Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso
© 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 1-7 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 29
Qoba Mekgwa le Ditlwaelo Tse sa Dumellaneng le Bibele
wp16.06 6, lebokose
Ke Bomang ba Phelang Lehodimong?
Mehleng ena batho ba bangata ba tshwana le batshwaruwa ba tlanngweng ka diketane. Ba dumela ditumelakgwela mme ba dula ba tshohile hore meya e mebe e ka ba ntsha kotsi. Batho ba bangata ba rwala dintho tse itseng le ho iketsa dithatho mme ba dumela hore di ka ba sireletsa ho meya e mebe. Empa ha ho hlokahale hore o etse dintho tsena hobane Bibele e re: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatshe lohle hore a bontshe matla a hae molemong wa bao dipelo tsa bona di feletseng ho yena.” (2 Dikronike 16:9) Jehova, e leng Modimo wa nnete o matla haholo ho feta Satane mme a ka o sireletsa haeba o mo tshepa.
E le hore Jehova a o sireletse, o lokela ho ithuta hore na ke eng e mo thabisang ebe o a e etsa. Ho etsa mohlala, Bakreste ba mehleng ya Pauluse ba Efese ba ile ba bokella dibuka tsohle tsa bona tsa bonohe yaba ba a di tjhesa. (Diketso 19:19, 20) Ho a tshwana le mehleng ena, e le hore Modimo a o sireletse o lokela ho lahla dintho tsohle tse amanang le tshebedisano le meya tse kang dithatho, ditshwantsho, dibuka, mehala e “sireletsang” le ntho efe kapa efe e amanang le meya.
Emela Seo Bibele e se Rutang Mabapi le Lefu
13 Haeba o sa kgodiseha hore ketso e itseng ke moetlo kapa tjhe, kopa Jehova hore a o fe bohlale. (Bala Jakobo 1:5.) Etsa dipatlisiso dingolweng tsa rona mme o kope thuso ho baholo ba phutheho ya heno. Ba ke ke ba o bolella hore keng seo o lokelang ho se etsa, empa ba ka o bontsha melaomotheo ya Bibele e tla o thusa, e kang eo re seng re buile ka yona sehloohong sena. Jwale ha o ntse o latela mehato ena, o tla kwetlisa “matla a [hao] a ho lemoha” mme matla ana, a tla o thusa “ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheb. 5:14.
“Ke Tla Tsamaya Nneteng ya Hao”
12 Meetlo le ditlwaelo tse kgahlanong le Bibele. Basebetsimmoho, baithutimmoho kapa beng ka rona, ba ka leka ho re hokahoka hore re ba joene ha ba keteka matsatsi a itseng a phomolo. Jwale, re ka hlola kgatello ya ho inehela meetlong le ditlwaelong tseo Jehova a di hloileng jwang? Ka ho ba le pono e tshwanang le ya hae ka dintho tsena. Ntho e nngwe e ka re thusang, ke ho hlahlobisisa dingolwa tsa rona mme re bone dihlooho tse buang ka hore na matsatsi a phomolo a qadile hokae. Ha re ikgopotsa hore na ke hobaneng ha Bibele e re re se ke ra keteka matsatsi ana, re tla kgodiseha le ho feta hore re tsamaya nneteng le hore re etsa “se amohelehang ho Morena.” (Baef. 5:10) Ha re tshepa Jehova le Lentswe la hae la nnete, seo se tla re sireletsa hore re se ke ra “thothometswa ke batho.”—Diprov. 29:25.
Matlotlo a Patilweng
it “Ho Rorisa ho Tlola” ¶1
Ho Rorisa ho Tlola
Ke ho leka ho thabisa motho ka ho mo babatsa le ho mo rorisa ka ho fetelletseng empa e le ka boikaketsi ebile ho sa tswe pelong. Ketso ena e etsa hore motho ebe moithati kapa a ikgohomosetse ba bang e leng ntho e kotsi ho yena. Morero wa thoriso e jwalo ke ho batla ho ratwa kapa ho fumana dintho tse bonahalang ho tswa ho motho ya roriswang. Hape ke ho etsa hore motho ya roriswang a ikutlwe a tlamehile ho etsetsa motho ya mo rorisang ho hong kapa ho mo hlompha. Hangata motho ya rorisang e mong ho tlola, o etsa jwalo hobane a mo tjhehela leraba. (Pr 29:5) Ketso ena ha e bontshe hore motho o na le bohlale bo tswang lehodimong empa o na le ba lefatshe lena, bo bonahalang ka hore motho e be moithati, a kgetholle ba bang hape e be moikaketsi. (Jak 3:17) Ho babatsa ba bang ka boikaketsi, ho bua leshano le ho etsa hore batho ba bang ba ikgohomose, kaofela ha di thabise Modimo.—2Ko 1:12; Gal 1:10; Ef 4:25; Kol 3:9; Tshe 21:8.
LA 8-14 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 30
“O se ke wa Etsa Hore ke Futsanehe Kapa ke Rue”
Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tlisang Thabo ya Sebele?
10 Ke nnete hore kaofela ha rona re hloka tjhelete hobane ka tsela e itseng e a re sireletsa. (Moek. 7:12) Empa na motho a ka thaba ha a na le tjhelete e lekanang ditlhoko tsa hae tsa motheo feela? E, ho jwalo! (Bala Moeklesia 5:12.) Agure mora wa Jake o ile a re ho Modimo: “O se ke wa mpha bofutsana kapa maruo. E re ke je dijo tseo ke di behetsweng.” Ho bonolo ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha Solomone a ne a sa batle ho futsaneha. O re o ne a sa batle ho lekeha hore a utswe, hobane ho etsa jwalo ho ne ho tla utlwisa Modimo bohloko. Empa ke hobaneng ha a ile a rapella hore e se ke ya eba morui? O ile a fana ka lebaka, ha a re ho Jehova: “Hore ke se ke ka kgora yaba ke a o latola mme ke re: ‘Jehova ke mang?’ ” (Diprov. 30:8, 9) Ho ka etsahala hore le wena o tseba batho ba tshepang maruo a bona ho feta Modimo.
11 Batho ba ratang tjhelete ba ke ke ba kgona ho sebeletsa Modimo. Jesu o ile a re: “Ha ho eo e ka bang lekgoba la benghadi ba babedi; ka ha o tla hloya e mong mme a rate e mong, kapa o tla kgomarela e mong mme a nyedise e mong. Le ke ke la ba makgoba a Modimo le a Maruo.” Empa pele Jesu a bua mantswe ao, o ile a re: “Kgaotsang ho ipolokela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome di jang, le moo mashodu a thuhang mme a utswe. Ho ena le hoo, le ipolokele matlotlo lehodimong, moo tshwele kapa mafome di sa jeng, le moo mashodu a sa thuheng mme a utswe.”—Mat. 6:19, 20, 24.
