Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • w20 November maq. 8-11
  • Jehova o Hlohonolofaditse ba ileng ba Kgutlela Dinaheng Tsa Habo Bona

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Hlohonolofaditse ba ileng ba Kgutlela Dinaheng Tsa Habo Bona
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • “SEBAKA SE NEPAHETSENG SA HO TSHWASA ‘DITLHAPI’”
  • HO THABELA HO ETSA BATHO BARUTUWA
  • HO FUMANA THUSO YA JEHOVA
  • THABO E TLISWANG KE HO THUSA BATHO HORE BA INEHELE HO JEHOVA
  • “RE ILE RA ETSA SEO HO NENG HO HLOKAHALA HORE RE SE ETSE”
  • “Ke Ithutile Dintho Tse Ngata ho Batho ba Bang”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Leeto le Thabisang Tshebeletsong ya Jehova
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Ba ile ba Itlhahisa ka ho Rata Madagascar
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
w20 November maq. 8-11
Onésime le Géraldine ba ithuta Bibele le motho ya rekisang.

Onésime le Géraldine

Jehova o Hlohonolofaditse ba ileng ba Kgutlela Dinaheng Tsa Habo Bona

BARA le baradibabo rona ba ileng ba tloha dinaheng tsa habo bona mme ba ya dinaheng tse ding e le hore ba ilo batla mosebetsi, hona jwale ba kgutletse dinaheng tsa habo bona. Ka ha ba rata Jehova le batho ba bang ba ile ba susumelletseha hore ba ye dibakeng tseo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi. (Mat. 22:37-39) Ke boitelo bofe boo ba ileng ba bo etsa, hona Jehova o ile a ba hlohonolofatsa jwang? E le hore re bone sena a re ke re bueng ka naha ya Cameroon.

“SEBAKA SE NEPAHETSENG SA HO TSHWASA ‘DITLHAPI’”

Ka selemo sa 1998 morabo rona ya bitswang Onésime o ile a tloha habo Cameroon. O ile a qeta dilemo tse 14 a dula naheng e nngwe. Ka letsatsi le leng ha a ne a le dibokeng o ile a utlwa ho etswa mohlala o neng o bua ka ditaba tse molemo. Morabo rona ya neng a fana ka puo o ile a re: “Haeba metswalle e tshwasa ditlhapi mme e mong a le sebakeng seo ho sona a tshwasang ditlhapi tse ngata, na eo e mong o ne a ke ke a ya sebakeng seo e le hore le yena a tshwase tse ngata?”

Mohlala oo o ile wa etsa hore Onésime a nahane ka ho kgutlela Cameroon ho ilo thusa bahweletsi ba moo, e leng moo batho ba bangata ba neng ba batla ho ithuta Bibele. Empa o ne a tshwenyehile. Na o ne a tla kgona ho phela Cameroon hape ka mora hore a tsamaye nako e telele jwalo? E le hore a bone hore na a ka kgona ho phela moo hape Onésime o ile a qala ka ho etela Cameroon dikgwedi tse tsheletseng. Ka mora moo ka 2012, o ile a ya a ilo dula teng.

Onésime o re: “Ke ile ka tlameha ho tlwaela maemo a lehodimo a tjhesang le tsela eo ho phelwang ka yona moo. Ha ke ne ke le dibokeng ke ile ka tlameha hore ke dule hape ditulong tse neng di se maemong a matle. O ile a bososela a re: “Ha ke ne ke mametse lenaneo ka hloko ke ile ka lebala hore ditulo tseo ke dutseng ho tsona ha di maemong a matle.”

Ka 2013, Onésime o ile a nyala Géraldine ya ileng a kgutlela Cameroon ka mora hore a dule France ka dilemo tse robong. Jehova o ile a ba hlohonolofatsa jwang ka hore e be ba ile ba kgetha ho mo sebeletsa? Onésime o re: “Re ile ra ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso le ho sebetsa Bethele. Ka selemo feela batho ba 20 ba ithutang Bibele phuthehong eo ke neng ke le ho yona ba ile ba kolobetswa. Hona jwale ke sebakeng se nepahetseng sa ho etsa batho ‘barutuwa.’” (Mar. 1:17, 18) Géraldine ha a tswela pele o re: “Ke fumane ditlhohonolofatso tse ngata ho feta ka moo ke neng ke lebelletse ka teng.”

