sa tsoa thehoa e sebelisang puo ea moo. Ke se ke qetile lilemo tse leshome joale ke le ’moleli oa nako e tletseng. Ha ho mosebetsi o mong o ntlisetsang thabo e kang eo ke e fumanang ha ke thusa batho ho ithuta litaba tse molemo ka puo ea bona.”
w13 9/15 17 ¶1-3
Na U Fetohile?
KAOFELA ha rona re angoa haholo ke tsela eo re holisitsoeng ka eona kapa ke tikoloho eo re phelang ho eona. Re apara ka tsela e itseng; re rata lijo tse itseng; re bile re itšoara ka tsela e itseng. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore re susumetsoa ke batho bao re phelang har’a bona le maemo ao re thulanang le ’ona bophelong.
2 Leha ho le joalo, ho na le lintho tseo e leng tsa bohlokoa ho feta mofuta oa lijo kapa liaparo tseo re li khethang. Ka mohlala, tsela eo re holisitsoeng ka eona e etsa hore re nke lintho tse ling li nepahetse li bile li amoheleha ha tse ling li fosahetse ’me li sa amohelehe. Bongata ba lintho tseo, ke tseo batho ba lokelang ho iketsetsa qeto ho tsona ’me lia fapana ho ea ka batho. Lintho tseo re li khethang li ka ba tsa bontša hore na letsoalo la rona le susumetsoa ke eng. Bibele e bolela hore hangata “batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao.” (Bar. 2:14) Empa na seo se bolela hore ha ho se na molao oa Molimo o hlakileng mabapi le taba e itseng, re ka be se re latela litloaelo le melao eo re holisitsoeng ka eona kapa e tloaelehileng sebakeng sa habo rona?
3 Bonyane ho na le mabaka a mabeli ao Bakreste ba sa lokelang ho etsa joalo ka ’ona. La pele, Bibele e re: “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.” (Liprov. 16:25) Kaha ha rea phethahala, ha re na bokhoni ba ho hlokomela hore na ke sefe se ka re tsoelang molemo e le kannete e le hore re tataise mehato ea rona hantle. (Liprov. 28:26; Jer. 10:23) La bobeli, Bibele e bontša hore mekhoa le melao e tataisang lefatše lena e laoloa ke Satane, e leng “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakor. 4:4; 1 Joh. 5:19) Ka lebaka leo, ha re batla hore Jehova a re hlohonolofatse a be a re amohele, re lokela ho mamela keletso e ho Baroma 12:2.—E bale.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 629
Kgalemelo
Ditlamorao Tsa ho Mamela le Tsa ho se Mamele. Batho ba kgopo, dithoto kapa ba sa itshwareng hantle ba bontsha hore ba hloile kgalemelo e tswang ho Jehova ka hore ba se ke ba e mamela. (Ps 50:16, 17; Pr 1:7) Ditlamorao tse bakwang ke bothoto bona di etsa hore motho a fuwe kgalemelo e eketsehileng, hangata e le kotlo e matla. Jwalo ka ha maele a lengolong la Diproverbia a bontsha: “Dithoto di rutwa ke bothoto ba tsona.” (Pr 16:22) Batho bana ba ka boela ba ipakela mathata, mahlabisa dihlong, malwetse ba ba ba shwa kapele. Histori ya Baiseraele e bontsha ka moo ho se mamele ho ka bang kotsi ka teng. Ha ba a ka ba mamela ha baprofeta ba ba kgalemela le ho ba fa tayo. Ha ba a ka ba mamela le ha Jehova a ba kgalemela ka hore a kgaotse ho ba sireletsa le ho ba hlohonolofatsa. Qetellong, ba ile ba hlolwa le ho iswa botlamuweng jwalo ka ha ba ile ba bolellwa esale le pele.—Jer 2:30; 5:3; 7:28; 17:23; 32:33; Ho 7:12-16; 10:10; Sof 3:2.
LA 9-15 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 17
Thabelang Kgotso Lenyalong la Lona
g 9/14 11 ¶2
Na U ka Khaotsa ho Tšoara Molekane oa Hao ka Pelo?