12 Batho ba bangata ba hlokometse hore ho se be le dintho tse ngata bophelong, ho etsa hore ba thabe le hore ba be le nako e ngata ya ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, morabo rona e mong ya dulang United States ya bitswang Jack, o ile a rekisa kgwebo le ntlo ya hae e kgolo hobane o ne a batla ho bula madiboho le mosadi wa hae. Morabo rona o re: “Ho ne ho se bonolo ho siya kgwebo le ntlo ya rona e ntle. Empa ka dilemo tse ngata ke ne ke fihla lapeng ke ferekane ka lebaka la mathata a mosebetsing. Empa mosadi wa ka yena e ne e le pulamadiboho mme o ne a dula a thabile. O ne a rata ho re: ‘Nna ke na le mookamedi ya ratehang ka ho fetisisa!’ Ka ha le nna ke se ke le pulamadiboho, nna le mosadi wa ka re sebeletsa Mookamedi a le mong, e leng Jehova.”
w87 5/15 30 ¶8
Tshaba Jehova Mme o Tla Thaba
◆ 30:15, 16—Bohlokwa ba mehlala ee ke bofe?
E bontsha ho se kgotsofale ha meharo. Dinwamadi di ikgorisa ka madi, feela jwalo ka ha batho ba meharo ka mehla ba batla tjhelete e eketsehileng kapa matla. Ka ho tshwanang, ha ho mohla nģalo ya bafu e kgotsofalang empa e dula e ahlame hore e nne e amohele bafu ba eketsehileng. Popelo ya nyopa e ‘llela’ bana. (Genese 30:1) Naha e otlilweng ke komello e nwa metsi a pula empa kapele e hlaha e omile hape. Mme mollo o tjhesitseng dintho tse akgetsweng ho wona o hlahisa malakabe a tjhesang dintho tse ding tse tjhang ha bonolo tse haufi. Ho jwalo le ka batho ba meharo. Empa ba tataiswang ke bohlale ba bomodimo ha ba susumetswe ka ho sa feleng ke boithati bo jwalo.
w11 6/1 10 ¶4
Ka Moo Motho a ka Phelang ka Seo a Nang le Sona
Bokella tjhelete pele o reka. Le hoja ho ka nna ha bonahala eka ke mokgwa wa kgale, ha e le hantle ho bokella tjhelete pele o reka ke mokgwa o bohlale ka ho fetisisa wa ho qoba hore o be le mathata a ditjhelete. Ho etsa jwalo ho thusitse ba bangata hore ba se ke ba kena dikolotong esita le mathateng a tsamaisanang le tsona, jwalo ka ho lefella tswala e hodimo, e kenyelletswang tjheleteng ya ntho e nngwe le e nngwe e rekwang ka sekoloto. Bibele e bontsha hore bohlwa bo ‘hlalefile’ ka ha bo boloka “phepelo ya bona ya dijo ha ho kotulwa” e le hore bo di sebedise ka moso.—Diproverbia 6:6-8; 30:24, 25.
Dula o le Moeti wa Jehova ka ho sa Feleng
18 Ke ha bohlokwa hore re itlhahlobe hore na re ikutlwa jwang ka tjhelete. Ipotse: ‘Na ke dula ke nahana ka tjhelete le dintho tseo nka di rekang ka yona? Haeba ke adimile tjhelete, na ke dieha ho e kgutlisa hobane ke nka hore monga yona ha a e hloke hakaalo? Na ho ba le tjhelete ho etsa hore ke ikutlwe ke le motho wa bohlokwa le ho etsa hore ho be thata hore ke be motho ya fanang? Na ke ahlola bara le baradi ba bo rona ba nang le tjhelete ka hore ba rata tjhelete ho feta Jehova? Na ke kgetha ho ba motswalle wa batho ba nang le tjhelete feela?’ Jehova o re file monyetla wa hore re be baeti ba hae. Re ka sireletsa tokelo ena ka hore re se ke ra ba batho ba ratang tjhelete. Ha re etsa jwalo, Jehova a ke ke a re tlohela.—Bala Baheberu 13:5.
Matlotlo a Patilweng
w09 4/15 17 ¶11-13
Popo e Senola Bohlale ba Jehova
11 Pela ke phoofotswana e nngwe e ka re rutang dintho tsa bohlokwa. (Bala Diproverbia 30:26.) E batla e tshwana le mmutla empa yona e na le ditsebe tse bokopa ha mmoho le maoto a makgutshwanyane. Phoofotswana ena e dula mafikeng. Mahlo a yona a ntjhotjho a e thusa hore e itshireletse mme e dula ka hara mekoti le maphao a mafika e le hore e itshireletse diphoofolong tse ka nnang tsa e ja. Dipela di bopilwe ka tsela eo di phelang hantle ha e le mohlape o phelang ha mmoho, e leng se di sireletsang le se di thusang hore di futhumale nakong ya mariha.
12 Pela e ka re ruta eng? Taba ya pele, hlokomela hore phoofolo ena ha e ipehe kotsing. Ho ena le hoo, e sebedisa mahlo a yona a ntjhotjho hore e bone se ka e hlaselang se sa le hole ebile e dula haufi le mekoti le maphao moo e ka itshireletsang. Ka ho tshwanang, re lokela ho fadimeha haholo moyeng e le hore re ka hlokomela dikotsi tse re laletseng lefatsheng la Satane. Moapostola Petrose o ile a eletsa Bakreste a re: “Dulang le hlaphohetswe dikelellong, le lebele. Mohanyetsi wa lona, Diabolose, o tsamaya jwalo ka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Pet. 5:8) Ha a ne a le lefatsheng, Jesu o ile a dula a fadimehile, a itebetse hore ho se ke ha e-ba le boiteko le ha e le bofe ba Satane bo neng bo ka senya botshepehi ba Hae. (Mat. 4:1-11) Jesu o ile a behela balatedi ba hae mohlala o motle!
13 Tsela e nngwe ya hore re fadimehe ke ya hore re sebedise tshireletso ya moya eo Jehova a re fang yona. Ha re a lokela ho hlokomoloha ho ithuta Lentswe la Modimo le ho ba teng dibokeng tsa Bokreste. (Luka 4:4; Baheb. 10:24, 25) Ho feta moo, feela jwalo ka ha dipela di phela hantle ha e le mohlape, re lokela ho dula re le haufi le Bakrestemmoho le rona e le hore re ka thabela “ho kgothatsana.” (Bar. 1:12) Ha re etsa seo re tshwanetseng ho se etsa e le hore Jehova a re sireletse, re bontsha hore re dumellana le mopesaleme Davida, ya ileng a ngola a re: “Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ya ka le Mopholosi wa ka. Modimo wa ka ke lefika la ka. Ke tla tshabela ho yena.”—Pes. 18:2.