HO THABELA HO ETSA BATHO BARUTUWA

Judith le Sam-Castel ba bolella monna ya lewatleng ditaba tse molemo.

Judith le Sam-Castel

Judith o ile a tsamaya a ilo dula United States empa o ne a batla ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng. O re: “Ka mehla ha ke ne ke etela lelapa leso Cameroon, ke ne ke lla hobane ke ne ke siya batho bao ke neng ke ithuta Bibele le bona.” Le ha ho le jwalo, ho ne ho le thata hore Judith a kgutlele Cameroon. O ne a sebetsa mosebetsi o patalang hantle mme o ne a kgona ho hlokomela ntate wa hae ya neng a kula Cameroon. Empa Judith o ile a tshepa Jehova mme a kgutlela Cameroon. O re o hopola bophelo bo monate boo a neng a bo thabela ha a ne a le United States. O ile a kopa hore Jehova a mo thuse ho tlwaela maemo a moo mme molebedi wa potoloho le molekane wa hae ba mo kgothatsa.

Ha Judith a hopola ka moo dintho di neng di le ka teng ha a kgutlela Cameroon o re: “Dilemong tse tharo ke ile ka thusa batho ba bane hore ba kolobetswe mme seo se ile sa nthabisa.” Judith o ile a sebeletsa e le pulamadiboho e kgethehileng. Kajeno o sebetsa le monna wa hae Sam-Castel mosebetsing wa ho potoloha. Empa ho ile ha etsahalang ka ntate wa Judith? Yena le lelapa labo ba ile ba fumana sepetlele naheng e nngwe se neng se ikemiseditse ho patala opereishene ya ntate wa hae. Ho thabisang ke hore opereishene eo e ile ya atleha.

HO FUMANA THUSO YA JEHOVA

Victor le Caroline ba ithuta Bibele le monna ya pakeng.

Caroline le Victor

Morabo rona e mong ya bitswang Victor o ile a tsamaya a ilo dula Canada. Ka mora ho bala Tora ya ho Lebela e buang ka thuto e phahameng o ile a nahana ka thuto eo a e etsang. O ile a tlohela yunivesithi mme a ithutela ho etsa mosebetsi wa matsoho. O re: “Seo se ile sa nthusa hore ke fumane mosebetsi kapele le ho etsa ntho eo esale ke e batla e leng ho nka bopulamadiboho.” Ha morao Victor o ile a nyala Caroline mme ba etela Cameroon. Ha ba ne ba etetse ofisi ya lekala barababo rona ba ile ba ba kgothalletsa hore ba nahane ka ho sebeletsa Cameroon. Victor o re: “Ha re a ka ra hana, ka ha re ne re phela bophelo bo bobebe re ile ra amohela mosebetsi oo.” Le hoja Caroline a ne a kula yena le monna wa hae ba ile ba etsa qeto ya hore ba tsamaye.

Victor le Caroline ba ile ba sebetsa e le bopulamadiboho ba ka mehla mme ba ile ba thusa batho bohle ba neng ba thabela ho ithuta Bibele. Ba ile ba boloka tjhelete e lekaneng e le hore ba se ke ba batla mosebetsi ha ba fihla feela. Ka mora moo ba ile ba sebetsa Canada ka dikgwedi tse mmalwa e leng se ileng sa etsa hore ba kgutlele Cameroon mme ba tswela pele e le bopulamadiboho. Ba ile ba fumana ditlhohonolofatso dife? Ba ile ba ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso, ba sebeletsa e le bopulamadiboho ba kgethehileng mme hona jwale ba sebetsa kahong. Victor o re: “Ka ha re ile ra tlohela bophelo bo monate boo re neng re bo phela, re ile ra tshepa Jehova mme o ile a re hlokomela.”

THABO E TLISWANG KE HO THUSA BATHO HORE BA INEHELE HO JEHOVA

Stéphanie le Alain ba eme pela teroli mme ba bolella Mme e mong ditaba tse molemo.

Stéphanie le Alain

Ka 2002, Alain ya neng a le yunivesithing ya Germany, o ile a bala pampitshana e reng, Batjha​—Le Tla Etsang ka Bophelo ba Lona? Seo a ileng a se bala moo se ile sa mo kgothalletsa hore a fetole dintho tseo a neng a batla ho di etsa. Ka 2006, o ile a ya Sekolong sa ho Kwetlisetswa Bosebeletsi mme a ilo sebeletsa Cameroon e leng moo a hlahetseng teng.