Itlhahlobe ka botšepehi. Bibele ea lumela hore batho ba bang ba ‘ineheletse bohale’ ’me ba ‘rata ho halefa.’ (Liproverbia 29:22) Na u motho ea joalo? Ipotse: ‘Na ke motho ea halefang habonolo? Na ke khopiseha kapele? Na ke rata ho tsosa likhang ka lintho tse sa reng letho?’ Bibele e re: “Ea ntseng a bua ka taba o arola ba tloaelaneng.” (Liproverbia 17:9; Moeklesia 7:9) Sena se ka etsahala le lenyalong. Kahoo, haeba u tloaetse ho tšoara batho ba bang ka pelo, ipotse, ‘Na nka mamella molekane oa ka haholoanyane?’—Molao-motheo oa Bibele: 1 Petrose 4:8.
w08 5/1 10 ¶6–11 ¶1
Ho Lokisa Mathata
1. Behang nako ea ho buisana ka bothata. “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, . . . nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:1, 7) Joalokaha ho bontšitsoe phehisanong eo ho builoeng ka eona pejana, mathata a mang a ka etsa hore motho a phahamise maikutlo. Haeba seo se etsahala, ithibe ebe u kopa hore le tlohele taba eo ka nakoana—le ‘khutse’—pele bohale ba lona bo tloka. Le ka etsa hore kamano ea lona e se ke ea senyeha haeba le mamela keletso ea Bibele e reng: “Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, khang ha e e-so ho hotele, u e tlohele.”—Liproverbia 17:14, Bibele ea Sesotho.
Leha ho le joalo, ho boetse ho na le “nako ea ho bua.” Mathata a tšoana le lehola le tlokomang ha le sa hlaoloe. Ka hona le se ke la hlokomoloha bothata, ka tšepo ea hore bo tla fela. Bontša hore u hlompha molekane oa hao ka hore u khethe nako e haufi eo le tla buisana ka eona haeba u re le behe taba molatsa. Ho etsa joalo ho ka le thusa ka bobeli hore le sebelise keletso ea Bibele e reng: “Letsatsi le se ke la le likella le halefile.” (Baefese 4:26) Ha e le hantle, ho hlokahala hore u phethahatse tšepiso ea hao.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 790 ¶2
Leihlo
Motho a ka sebedisa mahlo ho bontsha ka moo a ikutlwang ka teng. Mahlo a ka bontsha hore motho o utlwela e mong bohloko kapa tjhe (De 19:13); motho a ka ‘panya’ kapa ho ‘koba’ leihlo e le ha a soma kapa a rera ho etsa bolotsana. (Ps 35:19; Pr 6:13; 16:30) Motho ya sa batleng ho mamela kapa a sa batle ho etsa ntho e itseng bakeng sa motho e mong ho ka thwe o kwetse kapa o ipatile mahlo. (Mat 13:15; Pr 28:27, bi12) Ho thwe motho ya hlokang kelello o sheba “ho ya fihla moo lefatshe le fellang,” a ntse a thalatsa mahlo mona le mane a sa shebe nthong e le nngwe. Menahano ya hae e a lelera ho ena le hore e tsepame ho seo e leng sa bohlokwa. (Pr 17:24) Mahlo a motho a ka boetse a bontsha ha motho a thabile, a le matla kapa a phetse hantle. (1Sa 14:27-29; De 34:7; Job 17:7; Ps 6:7; 88:9) Morena Josafate o ile a re ho Jehova: “Mahlo a rona a tadimile ho wena.”—2Kr 20:12, bi12.
LA 16-22 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 18
Bua Mantswe a Kgothatsang ho ba Kulang
Bohlale ba Nnete bo Ntse bo Hweletsa Haholo
17 Nahana pele o bua. Haeba re sa hlokomele, re ka utlwisa batho bohloko haholo ka dintho tseo re di buang. Bibele e re: “ Dipuo tse sa nahanwang di hlaba jwalo ka sabole empa dipuo tsa ba bohlale di a fodisa.” (Diprov. 12:18) Re tla etsa hore ho be le kgotso haeba re sa bue ka diphoso tsa batho ba bang. (Diprov. 20:19) Haeba re batla hore dintho tseo re di buang di tshedise batho ba bang ho ena le ho ba utlwisa bohloko, re lokela ho bala Lentswe la Modimo ka mehla re be re nahanisise ka dintho tseo re di balang. (Luka 6:45) Ha re nahanisisa ka seo re se balang, mantswe a rona a ka ba jwalo ka “sediba sa bohlale” mme a tla kgothatsa batho ba bang.—Diprov. 18:4.
Lebokose la mrt sehlooho sa 19
O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?
Mo mamele ka hloko. Tsela e nngwe e molemo ya ho thusa motswalle wa hao ke ka ho mo mamela ha a batla ho bua. O se ke wa nahana hore o lokela ho arabela ntho e nngwe le e nngwe eo a e buang. Hangata ho mamela feela ho lekane. Leka ho mamela ditlhahiso tsa hae hape o se ke wa mo ahlola. O se ke wa nahana hore o tseba ka moo motswalle wa hao a ikutlwang ka teng, haholoholo haeba a bonahala eka ha a kule.—Diproverbia 11:2.
Bua dintho tse kgothatsang. O ka nna wa thatafallwa ke hore na o reng empa ho bua mantswe a seng makae ho bontsha hore o utlwisisa tsela eo motswalle wa hao o ikutlwa ka yona, seo se ka mo kgothatsa ho feta ho se bue letho. Haeba o sa tsebe hore na o ka reng leka ho bua mantswe a kang: “Ha ke tsebe na ke reng empa ke batla hore o tsebe hore ke a o tsotella.” Qoba ho bua dintho tse kang: “Ho ka nna ha mpefala le ho feta” kapa “Bonyane ha o a tshwarwa ke . . . ”
O ka bontsha motswalle wa hao hore o a mo rata ka hore o ithute ka bolwetse bo mo tshwereng. O tla ananela boiteko boo o bo etsang ho utlwisisa boemo ba hae mme dintho tseo o di buang di tla utlwahala haholwanyane. (Diproverbia 18:13) Le ha ho le jwalo, e ba hlokolosi hore o se ke wa fana ka keletso ho sa hlokahale.
Mo thuse ka dintho tseo a di hlokang. Ho ena le ho nahana hore o a tseba hore na o ka mo thusa jwang, mo botse. Le ha ho le jwalo, hopola hore motswalle wa hao a ka nna a se dumele hore o hloka thuso hobane a sa batle ho o imetsa. Fana ka ditlhahiso tsa dintho tseo o ka ratang ho mo etsetsa tsona, jwalo ka ho mo hlwekisetsa, ho ya dishopong kapa ho mo thusa ka mesebetsi e meng.—Bagalata 6:2.
O se ke wa tela. Ha motswalle wa hao a ntse a sebetsana le ho kula, a ka nna a se ke a batla ho bua le wena kapa ho etsa dintho tseo le neng le dumellane ho di etsa mmoho. Mo mamelle mme o mo utlwele. Tswela pele ho ithaopela ho mo thusa.—Diproverbia 18:24.
O ka Thusa Batho ba Nang le Kgatello ya Maikutlo Jwang?
“Le tshedise ba nyahameng.”—1 BATHESALONIKA 5:14.
Motswalle wa hao a ka ikutlwa a tshwenyehile kapa a ikutlwa a se na thuso. A ka kgothatswa le ho matlafatswa ke ho tseba hore o a mo tsotella le haeba o sa tsebe hore na o lokela ho reng ho yena.
“Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle.”—DIPROVERBIA 17:17.
Thusa motswalle wa hao. Ho ena le ho nahana hore o se o tseba hore na o ka mo thusa jwang, mo botse hore na o ka mo thusa ka eng. Haeba motswalle wa hao a thatafallwa ke ho hlalosa hore na o ka mo thusa ka eng, o ka nna wa mo botsa hore na a ka se thabele hore le ke le hahlwe ke moya. O ka thusa motswalle wa hao ka ditsela tse ding. O ka tsamaya le yena ho ya mabenkeleng, wa mo hlwekisetsa ntlo kapa wa mo etsetsa ho hong.—Bagalata 6:2.
“Le mamelle.”—1 BATHESALONIKA 5:14.
Ka dinako tse ding ho ka ba thata hore motswalle wa hao a bue. Nakong eo a batlang ho bua, mo kgodise hore o tla mo mamela. Motswalle wa hao a ka etsa kapa a bua dintho tse ka o utlwisang bohloko ka lebaka la bokudi ba hae. A ka etsa qeto ya ho tlohela ho etsa dintho tseo le neng le dumellane ka hore le tla di etsa kapa a ikutlwa a batla ho ba mong. Eba le mamello ha o ntse o mo thusa.—Diproverbia 18:24.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 271-272
Lotho, I
Mehleng ya kgale ho ne ho tlwaelehile hore ho lahlwe lotho ha ho etswa qeto ka potso e amang taba e itseng. Ho ne ho nkwa majwe a manyenyane a tjhitja, dithupa tse nyenyane, majwe a mang a manyenyane kapa dintho tse ding tse nyenyane ebe di tshelwa ka hara seaparo se mennweng kapa nkgo, ka mora moo di a tsukutlwa. Motho eo lotho ya hae e tswang ka moo ke yena ya neng a kgethwa. Feela jwalo ka ha ho ne ho etswa kano, ho a rapelwa pele ebe ho lahlwa lotho. Thapelo e ne e etswa ka tsela e tobileng kapa e sa tobang ha ho ne ho lahlwa lotho mme ho ne ho lebelletswe hore Jehova a kenelle. Lentswe lotho (Seheb., goh·ralʹ) le ne le sebediswa ha ho ne ho lahlwa lotho kapa ho nahannwe ka ho “arolela” kapa ho fanwa ka “kabelo.”—Jos 15:1; Ps 16:5; 125:3; Esa 57:6; Jer 13:25.
Morero wa ho e sebedisa. Diproverbia 16:33 e re: “Lotho e a lahlwa empa qeto e nngwe le e nngwe e etswang ka lotho e tswa ho Jehova.” Ha Baiseraele ba ne ba lahla lotho, ba ne ba e sebedisetsa ho kgaola kgang: “Ho lahla lotho ho kgaola kgang ebile ho fedisa qabang dipakeng tsa dira tse matla.” (Pr 18:18) Morero wa lotho e ne e se wa dipapadi, ho bapala kapa ho betjha. Ka hoo, ho ne ho se na motho ya hlolang kapa ya hlolwang. E ne e sa sebedisetswe ho etsetsa tempele tjhelete, ho ruisa baprista kapa ho thusa batho ba bang. Empa masole a Baroma ona a ile a e sebedisetsa ho ithuisa jwalo ka ha ho ile ha bolelwa esale pele lengolong la Pesaleme ya 22:18, ba ile ba lahla lotho bakeng sa diaparo tsa Jesu.—Mat 27:35.
LA 23-29 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 19
Eba Motswalle wa Sebele ho Bana Beno
Re ka Etsang e le Hore re Dule re Ratana Haholo?
16 Nahana ka dintho tse ntle tseo bana beno ba di etsang, eseng tse mpe. A re etse mohlala. A re re o na le bana beno moketeng mme ho monate. Ha mokete o fela, le nka foto le le sehlopha. Ka mora moo, le nka difoto tse ding tse pedi e le hore le be le tse ding haeba ya pele e sa tswa hantle. O qetella o se o ena le difoto tse tharo empa ha o sheba e nngwe o a bona hore morabo rona e mong o sosobantse sefahleho. O tlo etsang ka foto eo? O tlo e hlakola hobane o ntse o ena le difoto tse ding tse pedi moo batho bohle ba bososetseng ha mmoho le morabo rona eo.
17 Re ka tshwantsha difoto tseo re di bolokang le dintho tseo re di hopolang. Hangata re hopola dinako tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le bana ba bo rona. Empa a re re ka nako e nngwe Mokrestemmoho le wena o ile a bua kapa a etsa ntho e ileng ya o utlwisa bohloko. Re lokela ho etsang haeba re hopola nako eo? Re lokela ho e hlakola ka hloohong, feela jwalo ka ha re ne re tla hlakola foto e seng hantle. (Diprov. 19:11; Baef. 4:32) Re ka kgona ho lebala phoso eo e nyenyane eo ngwanabo rona a e entseng hobane re hopola dinako tse ngata tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le yena. Ke tsona dintho tseo re lokelang ho di hopola le ho di ananela.
Tswela Pele o Rata Jehova le Batho ba Bang
10 Le rona re lokela ho batla ditsela tsa ho thusa bara le baradi ba bo rona. (Baheb. 13:16) Nahana ka mohlala wa Moradi wa bo rona Anna eo re buileng ka yena sehloohong se fetileng. Ka mora dipula tse matla, yena le mohatsa wa hae ba ile ba etela lelapeng le leng la Dipaki moo ba ileng ba fumana hore marulelo a ntlo a senyehile. Ka hoo, diaparo tsa lelapa leo di ne di le ditshila kaofela. Moradi wa bo rona Anna o re: “Re ile ra nka diaparo tsa bona, ra di hlatswa ra ba ra di kgutlisa di aennwe ebile di mennwe. E ne e se mosebetsi o mokaalo ho rona empa ho etsa jwalo ho ile ha etsa hore re be metswalle ya hlooho ya kgomo ho fihlela kajeno.” Ho rata bara le baradi ba bo rona ho ile ha susumeletsa Moradi wa bo rona Anna le mohatsa wa hae hore ba ba thuse.—1 Joh. 3:17, 18.
11 Ha re bontsha batho ba bang hore re a ba rata ebile re le mosa, ba ka bona hore re leka ho etsisa Jehova mme ba ka ananela mosa oo re ba bontshang wona ho feta ka moo re ka nahanang ka teng. Moradi wa bo rona Khanh eo re buileng ka yena pejana ha a lebale batho ba ileng ba mo thusa. O re: “Ke ananela haholo baradi beso ba ileng ba tsamaya le nna tshimong. Ba ne ba ntata moo ke dulang, ba mmemela dijong ba bile ba etsa bonnete ba hore ke fihla hae ke sireletsehile. Hona jwale ke a hlokomela hore e ne e le mosebetsi o boima ho bona. Empa ba ne ba o etsa ba thabile.” Ke nnete hore ha se motho e mong le e mong ya tla re leboha ka dintho tse molemo tseo re mo etseditseng tsona. Moradi wa bo rona Khanh ha a bua ka batho ba mo thusitseng o re: “Ekare nka ba patala ka lebaka la dintho tse ntle tseo ba ileng ba nketsetsa tsona empa jwale ha ke tsebe moo kaofela ha bona ba dulang teng. Le ha ho le jwalo, Jehova o tseba moo ba leng teng mme ke rapela hore a mpatalle bona.” Moradi wa bo rona Khanh o nepile. Jehova o bona dintho tse ntle tseo re di etsetsang batho ba bang le hoja di ka bonahala di le nyenyane. Jehova o a bona ha re itella ho etsetsa batho ba bang dintho tse molemo mme o tla re putsa.—Bala Diproverbia 19:17.
Tswelang Pele le Bontshana Mosa o Lerato
6 Re ka nna ra nka motho ya sebeleditseng khamphani e itseng ka dilemo tse ngata e le mohiruwa ya tshepahalang. Le hoja a sebeleditse khamphani eo ka dilemo tse ngata, e ka nna yaba ha a eso ka a kopana le beng ba yona ebile ha se ka mehla a dumellanang le melao ya khamphani. Ha a rate khamphani eo empa o sebetsa moo hobane a hloka tjhelete. Ho ntse ho le jwalo, o tla tlameha ho tswela pele a sebetsa moo ho fihlela a beha meja fatshe kapa a fumana mosebetsi o mong o betere sebakeng se seng.
7 Re bone serapeng sa botshelela hore phapang e teng pakeng tsa botshepehi le mosa o lerato ke lebaka leo motho a bontshang makgabane ana ka lona. Mehleng ya Bibele, ke hobaneng ha bahlanka ba Modimo ba ne ba bontsha mosa o lerato? Batho ba neng ba bontsha mosa o lerato ba ne ba etsa jwalo hobane ba batla, eseng hobane ba tlamehile. A re bueng ka mohlala wa Davida. O ile a susumelletseha hore a bontshe motswalle wa hae wa hlooho ya kgomo Jonathane mosa o lerato le hoja ntate wa Jonathane a ne a batla ho mo bolaya. Dilemo ka mora hore Jonathane a hlokahale, Davida o ile a tswela pele a bontsha mora wa Jonathane e leng Mefiboshethe mosa o lerato.—1 Sam. 20:9, 14, 15; 2 Sam. 4:4; 8:15; 9:1, 6, 7.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 515
Keletso, Moeletsi
Jehova ke yena feela ya bohlale ka ho fetisisa mme ha ho na motho ya ka mo eletsang. (Esa 40:13; Bar 11:34) Mora wa hae o fana ka keletso le tataiso jwalo ka “Moeletsi ya Hlollang” hobane o latela le ho amohela keletso ya Ntate wa hae ebile o na le moya wa Modimo. (Esa 9:6; 11:2; Joh 5:19, 30) Sena se bontsha bohlokwa ba hore haeba o batla ho fana ka keletso e molemo, o lokela hore o nahane ka Jehova. Keletso le ha e le efe e kgahlanong le Ya Phahameng ka ho Fetisisa ha e na thuso. Ha e le hantle, ho tshwana le ha ho sa fanwa ka keletso.—Pr 19:21; 21:30.
LA 30 JUNE–LA 6 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 20
Dintho Tse ka Thusang Batho ba Ratanang Hore ba Atlehe Leferehong
Batho ba Ratanang ba ka Etsa Qeto e Nepahetseng Jwang?
3 Le hoja nako eo batho ba ratanang ka yona e le e monate, nako eo ke ya bohlokwa haholo hobane ba ka qetella ba nyalane. Ka letsatsi la lenyalo, monna le mosadi ba ikana ho Jehova hore ba tla ratana le ho hlomphana ha feela ba ntse ba phela. Re lokela ho nahana ka hloko pele re etsa kano le ha e le efe. (Bala Diproverbia 20:25.) Ka ho tshwanang, re lokela ho nahana ka hloko ha re nahana ka ho etsa kano ya lenyalo. Ha batho ba ntse ba ratana, ba tsebana haholwanyane mme ba ka etsa qeto e nepahetseng. Ka dinako tse ding ba ka etsa qeto ya ho nyalana empa ka dinako tse ding ba ka etsa qeto ya hore ba arohane. Haeba ba arohana, sena ha se bolele hore ho na le ntho e phoso eo ba e entseng. Ho ena le hoo, nako eo ba e qetileng ba tsebana e ba thusitse hore ba etse qeto e nepahetseng ya hore na ba tla nyalana kapa tjhe.
4 Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore batho ba batlang ho ratana ba tsebe hore na morero wa ho ratana ke ofe? Ha motho ya eso nyale a tseba morero wa ho ratana, a ke ke a kgetha ho ratana le motho eo a sa ikemisetsang ho mo nyala. Le ha ho le jwalo, batho ba sa nyalang ha se bona feela ba lokelang ho utlwisisa hore na morero wa ho ratana ke ofe. Kaofela ha rona re lokela ho tseba hore na morero wa ho ratana ke ofe. Ka mohlala, batho ba bang ba nahana hore ha batho ba ratana jwang kapa jwang ba lokela ho nyalana. Taba ee e etsa hore Bakreste ba sa nyalang ba ikutlwe jwang? Moradi wa bo rona Melissa ya dulang United States ya sa nyalwang o re: “Dipaki tse ding di lebeletse hore ha mora le moradi wa bo rona ba ratana ba nyalane. Ka lebaka leo, batho ba bang ba ratanang ha ba batle ho arohana le hoja dintho di sa tsamaye hantle. Batho ba bang ba sa nyalwang bona ba qoba ho ratana ka ho feletseng. Taba ena e ka etsa hore ba tshwenyehe haholo.”
O ka Fumana Molekane Jwang?
8 O ka etsang e le hore o shebe motho e mong ka bohlale? Ha le le dibokeng kapa le le mmokeng o ka nna wa hlokomela hore na motho eo o na le kamano e ntle le Jehova, o na le botho bo jwang le hore na boitshwaro ba hae bo jwang. Metswalle ya hae ke bomang, hona o qoqa ka eng? (Luka 6:45) Na o batla ho finyella dintho tseo le wena o batlang ho di finyella bophelong? O ka buisana le baholo ba phutheho ya habo kapa Bakreste ba bang ba hodileng tsebong ba mo tsebang hantle. (Diprov. 20:18) O ka nna wa botsa ka botumo le makgabane a motho eo. (Ruthe 2:11) Ha o ntse o shebile motho eo, etsa bonnete ba hore o qoba ho etsa hore a ikutlwe a sa phutholoha. Hlompha maikutlo a hae mme o se ke wa batla ho dula o le moo a leng teng le ho batla ho tseba ntho e nngwe le e nngwe ka yena.
Batho ba Ratanang ba ka Etsa Qeto e Nepahetseng Jwang?
7 O ka etsang e le hore o tsebe motho eo o ratanang le yena hantle? Ntho e ka le thusang ke hore le buisane ka bolokolohi, le botsane dipotso mme le mamelane ka hloko. (Diprov. 20:5; Jak. 1:19) Le ka thuswa le ke ho etsa dintho tse tla le thusa hore ho be bonolo hore le qoqe, jwalo ka ho ja ha mmoho, ho otlolla maoto ha mmoho le ho etsa mosebetsi wa boboledi ha mmoho. Le ka boela la tsebana haholwanyane ha le qeta nako le ena le metswalle le ba lelapa. Hape le ka rera ho etsa dintho tse tla le thusa ho bona hore na le itshwara jwang ha le ena le batho ba sa tshwaneng le ha le le maemong a sa tshwaneng. Utlwa hore na Morabo rona Aschwin ya dulang Netherlands o ile a leka ho etsang. Ha a bua ka nako eo a neng a ratana le Moradi wa bo rona Alicia ka yona, o re: “Re ne re etsa dintho tse tla re thusa hore re tsebane haholwanyane. Hangata re ne re etsa dintho tse bonolo tse kang ho pheha dijo ha mmoho kapa ho etsa mesebetsi e meng ha mmoho. Ha re etsa dintho tsena, re ne re kgona ho bona hore na ke makgabane afe ao re nang le ona le hore na ke dintho dife tseo re fokolang ho tsona.”
8 Tsela e nngwe eo le ka tsebanang haholwanyane ka yona ke ka ho ithuta dihlooho tse thehilweng Bibeleng ha mmoho. Haeba le nyalana, le tla lokela ho etsa borapedi ba lelapa e le hore Modimo e be karolo ya bohlokwa lenyalong la lona. (Moek. 4:12) Ka hoo, mohlomong le ka etsa nako ya ho ithuta ha mmoho hona jwale ha le ntse le ratana. Ke nnete hore batho ba ratanang ha eso be lelapa mme morabo rona ha eso be hlooho ya moradi wa bo rona. Le ha ho le jwalo, ha le dula le ithuta ha mmoho o tla tseba hore na motho eo o ratanang le yena o rata Jehova hakae. Banyalani ba dulang United States e leng Morabo rona Max le Moradi wa bo rona Laysa, ba ile ba hlokomela molemo o mong wa ho etsa sena. Morabo rona Max o re: “Ha re qala ho ratana, re ile ra qala ho bala dingolwa tse buang ka ho ratana, lenyalo le bophelo ba lelapa. Dingolwa tseo di ile tsa re thusa hore re kgone ho buisana ka dintho tse ngata tsa bohlokwa tseo ho ka beng ho bile thata hore re buisane ka tsona.”
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 196 ¶7
Lebone
Ho ya ka Diproverbia 20:27, “dintho tseo motho a di buang di tshwana le lebone la Jehova, le ntseng le mo hlahloba ka harehare.” “Dintho tseo motho a di buang” ebang di ntle kapa di mpe, di bontsha kapa di re fa lesedi la hore na ke motho ya jwang.