LA 15-21 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG DIPROVERBIA 31
Seo re Ithutang Sona Dikeletsong Tseo Mme a di Fang Mora wa Hae
w11 2/1 19 ¶7-8
Dula o Ruta Bana ba Hao Melao e Nepahetseng ya Boitshwaro
Ba rute nnete e le jwalo ka ho kopanela diphate. Ho hlokahala hore o fane ka temoso. (1 Bakorinthe 6:18; Jakobo 1:14, 15) Le ha ho le jwalo, ha e le hantle Bibele e bua ka ho kopanela diphate e le mpho e tswang ho Modimo, eseng e le leraba la Satane. (Diproverbia 5:18, 19; Sefela sa Difela 1:2) Ho bolella ngwana wa hao feela ka dikotsi tsa ho kopanela diphate ho ka nna ha etsa hore a sale a ena le maikutlo a fosahetseng, ao e seng a Mangolo ka taba ena. Morwetsana e mong wa Fora ya bitswang Corrina, o re: “Batswadi ba ka ba ne ba hatella taba ya boitshwaro bo bobe ba ho kopanela diphate hoo ke ileng ka qetella ke se ke ena le maikutlo a fosahetseng ka ketso eo.”
Tiisa hore ngwana wa hao o tseba nnete e le jwalo ka ho kopanela diphate. Mme e mong wa Mexico ya bitswang Nadia, o re: “Ka mehla ke nnile ka leka ho etsa hore bana ba ka ba dilemong tsa botjha ba utlwisise hore ho kopanela diphate ke ketso e ntle ebile ke ntho ya tlhaho eo Jehova Modimo a e fileng batho hore ba e thabele. Empa e lokela ho etswa feela ke batho ba nyalaneng. E ka re tlisetsa thabo kapa maswabi ho latela hore na re e sebedisa jwang.”
ijwhf sehlooho sa 4 ¶11-13
Ka Moo o ka Buisanang le Bana ba Hao ka Jwala
Eba wa pele ya buisanang le ngwana wa hao ka jwala. Ntate Mark ya dulang Brithani o re: “Ka dinako tse ding bana ba qetella ba ferekana hore na ho nepahetse ho nwa jwala kapa tjhe. Ke ile ka botsa mora wa ka ya dilemo di robedi hore na o nahana jwang, na o nahana hore ho fosahetse kapa ho nepahetse ho nwa jwala. Ke ne ke sa tiisa mmele ha ke bua le yena ka taba ena mme sena se ile sa mo thusa hore a phutholohe a ntjwetse ntho e nngwe le e nngwe.”
Ha o dula o bua le ngwana wa hao ka jwala, seo se tla etsa hore a be le pono e nepahetseng ka bona. Ho itshetlehile ka hore na ngwana wa hao o dilemo di kae, o ka nna wa bua le yena ka dintho tsena tsa bohlokwa tse akarelletsang boipaballo mmeleng le ho etsa thobalano.
Eba mohlala. Bana ba kgona ho amohela le ho etsisa ntho e nngwe le e nngwe e haufi le bona mme dipatlisiso di fumane hore batswadi ba ka susumetsa bana ba bona ho feta motho le ha e le ofe. Haeba ntho ya pele eo o e etsang ha o na le mathata ke hore o nwe jwala, bana ba hao ba ka nna ba nahana hore jwala ke tharollo ya mathata. Ka hoo, eba mohlala o motle. Etsa bo nnete ba hore o nwa ka boikarabello.
Ruta Bana ba Hao Hore ba Ikokobetse
Ba kgothaletse ho fana. Kgodisa ngwana wa hao hore “ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Diketso 20:35) O ka etsa see jwang? O ka dula le yena mme la ngola lethathamo la batho bao o batlang ho ba thusa ka ho reka dijo, ho ba lata ka koloi kapa ho ba thusa ho lokisa dintho tse itseng malapeng a bona. Tsamaya le ngwana wa hao ha o lo thusa batho bana. Bontsha ngwana wa hao ka moo o thabang le ho kgotsofala ka teng ha o thusa batho ba bang. Ha o etsa dintho ka tsela ena, o tla be o ruta ka mohlala mme ngwana wa hao o tla ba le boikokobetso.—Molaomotheo wa Bibele: Luka 6:38.
Matlotlo a Patilweng
w92 11/1 11 ¶7-8
Thuto Dinakong Tsa Bibele
7 Iseraeleng, bana ba ne ba rutwa ho tloha bonyenyaneng ke ntate le mme. (Deuteronoma 11:18, 19; Diproverbia 1:8; 31:26) Ho Dictionnaire de la Bible ya Sefora, setsebi sa Bibele E. Mangenot se ngotse hore: “Ho tloha ha ngwana a qala ho tseba ho bua feela, o ne a ithuta ditemana tse mmalwa tsa Molao. Mme wa hae o ne a pheta temana; ha a se a e tseba, o ne a mo fa e nngwe. Ha morao, ba ne ba fuwa taba e ngotsweng ya ditemana eo ba neng ba se ba ka e pheta ka hlooho. Ka hona, ba ne ba rutwa ho bala, mme e ne e re ha ba hodile, ba ne ba ka ntshetsa pele taeo ya bona ya bodumedi ka ho bala le ho thuisa molaong wa Morena.”
8 Sena se bontsha hore mokgwa wa motheo wa ho ruta e ne e le ho ithuta dintho ka hlooho. Dintho tse ithutilweng ka melao ya Jehova le ditshebedisano tsa hae le batho ba hae di ne di lokela ho tebisetswa pelong. (Deuteronoma 6:6, 7) Ho ne ho hlokahala hore ba thuise ka tsona. (Pesaleme ya 77:11, 12) E le ho thusa ba banyenyane le ba baholo hore ba ithute dintho ka hlooho, ho ne ho sebediswa dithuso tse fapa-fapaneng tsa ho ikgopotsa. Tsena di ne di akarelletsa ditemana tse latellanang tsa pesaleme tse qalang ka tlhaku e fapaneng, ka tatellano ya dialfabete (jwalo ka Diproverbia 31:10-31, NW); mantswe a qalang ka tlhaku e tshwanang kapa modumo; le tshebediso ya dipalo, jwalo ka tse sebedisitsweng karolong ya ho qetela ya Diproverbia kgaolo 30. Ka ho thahasellisang, ditsebi tse ding di nahana hore Almanaka ya Gezer, e leng o mong wa mehlala ya kgale ka ho fetisisa wa mongolo wa boholoholo wa Seheberu, ke boikwetliso ba ho tshwara dithuto ka hlooho bo neng bo etswa ke moshemane ya kenang sekolo.
LA 22-28 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG MOEKLESIA 1-2
Tswela Pele ho Kwetlisa Moloko o Latelang
“Dintho Tsena o di Behe ho Banna ba Tshepahalang”
3 Re rata mosebetsi oo re o etsetsang Jehova, mme re ikemiseditse ho tswela pele re o etsa. Empa ka maswabi, re sitwa ho etsa seo hobane re a tsofala ebile re a shwa. (Moek. 1:4) Sena ke bothata bo boholo ho rona. Nako le nako mosebetsi wa batho ba Jehova o ntse o eketseha. Mokgatlo wa Jehova o sebedisa theknoloji ho isa ditaba tse molemo ho batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang. Empa ka dinako tse ding ho ka ba thata ho ba seng ba hodile ho sebedisa theknoloji. (Luka 5:39) Ha ba tshwane le ba batjha, hobane ba fokollwa le ke matla. (Diprov. 20: 29) Ka hoo, ke ha bohlokwa ho ba seng ba hodile hore ba kwetlise ba batjha hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng.—Bala Pesaleme 71:18.
4 Ho ka nna ha e ba thata ho ba nang le boikarabelo ka phuthehong ho abela ba bang mosebetsi. Ba bang ba tshaba hore ba tla lahlehelwa ke dikabelo tseo ba di ratang, ebile ba nahana hore ba batjha ba ke ke ba kgona ho etsa mosebetsi oo hantle. Ba bang bona ba re ha ba na nako ya ho kwetlisa motho e mong. Ka lehlakoreng le leng ba batjha ba lokela ho ba le mamello ha ba bona ba sa fuwe dikabelo.
Matlotlo a Patilweng
it “Moeklesia” ¶1
Moeklesia
Lentswe la Seheberu e leng Qo·heʹleth (le bolelang “Mosuwe; Motho ya Bokellang Batho”) le hlalosa hantle karolo eo morena a neng a e phetha pusong ya Bomodimo eo Baiseraele ba neng ba e thabela. (Moe 1:1, 12) E ne e le boikarabelo ba morena ya busang ho etsa bonnete ba hore batho ba Modimo ba inehetseng ba dula ba tshepahalla Morena wa bona wa nnete e leng Modimo. (1Ma 8:1-5, 41-43, 66) Ka lebaka leo, taba ya hore na morena o ne a lokile kapa a sa loka, e ne e itshetlehile ka hore na o ne a thusa setjhaba hore se rate Jehova kapa tjhe. (2Ma 16:1-4; 18:1-6) Mosuwe e leng Solomone, o ne a sebeditse ka thata ho bokella setjhaba sa Iseraele, metswalle ya sona le baahi ba nakwana tempeleng. Lengolong lena la Moeklesia, Solomone o ile a leka ho bokella batho ba Modimo hore ba tlohele dintho tse se nang thuso le mesebetsi ya lefatshe lena mme ba etse mesebetsi e tshwanelang Modimo eo ba inehetseng ho yena jwalo ka setjhaba. Lebitso le sebedisitsweng Dibibeleng tsa rona tsa Senyesemane, le nkuwe phetolelong ya Qo·heʹleth ho Segerike sa Septuagint, e leng, Ek·kle·si·a·stesʹ (Moeklesia), le bolelang “setho sa (phutheho; kopano).”
LA 29 SEPTEMBER–LA 5 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG MOEKLESIA 3-4
Tiisang Thapo ya Lona e Meloho e Meraro
ijwhf sehlooho sa 10 ¶2-8
O ka Sebedisa Theknoloji Hantle Jwang?
● Ha theknoloji e sebediswa hantle e ka tswela banyalani molemo. Ka mohlala, balekane ba ka e sebedisetsa hore ba nne ba buisane motshehare ha ba se mmoho.
“Molaetsa o reng feela ‘Ke a o rata’ kapa ‘Ke ntse ke nahana ka wena’ o ka thabisa motho haholo.”—Jonathan.
● Ha banyalani ba sa sebedise theknoloji hantle, e ka beha lenyalo la bona ka mosing. Ka mohlala, batho ba bang ba dula ba sebedisa disebediswa tsa bona tsa elektronike e leng se etsang hore ba se ke ba eba le nako kapa ba tsotella balekane ba bona.
“Ke nahana hore ho na le nako eo ka yona monna wa ka a neng a batla ho bua le nna yaba o sitiswa ke hobane ke ntse ke sebedisa fono ya ka.”—Julissa.
● Batho ba bang ba re ba ka buisana ka dintho tsa bohlokwa le balekane ba bona ha ka nako e tshwanang ba ntse ba sebedisa fono. Setsebi sa thuto ya kahisano e leng Sherry Turkle, se re: “Ke toro feela hore motho a ka kgona ho etsa dintho tse ngata ka nako e le nngwe.” Ho hlakile hore batho ba reng ba kgona ho etsa jwalo, ha ho mohla ba etsang mosebetsi o tswileng matsoho. O boetse o re “bokgoni ba rona ba ho etsa dintho, bo a fokotseha ha re etsa dintho tse ngata ka nako e le nngwe.”
“Ke thabela ho qoqa le molekane wa ka ha a sa etse dintho tse ngata ka nako e le nngwe. Ha a bua le nna a ntse a sebedisa fono ho etsa hore ke utlwe eka o rata fono ya hae ho mpheta.”—Sarah.
Seo e leng nnete: Tsela eo le sebedisang theknoloji ka yona e ka haha kapa ya senya lenyalo la lona.
Etsa Hore “Lelakabe la Jah” le Dule le Tuka
12 Banyalani ba ka etsisa Akuila le Prisilla jwang? Nahana ka dintho tse ngata tseo wena le molekane wa hao le lokelang ho di etsa. Na le ka etsa mesebetsi e meng ha mmoho ho ena le ho e etsa le le bang? Ka mohlala, Akuila le Prisilla ba ne ba etsa mosebetsi wa boboledi ha mmoho. Na le lona le ka etsa se tshwanang ka mehla? Akuila le Prisilla ba ne ba boetse ba etsa mosebetsi wa boiphediso ha mmoho. Ho ka etsahala hore wena le molekane wa hao ha le etse mosebetsi wa boiphediso o tshwanang empa na le ka etsa mesebetsi ya ka tlung ha mmoho? (Moek. 4:9) Ho sebetsa ha mmoho ho tla le thusa hore le be thimi le hore le be le monyetla wa ho qoqa. Robert le Linda ba se ba nyalane ka dilemo tse fetang 50. Robert o re: “Ha re na nako e ngata eo re ka e qetang re ithabisa. Empa ke thaba haholo ha ke hlatswa dijana ebe mosadi wa ka o a di phumula kapa ha ke hlwekisa jarete ebe o a nthusa. Ho etsa dintho ha mmoho ho re thusa hore re dule re le metswalle. Re ntse re ratana le ho feta.”
13 Hopola hore ho ba ha mmoho ha se ka mehla ho bolelang hore wena le molekane wa hao le tla ba metswalle. Moradi wa bo rona ya nyetsweng ya dulang Brazil o re: “Mehleng ena bophelo ba rona bo phathahane hoo ho ka bang bonolo ho nahana hore re qeta nako ha mmoho hobane re dula ntlong e le nngwe. Seo ke ithutileng sona ke hore ho ba ha mmoho feela ha ho a lekana. Ho hlokahala hore ke fe molekane wa ka nako.” Hlokomela hore na Bruno le mohatsa wa hae Tays ba etsang hore ba qete nako ba le ha mmoho. O re: “Nakong eo ho se nang mesebetsi eo re phathahaneng ka yona re beha difono tsa rona hole ebe re thabela ho qeta nako re le ha mmoho.”
14 O ka etsang haeba wena le molekane wa hao le sa thabele ho ba ha mmoho, le sa thabele dintho tse tshwanang kapa le tenehelana? Hopola mohlala wa mollo o besitsweng oo re buileng ka wona qalong. Ha o besa mollo ha o qale o se o le mongata. O lokela ho kenya patsi e le hore o dule o le mongata. Ka ho tshwanang, ho ka ba jwang ha le ka qeta nako e itseng le le ha mmoho letsatsi le letsatsi? Etsang bonnete ba hore le etsa ntho eo le e thabelang le le babedi eseng e tla kwatisa e mong wa lona. (Jak. 3:18) Ha le etsa dintho tsena hanyane hanyane, le tla ratana le ho feta.
Etsa Hore “Lelakabe la Jah” le Dule le Tuka
3 Banyalani e lokela ho ba metswalle ya Jehova e le hore “lelakabe la Jah” le dule le tuka. Seo se tla ba thusa jwang? Ha banyalani e le metswalle ya Jehova, ba sebedisa keletso ya hae mme seo se ka ba thusa hore ba qobe le ho rarolla mathata a ka fokotsang lerato leo ba ratanang ka lona. (Bala Moeklesia 4:12.) Batho bao e leng metswalle ya Jehova ba a mo etsisa ka hore ba be le makgabane a tshwanang le a hae a kang ho ba mosa, ho ba le mamello le ho tshwarela. (Baef. 4:32–5:1) Ha banyalani ba bontsha makgabane ana, ho ba bonolo hore lerato la bona le hole. Moradi wa bo rona Lena ya nang le dilemo tse fetang 25 a nyetswe o re: “Ho bonolo ho rata motho eo e leng motswalle wa Jehova le ho mo hlompha.”
Matlotlo a Patilweng
it “Lerato” ¶39
Lerato
“Nako ya ho Rata.” Ha re rate batho bao Jehova a nkang ba sa tshwanelwe ke ho ratwa kapa ba etsang dintho tse mpe. Re lokela ho rata batho bohle ntle le ha ba bontsha hore ba hloile Modimo. Ha ba bontsha hore ba hloile Modimo, eo ke nako ya ho kgaotsa ho ba rata. Jehova Modimo le Jesu Kreste ba rata toka mme ba hloile tlolo ya molao. (Ps 45:7; Heb 1:9) Batho ba hloileng Modimo wa nnete ka ho tebileng ha se batho bao re lokelang ho ba rata. Ha ho na thuso ho rata batho ba jwalo ka ha ha ba ananele lerato la Modimo. (Ps 139:21, 22; Esa 26:10) Ke ka hoo ho loketseng hore ebe Modimo o ba hloile mme o tlo nka kgato ka bona.—Ps 21:8, 9; Moe 3:1, 8.
LA 6-12 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG MOEKLESIA 5-6
Re ka Bontsha Modimo wa Rona e Moholo Tlhompho e Tebileng Jwang?
w08 8/15 15-16 ¶17-18
Tlotla Jehova ka ho Bontsha ho Hlompheha
17 Re lokela ho hlompheha haholoholo ha re rapela Jehova. Moeklesia 5:1 e re “Lebela maoto a hao neng kapa neng ha o eya ntlong ya Modimo wa nnete.” Moshe le Joshua ba ile ba laelwa hore ba role meqathatso ya bona ha ba ne ba le sebakeng se halalelang. (Ex. 3:5; Josh. 5:15) Ba ne ba lokela ho etsa sena e le ho bontsha hore ba na le tlhompho e kgolo. Baprista ba Baiseraele ba ne ba lokela ho apara maqapa a line “hore ba kwahele nama e hlobotseng.” (Ex. 28:42, 43) Sena se ne se thibela hore ha ba sebeletsa aletareng, ba se ke ba pepeseha ka tsela e hlabisang dihlong. Setho se seng le se seng sa lelapa la moprista se ne se lokela ho boloka molao wa Modimo wa ho hlompheha.
18 Ka hoo, borapeding, ho hlompheha ho akarelletsa tlotla le ho bontsha tlhompho. E le hore re lokelwe ke ho fuwa tlotla le tlhompho, re lokela ho itshwara ka tlhompho. Ho hlompheha hoo re ho bontshang ha ya lokela ho ba ha boikaketsi feela kapa ho bonahalang ka ntle feela. Ho lokela hore e se ke ya e-ba feela ho bonwang mahlong a batho empa e be ho bonwang ke Modimo—ho ka dipelong tsa rona. (1 Sam. 16:7; Diprov. 21:2) Ho hlompheha e lokela ho ba karolo ya botho ba rona ho be ho ame boitshwaro ba rona, maikutlo a rona, kamano ya rona le ba bang, esita le tsela eo re inkang ka yona le eo re ikutlwang ka yona. Ha e le hantle, ho hlompheha ho lokela ho bonahala ka dinako tsohle le ho sohle seo re se buang le ho seo re se etsang. Tabeng ya hore na re itshwara jwang, re shebahala jwang, re apara jwang le hore na re itlhopha jwang, re nka ka ho teba mantswe ana a moapostola Pauluse a reng: “Ka tsela le ha e le efe ha re fane ka sesosa le ha e le sefe sa ho kgoptjwa, e le hore bosebeletsi ba rona bo se ke ba fumanwa bo ena le molato; empa re ipuella ka tsela e nngwe le e nngwe hore re basebeletsi ba Modimo.” (2 Bakor. 6:3, 4) Re “kgabisa thuto ya Mopholosi wa rona, Modimo, dinthong tsohle.”—Tite 2:10.
w09 11/15 11 ¶21
Ntlafatsa Dithapelo Tsa Hao ka ho Ithuta Bibele
21 Jesu o ile a rapela ka tlhompho e kgolo a ena le tumelo e feletseng. Ka mohlala, pele a tsosa Lazaro, “Jesu [o ile] a lelaletsa mahlo nģ’a lehodimong mme a re: ‘Ntate, ke a o leboha ka hore ebe o nkutlwile. Ke nnete, ke tsebile hore ka mehla wa nkutlwa.’ ” (Joh. 11:41, 42) Na dithapelo tsa hao di bontsha hore o na le tlhompho e kgolo jwalo le tumelo? Ithute thapelo ya mohlala ya Jesu e nang le tlhompho e kgolo, mme o tla bona hore dikarolo tsa bohlokwa ka ho kgethehileng tsa yona ke ho halaletswa ha lebitso la Jehova, ho tla ha Mmuso wa hae le ho finyellwa ha thato ya hae. (Mat. 6:9, 10) Nahana ka dithapelo tsa hao. Na di bontsha hore ka matla o thahasella Mmuso wa Jehova, ho etswa ha thato ya hae, le ho halaletswa ha lebitso la hae le halalelang? Di lokela ho bontsha seo.
“O Phethe Boitlamo Boo o bo Etsang”
12 Le ha ho le jwalo, kolobetso e ne e le qalo feela. Ka mora moo, re batla ho tswela pele re phela tumellanong le boinehelo ba rona mme re tshepahale ho Modimo. Ka hoo, re ka nna ra ipotsa: ‘Na kamano ya ka le Modimo e ntse e ntlafala ho tloha nakong eo ke neng ke kolobetswa ka yona? Na ke ntse ke sebeletsa Jehova ka pelo yohle? (Bakol. 3:23) Na ke a rapela, ke bala Bibele, ke ya dibokeng le ho bolela ditaba tse molemo ka mehla? Kapa ho na le moo ke seng ke fokola teng?’ Moapostola Petrose o ile a hlalosa hore re ka matlafatsa kamano ya rona le Modimo haeba re tswela pele ho imatlafatsa tumelong, ho mamella le ho inehela ho Modimo ka ho feletseng.—Bala 2 Petrose 1:5-8.
Matlotlo a Patilweng
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Moeklesia 5:8 e bua ka babusi ba se nang toka le ba hatellang batho ba futsanehileng. Babusi ba lokela ho hopola hore ba shebilwe ke motho ya ba phahametseng ka ho fetisisa. Ha e le hantle ho ka etsahala hore ho na le batho ba bang hape ba ba phahametseng. Ka maswabi, babusi ba lefatshe lena ba ka etsa bobodu mme batho ba bangata ba ba mathateng ka lebaka la bobodu bona.
Ho sa tsotellehe hore na maemo a nyahamisa hakae, ho kgothatsang ke ho tseba hore Jehova o ntse a shebile se etswang ke babusi bana. Re ka kopa hore Modimo a re thuse mme ra mo bolella mathata a rona. (Pes. 55:22; Bafil. 4:6, 7) Re a tseba hore “mahlo a [Jehova] a qamaka ho pholletsa le lefatshe lohle hore a bontshe matla a hae molemong wa bao dipelo tsa bona di feletseng ho yena.”—2 Dikron. 16:9.
Moeklesia 5:8 e re hopotsa ka moo lefatshe leo re phelang ho lona le leng ka teng le hore ka mehla ho dula ho e na le motho ya boemong bo phahameng. Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore temana ena e ka re hopotsa hore Jehova ke Mmusi ya phahameng ka ho fetisisa. Hona jwale Mora wa hae e leng Jesu Kreste o busa e le Morena Mmusong wa hae. Mmopi ya Matla Ohle ya shebileng ntho e nngwe le e nngwe o na le toka jwalo ka Mora wa hae.
LA 13-19 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG MOEKLESIA 7-8
Eya “Ntlong ya Batho ba Utlwileng Bohloko”
it “Ho Utlwa Bohloko” ¶9
Ho Utlwa Bohloko
Nako ya ho Utlwa Bohloko. Moeklesia 3:1, 4 e re ho na le “nako ya ho lla le nako ya ho tsheha. Nako ya ho bokolla le nako ya ho tantsha.” Ka ha lefu ke pheletso ya motho emong le emong, ke bohlale ho ya “ntlong ya batho ba utlwileng bohloko” ho ena le ho ya ntlong ya mokete. (Moe 7:2, 4; bapisa le Pr 14:13.) Ka hoo, motho ya bohlale o sebedisa monyetla oo a nang le wona ho bontsha ba bang kutlwelobohloko le ho ba tshedisa, o etsa jwalo ho ena le hore a ye moo ho leng monate. Sena se mo thusa hore a dule a hopola hore le yena ka le leng o tla hlokahala hape se etsa hore a dule a ena le maikutlo a nepahetseng mabapi le Mmopi wa hae.
Tshehetsa ba Bang ha ba Tobane le Mathata
15 William ya ileng a hlokahallwa ke mosadi dilemo tse mmalwa tse fetileng, o re: “Ke ananela haholo ha ba bang ba bua ka dintho tse molemo tseo mosadi wa ka a neng a di etsa, seo se a mpontsha hore ba ne ba mo rata ebile ba mo hlompha. Tshehetso ena ya bona e nthusa haholo. Mantswe a bona a nkgothatsa haholo, ka ha mosadi wa ka e ne e le motho wa bohlokwa ho nna.” Bianca eo e leng mohlolohadi yena o re: “Ke kgothala haholo ha Bakrestemmoho ba rapela le nna mme ba mpalla ditemana tsa Bibele. Ke boetse ke a kgothala ha ba bua ka monna wa ka le ha ba mmamela ha ke bua ka yena.”
“Llang le Batho ba Llang”
16 Ho rapella Mokrestemmoho le rona ya shwetsweng esita le ho rapela le yena ho ka mo tshedisa e le ka nnete. Le hoja ho ka nna ha se be bonolo ho rapela le motho ya shwetsweng, mohlomong hobane le wena o amehile maikutlo, thapelo ya hao e tswang pelong e ka ba seo a se hlokang hore a kgothale. Dalene o re: “Ka nako tse ding ha baradibeso ba tlile ho ntshedisa, ke ye ke ba kope hore ba rapele le nna. Ha ho be bonolo ha ba bua mantswe a qalang a thapelo, empa ka mora nakwana ba qala ho bua ka kgodiseho le ho tswa pelong. Tumelo ya bona e matla le lerato la bona di tiisitse tumelo ya ka.”
“Llang le Batho ba Llang”
17 Bohloko ba ho shwelwa bo nka nako e sa tshwaneng ho batho ka ho fapana. Ka hoo iketse ya fumanehang, eseng feela matsatsing a mmalwa ka mora lefu ha ba leloko le metswalle ba sa ntse ba le teng. Empa eba teng le dikgwedi ha morao ha ba se ba kgutletse malapeng a bona. Bibele e re: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle, mme ke morabo motho ya tswaletsweng ha ho e na le mahlomola.” (Diprov. 17:17) Bakrestemmoho e ka ba mohlodi wa matshediso ho motho ya shwetsweng ho fihlela a fola.—Bala 1 Bathesalonika 3:7.
18 Hopola hore batho ba shwetsweng ba ka boela ba thonkgwa ke ho hopola dintho tse kang letsatsi la bona la lenyalo, difoto, ho utlwa mmino, modumo kapa monko o itseng, esita le ha nako e itseng ya selemo e fihla. A ka boela a utlwiswa bohloko ke dintho tseo a seng a lokela ho di etsa a le mong jwalo ka ho ya kopanong kapa Sehopotsong. Morabo rona e mong o re: “Ke ile ka utlwa bohloko haholo ha ke ne ke lokela ho hopola letsatsi Ia lenyalo ka lekgetlo la pele ka mora lefu la molekane wa ka. Empa bara le baradi beso ba ile ba etsa mmoka o monyenyane mme ba mema metswalle ya ka e le hore ke se ke ka ba mong ka tsatsi leo.”
19 Dula o hopola hore batho ba shwetsweng ba hloka ho kgothatswa ka dinako tsohle. Junia o re: “Hangata setswalle le thuso eo batho ba mphang yona le ha ho se na ketsahalo ya bohlokwa, e ntswela molemo haholo. Ke ananela setswalle le nako eo ba e qetang le nna haholo.” Ke nnete hore re ke ke ra fedisa bohloko ba ho shwelwa ka ho feletseng, empa re ka kgona ho tshedisa ba hlokahalletsweng ka ho ba fa thuso eo ba e hlokang. (1 Joh. 3:18) Gaby o re: “Ruri ke leboha Jehova ka baholo, kaha ba ile ba wa ba tsoha le nna. Ba ile ba etsa hore ke utlwe hore Jehova o ntsotella e le ka nnete.”
Matlotlo a Patilweng
“Bohle ba Tla Tseba Hore le Barutuwa ba Ka”
18 Ka dinako tse ding, re ka nna ra batla ho yo bua le Mokrestemmoho ya re kgopisitseng. Pele re ya ho yena re lokela ho ipotsa: ‘Na ke utlwisisa hantle hore na ho etsahetseng?’ (Diprov. 18:13) ‘Na ehlile o ne a batla ho nkutlwisa bohloko?’ (Moek. 7:20) ‘Na le nna nkile ka etsa phoso e tshwanang?’ (Moek. 7:21, 22) ‘Haeba ke bua le yena ka taba ena, na seo ha se tlo etsa hore boemo bo mpefale le ho feta?’ (Bala Diproverbia 26:20.) Ha re ipha nako ya ho nahanisisa ka dipotso tsena, di ka re thusa hore re nahane ka moo re ratang Bakrestemmoho le rona ka teng mme re kgaotse ho nahana ka ntho e etsahetseng.
LA 20-26 OCTOBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG MOEKLESIA 9-10
Eba le Pono e Nepahetseng ka Diteko Tse o Hlahelang
w13 8/15 14 ¶20-21
Le ka Mohla o se ke wa “Halefela Jehova”
20 Beha molato moo ho loketseng. Ke hobaneng ha re lokela ho etsa jwalo? Hobane ho ka etsahala hore ebe ka tsela e itseng re jara molato ka mathata a mang ao re thulanang le wona. Haeba ho le jwalo, re lokela ho amohela seo. (Bagal. 6:7) O se ke wa leka ho jarisa Jehova molato ka mathata ao. Ke hobaneng ha e ke ke ya eba ho utlwahalang hore motho a etse seo? Nahana ka mohlala ona: Koloi e ka nna ya kgona ho tsamaya ka lebelo le hodimo haholo. A re re mokganni o feta moedi o behilweng wa lebelo haholo ha a fihla mothinyeng o bohale, ebe koloi e ya phethoha. Na baetsi ba koloi eo ba lokela ho jariswa molato ka kotsi eo? Tjhe, ha ba a lokela! Ka tsela e tshwanang, Jehova o re bopile re ena le bolokolohi ba ho ikgethela. Empa o boetse o re rutile hore na re ka etsa diqeto tse molemo jwang. Ka hoo, ha re a lokela ho jarisa Jehova molato haeba re etsa diphoso.
21 Nnete ke hore ha se mathata ohle a rona a bakwang ke diphoso tsa rona kapa ho etsa dintho tse fosahetseng. Dintho tse ding di etsahala ka lebaka la “nako le ketsahalo e sa lebellwang.” (Moek. 9:11) Ho feta moo, ha re a lokela ho lebala hore Satane Diabolose ke yena ya bakang bokgopo bohle bo teng lefatsheng. (1 Joh. 5:19; Tshen. 12:9) Ke yena sera—eseng Jehova!—1 Pet. 5:8.
Jehova o Nka Bahlanka ba Hae ba Ikokobeditseng e le ba Bohlokwa
10 Ho ikokobetsa ho re thusa ho mamella mathata. Ka dinako tse ding, re ka nna ra kopana le maemo ao ho ona re ka bonang eka re tshwerwe hampe. Morena Solomone ya bohlale o ile a re: “Ke bone bahlanka ba palame dipere empa dikgosana di tsamaya fatshe feela jwalo ka bahlanka.” (Moek. 10:7) Hangata batho ba nang le bokgoni ha ba roriswe empa ba se nang bokgoni bona, ba elwa hloko. Empa Solomone o ile a bontsha hore ke ha bohlokwa ho amohela maemo ka tsela eo a leng ka yona, ho ena le ho tshwenyeha ka se etsahalang bophelong. (Moek. 6:9) Ka hoo, haeba re le batho ba ikokobeditseng, ho tla ba bonolo ho amohela maemo a bophelo ka tsela eo a leng ka yona.
w11 10/15 8 ¶1-2
Na Boithabiso ba Hao bo o Tswela Molemo?
KA HARA Bibele yohle, re fumana dipolelo tse bontshang hore Jehova ha a batle feela hore re phele empa o boetse o batla hore re thabele bophelo. Ka mohlala, Pesaleme ya 104:14, 15, e bontsha hore Jehova o etsa hore “dijo di hlahe lefatsheng, le veine e thabisang pelo ya motho ya shwang, ho kgantsha sefahleho ka oli, le bohobe bo matlafatsang pelo ya motho ya shwang.” Ka sebele Jehova o etsa hore dijalo di hlahe mme di hlahise dijothollo, oli le veine tse re matlafatsang. Empa veine e boetse ‘e thabisa pelo.’ Le hoja e se hore re hloka veine e le hore re phele, e ka re thabisa. (Moek. 9:7; 10:19) Ka sebele, Jehova o batla hore re thabe, le hore dipelo tsa rona di tlale “ho hlasimoloha ho molemo.”—Dik. 14:16, 17.
2 Ka hoo, ha ho lebaka la hore re ikutlwe re le molato ha ka nako e nngwe re ipha nako ya ho ‘tadima dinonyana tsa lehodimo ka hloko’ le “dikgahla tsa naha” kapa re thabela ho etsa dintho tse ding tse re kgathollang le tse ntlafatsang bophelo ba rona. (Mat. 6:26, 28; Pes. 8:3, 4) Bophelo bo molemo ke “mpho ya Modimo.” (Moek. 3:12, 13) Ha re nka nako ya boikgathollo e le karolo ya mpho eo, seo se tla re susumelletsa hore re e sebedise ka tsela e tla thabisa Mofani wa mpho eo.
Matlotlo a Patilweng
it “Lesebo, Ho Etselletsa” ¶4, 8
Lesebo, Ho Etselletsa
Lesebo le ka fella ka hore motho a etselletse ba bang e leng ntho e ka mo ntshang kotsi. Mantswe a bohlale a hlahang ho Moeklesia 10:12-14 a bua nnete ha a re: “Molomo wa motho ya hlokang kelello o mo tlisetsa mathata. Mantswe a pele a tswang molomong wa hae ke bowatla mme mantswe a hae a ho qetela ke bohlanya bo bakang tlokotsi. Empa sethoto se tswela pele ho bua.”
Le hoja ka dinako tse ding lesebo le ke ke la eba kotsi (ho ka etsahala le felle ka ho etselletsa), ho etselletsa ba bang ho dula ho le kotsi mme ho utlwisa batho ba bang bohloko le ho baka diqabang. Ho sa tsotellehe hore na morero e ne e le ofe, motho ya senyang ba bang lebitso o senya kamano ya hae le Modimo hobane “ho qabanya bana ba motho” ke e nngwe ya dintho tseo Modimo a di hloileng. (Pr 6:16-19) Dipolelwana tsa Segerike e leng “ya ratang ho senya batho lebitso” kapa “ya qosang” di bua ka Diabolose. Lentswe lena le boetse le sebediswa ka Bibeleng ha ho buuwa ka Satane moqosi e moholo wa Modimo. (Joh 8:44; Tshe 12:9, 10; Ge 3:2-5) Mona ke hona moo qoso e qadileng.
LA 27 OCTOBER–LA 2 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG MOEKLESIA 11-12
Dula o Phetse Hantle Mme o Thabele Bophelo
g 3/15 13 ¶6-7
Moya o Hlwekileng le Mahlasedi a Letsatsi—Na ke “Dithibela Mafu” Tsa Tlhaho?
Kganya ya letsatsi le yona e na le matla a tlhaho a ho bolaya dikokwanahloko. Makasine ya Journal of Hospital Infection e re “bongata ba dikokwanahloko tse bakang malwetse a fumanwang moyeng di a shwa ha di fumana kganya ya letsatsi.”
O ka sebedisa dintlha tse boletsweng moo jwang? O ka tswele ka ntle hanyane e le hore o ore letsatsi ho se hokae le ho hema moya o hlwekileng. Ho etsa jwalo ho ka o tswela molemo.
Baballa Mpho ya Bophelo
6 Le hoja Bibele e se buka ya bophelo bo botle kapa ya phepo e nepahetseng, e a re bolella hore na Jehova o ikutlwa jwang ka ho itlhokomela le ho ja hantle. Ka mohlala, o re eletsa hore re “qobe dintho tse kotsi” tse ka senyang mmele ya rona. (Moek. 11:10) Bibele e re re qobe ho ja haholo le ho nwa jwala haholo. Ho etsa jwalo ho ka re kudisa ha ba ha re bolaya. (Diprov. 23:20) Jehova o batla hore re bontshe hore re na le boitshwaro ha re kgetha le ha re lekanyetsa hore na re tla jang le ho nwang.—1 Bakor. 6:12; 9:25.
7 Re ka etsa diqeto tse bontshang hore re ananela mpho ya bophelo eo Modimo a re fileng yona ka hore re sebedise bokgoni ba rona ba ho nahana hantle. (Pes. 119:99, 100; bala Diproverbia 2:11.) Ka mohlala, re tla kgetha hantle hore na re ja eng. Haeba re rata dijo tse itseng empa re tseba hore di a re kudisa, re etsa bonnete ba hore re a di qoba. Hape re tla be re bontsha hore re bohlale haeba re robala ka ho lekaneng, re ikwetlisa ka mehla, re dula re hlwekile mmeleng re bile re hlwekisa mahae a rona.
“Le Etse Dintho Tseo Lentswe la Modimo le di Buang”
2 Rona batho ba Jehova, re batho ba thabileng. Re thabiswa ke eng? Mabaka a mangata a etsang hore re thabe, empa la bohlokwa ke hobane re bala Lentswe la Modimo ka mehla mme re leka ka hohle ho sebedisa seo re ithutang sona.—Bala Jakobo 1:22-25.
3 Ho na le melemo eo re e fumanang ha re ‘etsa dintho tseo Lentswe la Modimo le di buang.’ Ka mohlala, ha re sebedisa seo re ithutang sona, re thabisa Jehova mme seo se etsa hore re thabe. (Moek. 12:13) Ha re mamela keletso e ka Lentsweng la Modimo, re ba le kamano e ntle le Bakrestemmoho le ba lelapa. Ho ka etsahala hore ebe o na le bopaki ba sena. Ho feta moo, re qoba mathata a mangata a hlahelang batho ba sa mameleng Jehova. Re dumellana le seo Morena Davida a ileng a se bua ka mora hore a bue ka molao, ditaelo le dikahlolo tsa Jehova pineng ya hae. O ile a re ka tsona: “Ya di mamelang o fumana moputso o moholo.”—Pes. 19:7-11.
Matlotlo a Patilweng
it “Tshusumetso ya Moya o Halalelang” ¶10
Tshusumetso ya Moya o Halalelang
Bopaki bo bontsha hore banna bao Modimo a ba sebedisitseng ho ngola Mangolo ba ne ba sa ngole feela jwalo ka motjhini o bolellwang hore na o ngole eng. Re a ithuta hore moapostola Johanne o ile a ‘budulelwa ke Modimo’ ho ngola Tshenolo a sebedisa lengeloi ‘torong.’ Ka lebaka leo Johanne “ke paki ya dintho tseo Modimo a di buileng le dintho tsohle tseo Jesu Kreste a di buileng. Ke paki ya dintho tsohle tseo a di boneng.” (Tshe 1:1, 2) Ke “ka pudulelo [“ya moya o halalelang”]” Johanne a ileng a iswa “letsatsing la Morena” mme a bolellwa hore: “Seo o se bonang o se ngole moqolong.” (Tshe 1:10, 11 bi12) Jehova o ile a bona ho loketse hore a dumelle bangodi ba Bibele hore ba sebedise matla a bona a ho nahana ho hlalosa dipono tseo ba di boneng. (Hab 2:2), Le ha ho le jwalo, Jehova o ne a ba tataisa e le hore ba ka ngola dintho tse nepahetseng, tsa nnete di bile di senola morero wa hae. (Pr 30:5, 6) Boiteko boo mongodi a neng a bo etsa bo totobaditswe ho Moeklesia 12:9, 10, o ne a nahanisisa, a batlisisa, a beha “mantswe a monate a ba a ngola mantswe a nnete a nepahetseng” hantle ka tatellano.—Bapisa le Lu 1:1-4.