Ha a le Cameroon, Alain o ile a sebetsa mosebetsi oo a neng a ya ho ona ka matsatsi a itseng. Ha morao o ile a fumana mosebetsi o neng o patala hantle mme o ne a tshwenyehile hore a ke ke a kgona ho fumana nako e lekaneng ya ho ruta le ho bolela ditaba tse molemo jwalo ka pele. Ka hoo ha ho ne hothwe a ilo sebetsa e le pulamadiboho e kgethehileng o ile a dumela. Ha mohiri wa hae a mo tshepisa ho mo ekelletsa tjhelete o ile a hana mme ya ba pulamadiboho e kgethehileng. Ha morao Alain o ile a nyala Stéphanie ya dutseng France ka nako e telele. Ke mathata afe ao Stéphanie a ileng a ba le ona ha a ne a ilo dula Cameroon?

Stéphanie o re: “Ke ne ke tshwenngwa ke ho kula empa ke ile ka fumana phekolo mme ka ba hantle.” Banyalani bao ba ile ba hlohonolofatswa ka lebaka la mamello ya bona. Alain o re: “Ha re ne re ilo bolela ditaba tse molemo motseng o ka thoko o bitswang Katé re ile ra fumana batho ba mmalwa ba neng ba batla ho ithuta Bibele. Ha morao re ile ra kgona ho ithuta Bibele le bona re sebedisa founu. Ba babedi bao re neng re ithuta Bibele le bona ba ile ba kolobetswa mme ho ile ha ba le sehlopha sa bahweletsi.” Ha Stéphanie a tswela pele o re: “Ha hona ntho e thabisang ho feta ho thusa batho hore ba tshwanelehe ho inehela ho Jehova. Ho sebeletsa moo ho ile ha etsa hore re dule re thabile.” Kajeno Alain le Stéphanie ba a potoloha.

Melemo ya ho Sebeletsa Naheng ya Heno

Alain o re: “Re se re ntse re tseba meetlo le tsela eo batho ba mona ba nahanang ka yona. Batho ba mona ha ba re belaelle jwalo ka batho ba tswang dinaheng tse ding, ebile re kgona ho bua le bona ha bonolo.”

Stéphanie o re: “Re ne re tsamaya hohle esita le moo batho ba tswang dinaheng tse ding ba neng ba ke ke ba kgona ho ya.”

“RE ILE RA ETSA SEO HO NENG HO HLOKAHALA HORE RE SE ETSE”

Léonce le Gisèle ba ithuta Bibele le Mme e mong ba eme borokgong.

Léonce le Gisèle

Gisèle o ile a kolobetswa ha a ne a ntse a le sekolong sa bongaka Italy. O ile a kgahlwa ke ho bona ka moo banyalani ba bopulamadiboho ba neng ba mo ruta Bibele, ba neng ba phela bophelo bo bobebe ka teng mme le yena a batla ho etsa ho eketsehileng tshebeletsong. Ka hoo Gisèle o ile a sebetsa e le pulamadiboho ya ka mehla ha a ntse a qetela sekolo.

Gisèle o ne a batla ho kgutlela Cameroon e le hore a ilo sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng empa ho ne ho na le dintho tse mo tshwenyang. O re: “Ke ile ka tlameha ho tlohela tokelo ya ka ya ho dula Italy le ho siya metswalle le ba lelapa ba dulang Italy.” Ho ntse ho le jwalo ka May 2016 Gisèle o ile a kgutlela Cameroon. Ha morao o ile a nyalwa ke Léonce mme ofisi ya lekala ya Cameroon ya ba kopa hore ba ye motseng wa Ayos e leng moo ho neng ho na le tlhokahalo ya bahweletsi.

Bophelo bo ne bo le jwang Ayos? Gisèle o re: “Hangata motlakase o ne o ba siyo nako e fetang dibeke mme re ne re sa kgone ho tjhatjha difounu tsa rona. Hangata di ne di sa sebetse. Ke ile ka ithuta ho pheha ka patsi mme re ne re kganna dikiribae re tshwere ditotjhe re ilo kga metsi bosiu, ha batho ba se ba fokotsehile moo ho kguwang metsi.” Banyalani bao ba ile ba thuswa keng ho mamella? Gisèle o re: “Nna le monna wa ka re ile ra tshehetsana mme Jehova a re thusa ka moya wa hae o halalelang hape metswalle le ba lelapa ba ile ba re kgothatsa le ho re thusa ka dintho tseo re di hlokang.”

Na Gisèle o ne a thabetse hore o kgutletse naheng ya habo? Gisèle o re: “Ke ne ke thabile. Pele re ne re na le mathata ebile ho na le dintho tse re nyahamisang empa ka mora hore re di hlole nna le monna wa ka re ile ra utlwa e ka re entse ntho eo re neng re hloka ho e etsa. Re ne re tshepa Jehova mme re utlwa e le motswalle wa rona.” Léonce le Gisèle ba ile ba ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso mme hona jwale ba sebeletsa e le bopulamadiboho ba kgethehileng ba nakwana.

Jwalo ka motshwasi wa ditlhapi eo a leng sebete ho sa tsotellehe mathata ao a bang le ona e le hore a tshwase ditlhapi, batho ba kgutlelang dinaheng tsa habo bona ba ikemiseditse ho tela dintho tseo ba nang le tsona e le hore ba thuse batho ba batlang ho mamela molaetsa wa Mmuso. Ha ho pelaelo hore Jehova a ke ke a lebala bara le baradi bana babo rona ba ileng ba sebetsa ka thata le ho bontsha lerato bakeng sa lebitso la hae. (Neh. 5:19; Baheb. 6:10) Haeba o dula naheng e nngwe mme ho na le tlhokahalo ya bahweletsi naheng eo o tswang ho yona, na o tla kgutlela? Haeba o etsa jwalo Jehova o tla o hlohonolofatsa.​—Liprov. 10:22.

Ba ile ba Kgona Jwang?

Haeba o nahana ka ho kgutlela naheng ya heno hlokomela se ileng sa thusa bara le baradibabo rona bao ho buuweng ka bona sehloohong sena.

  • Seo o ka se lebellang

    Alain o re: “O ka lebella hore ba lelapa le metswalle ba tla leka ho o susumetsa hore o se ke wa kgutlela morao empa o tshepe Jehova.”

  • O ka itokisa jwang?

    Gisèle o re: “Ke a ipotsa hore na ke rapetse ka ho lekaneng bophelong ba ka?”

    Géraldine o re: “Ke ile ka boloka tjhelete e le hore ke se ke ka ba morwalo ho batho ba bang.”

    Stéphanie o re: “Ke ile ka ya ngakeng e le ho bona hore na ke ntse ke phetse hantle.”

  • O ka etsang e le hore o iphedise?

    Géraldine o re: “Ha ke fihla moo ke ile ka sebedisa tjhelete eo ke neng ke e bolokile. Ke ile ka ruta sekolong se phahameng mme ha morao ka ithuta ho etsa sesepa le ho se rekisa.”

    Gisèle o re: “Re ne re fumana tjhelete e eketsehileng ka hore re iketsetse dipompong tse entsweng ka lebese mme re di isa dishopong.”

    Onésime o re: “Ke ne ke sebedisa Inthanete ho etsa mosebetsi wa ho fetolela dintho tse itseng.”

  • Ke jwang o ka dulang o sireletsehile?

    Géraldine o re: “Ke ile ka kgetha ho dula sebakeng se sireletsehileng se haufi le moo bara le baradibabo rona ba dulang teng.”

    Gisèle o re: “Ho ne ho dula ho na le motho eo ke tsamayang le yena ha ke bolela ditaba tse molemo.”

    Stéphanie o re: “Ha ke tsamaye ke le mong bosiu. Hape ke ne ke sa apare kapa ho tshwara dintho tse turang.”

    Judith o re: “Ke ne ke sa bolelle motho e mong le e mong hore nkile ka phela naheng e nngwe hape ke ne ke etsa dintho jwalo ka motho e mong le e mong.”

  • O ka etsang e le hore o dule o thabile ebile o le mafolofolo?

    Victor o re: “Re ile ra itlwaetsa maemo a moo. Re ile ra dula re hopola hore na ke hobaneng ha re le mona le ho nahana ka dintho tse molemo bophelong.”

    Alain o re: “Ke ile ka ithuta ho kgotsofala.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela