PALE YA BOPHELO
Jehova o ‘Otlollotse Ditsela Tsa ka’
MORABO RONA ya motjha dilemong o ile a mpotsa a re, “Ke lengolo lefe leo o le ratang?” Ke ile ka mo araba kapele ka re: “Ke Liproverbia 3 temana ya 5 le 6 e reng: ‘Tshepa Jehova ka pelo ya hao yohle mme o se ke wa itshetleha ka kutlwisiso ya hao. O mo ele hloko ditseleng tsohle tsa hao, mme o tla otlolla ditsela tsa hao.’” Ka nnete Jehova o ile a otlolla ditsela tsa ka. Ebe o ile a etsa seo jwang?
BATSWADI BA KA BA ILE BA NTHUSA HORE KE FUMANE TSELA E NEPAHETSENG
Ka bo 1920 batswadi ba ka ba ile ba ithuta Bibele pele ba nyalana. Ke hlahile ka selemo sa 1939. Ha ke ntse ke le moshanyana re ne re dula England mme ke ne ke ya dibokeng le batswadi ba ka, ha morao ke ile ka ingodisa Sekolong sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo. Ke ntse ke hopola ha ke ne ke qala ho fana ka puo, ke ne ke palame lebokose e le hore ke kgone ho bona bamamedi. Ke ne ke le dilemo di tsheletseng mme ke tshohile haholo ha ke nahana ho sheba batho ba baholo ba mmametseng.
Re ruta batho Bibele seterateng le batswadi ba ka
Ntate wa ka o ile a nngolla molaetsa wa Bibele kareteng eo ke neng ke tla e bontsha batho tshimong. Ke ne ke le dilemo di robedi ha ke ne ke qala ho bua le monga ntlo ke tsamaya ke le mong. Ke ne ke thabile haholo ha monga ntlo a bala karete ya ka mme a nka buka e reng “Let God Be True”! Ke ile ka mathela ho ntate wa ka ke ilo mo bolella se etsahetseng. Ho ya tshimong le dibokeng ho entse hore ke thabe mme ho nthusitse hore ke batle ho sebeletsa Jehova haholwanyane.
Ke ile ka rata Bibele le ho feta ka mora hore ntate wa ka a nthuse hore ke fumane Tora ya ho Lebela. Ke ne ke dula ke bala makasine o mong le o mong hang feela ha o fihla ka poso. Ke ile ka tshepa Jehova le ho feta mme seo se ile sa etsa hore ke inehele ho yena.
Nna le lelapa leso re ile ra ya kopanong ka selemo sa 1950 New York, e neng e na le sehlooho se reng Kopano ya Kgolo ya Puso ya Modimo. Ka Labone la 3 August sehlooho sa letsatsi leo se ne se re “Letsatsi la Baromuwa.” Letsatsing lona leo, Morabo rona Carey Barber eo ha morao e ileng ya ba setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ya kolobetso. Ka mora hore a fane ka puo ya hae, o ile a botsa dipotso tse pedi tse botswang batho ba ilo kolobetswa mme ke ile ka ema ka re, “E!” Ke ile ka hlokomela hore ke entse qeto ya bohlokwa ya ho kolobetswa le hoja ke ne ke le dilemo di 11. Le ha ho le jwalo, ke ile ka tshaba ho kena ka metsing hobane ke ne ke eso ithuti ho sesa. Rangwane wa ka o ile a mphelehetsa ho ya metsing mme a nkgodisa hore ke tla ba hantle. Ke ile ka bona ke se ke qetile ho kolobetswa le pele maoto a ka a fihla fatshe ka metsing. Ke ile ka thuswa ke barababo rona ba babedi. E mong o ile a nkolobetsa mme e mong a nthusa hore ke tswe ka metsing. Haesale Jehova a otlolla ditsela tsa ka ho tloha ka letsatsi leo la bohlokwa.
KE ILE KA KGETHA HO TSHEPA JEHOVA
Ha ke ne ke qeta sekolo ke ne ke batla ho ba pulamadiboho empa matitjhere a ka a ile a nkgothalletsa hore ke ye yunivesithi. Ke ile ka ba mamela yaba ke ya yunivesithi. Le ha ho le jwalo, ke ile ka elellwa kapelenyana hore nke ke ka tswela pele ke sebeletsa Jehova hantle ha ka lehlakoreng le leng ke shebane le dithuto tsa sekolo, ka hoo ke ile ka etsa qeto ya hore ke tlohele. Ke ile ka bua le Jehova ka taba ena mme ka mosa ka ngola lengolo le hlalosang hore ke a tlohela ha selemo sena sa pele ke le yunivesithi se fela. Ka ha ke ne ke tshepa Jehova hanghang feela ke ile ka qala ho ba pulamadiboho.
Ke ile ka qala tshebeletso ya nako e tletseng toropong ya Wellingborough ka selemo sa 1957 ka kgwedi ya July. Ke ile ka botsa barababo rona ba sebetsang Bethele ya London hore na ke morabo rona ofe eo e leng kgale e le pulamadiboho eo nka ilo sebetsa le yena. Morabo rona Bert Vaisey o ne a bolela ka mafolofolo mme o nthutile dintho tse ngata. O nthusitse hore ke hlophise dintho hantle e le hore nka atleha ho ruta batho Bibele. Phutheho eo ke neng ke le ho yona e ne e le nna le Morabo rona Vaisey le baradibabo rona ba hodileng ba tsheletseng. Ho lokisetsa le ho arabela dibokeng tsohle ho ile ha nthusa hore ke tshepe Jehova le ho feta.
Ka mora ho kwallwa nako e seng kae teronkong ka lebaka la ho hanela ho kenela sesole, ke ile ka kopana le Barbara eo e neng e le pulamadiboho e kgethehileng. Re ile ra nyalana ka selemo sa 1959 mme re ne re ikemiseditse ho ya hohle moo ho thweng re ye teng. Qalong re ile ra ilo sebeletsa Lancashire e ka leboya bophiremela England. Ka mora moo ka January 1961, ke ile ka memelwa ho ya Sekolong sa Puso ya Modimo se nkang kgwedi se Bethele e London. Ha ke qeta sekolong seo, ke ile ka makala ha ke fuwa mosebetsi wa hore ke ilo potoloha. Ka dibeke tse pedi, ke ile ka kwetliswa ke morabo rona eo e leng kgale e le molebedi wa potoloho toropong ya Birmingham mme Barbara o ile a dumellwa hore a be teng. Ka mora moo re ile ra kgutlela mosebetsing oo re neng re o etsa sebakeng sa Lancashire le sa Cheshire.
HO TSHEPA JEHOVA KA MEHLA KE NTHO E NEPAHETSENG
Ha re ntse re le matsatsing a phomolo ka selemo sa 1962 ka August, re ile ra fumana lengolo le tswang ofising ya lekala. Le ne le na le diforomo tsa ho ya Sekolong sa Gileade. Ka mora ho rapela ka taba ena, nna le Barbara re ile ra tlatsa diforomo tseo mme ka potlako ra di kgutlisetsa ofising ya lekala jwalo ka ha ba ne ba kopile. Dikgwedi tse hlano ha morao re ile ra ya Brooklyn New York, tlelaseng ya bo 38 Sekolong sa Gileade, sekolo seo se ile sa nka dikgwedi tse leshome.
Sekolong sa Gileade re ile ra ithuta ka Lentswe la Modimo, ka mokgatlo wa hae le ka bara le baradibabo rona lefatsheng lohle. Ka nako eo ke ne ke le dilemo di 24 mosadi wa ka yena a le dilemo di 23 mme re ile ra ithuta dintho tse ngata ho tswa ho baithutimmoho le rona. E ne e le tlotla ho sebetsa le Morabo rona Fred Rusk letsatsi le letsatsi, eo e neng e le e mong wa barupedi ba rona. E nngwe ya dithuto tsa bohlokwa eo a ileng a e hatisa ke bohlokwa ba hore ka mehla motho a fane ka keletso ka tsela e nepahetseng, e leng ho etsa bonnete ba hore o fana ka keletso e thehilweng Mangolong. Ba bang ba barababo rona ba neng ba fana ka dipuo tlelaseng eo e ne e le barababo rona bao e leng kgale ba le ka mokgatlong wa Jehova ba kang morabo rona Nathan Knorr, Frederick Franz le Karl Klein. Re ile ra ithuta dintho tse ngata ho Morabo rona ya neng a ikokobeditse e leng A. H. Macmillan, ya ileng a fana ka puo e ileng ya bontsha ka moo Jehova a ileng a tataisa batho ba hae dinakong tse thata ho tloha ka selemo sa 1914 ho fihlela ka selemo sa 1919.
RE ILE RA FUWA MOSEBETSI O MONG
Ha re se re le haufi le ho qeta dithuto tsa rona, Morabo rona Knorr o ile a bolella nna le Barbara hore re ilo sebeletsa Burundi e Afrika. Re ile ra mathela laeborari e Bethele ho ilo sheba Buka ya Selemo hore na bahweletsi ba moo Burundi ba ba kae. Re ile ra makala hobane ha re a ka ra fumana hore na bahweletsi ba moo ba ba kae. Re ne re ya sebakeng seo batho ba teng ba so kang ba bolellwa ditaba tse molemo naheng ya Afrika eo re sa tsebeng hakaalo ka yona. Joo! Re ne re tshohile haholo empa ka mora hore re rapele re ile ra kgoba matshwafo.
Mosebetsing o motjha oo re neng re o etsa, dintho di ne di fapane le tseo re neng re di tlwaetse tse kang maemo a lehodimo, moetlo le puo e buuwang moo. Jwale re ile ra tlameha ho ithuta Sefora. Re ne re hloka le moo re ka dulang teng. Matsatsi a mabedi ka mora hore re fihle moo, morabo rona e mong eo e neng e le moithutimmoho le rona sekolong sa Gileade e leng Harry Arnott o ile a re etela ha a ne a ya moo a neng a abetswe ho ya sebeletsa teng e leng Zambia. O ile a re thusa ho fumana moo re ka dulang teng. Nakwana ka mora moo, batho ba sebetsang mmusong ba ile ba ba kgahlanong le rona mme ba ne ba sa tsebe letho ka Dipaki Tsa Jehova. Hang feela ha re qala ho thabela ho sebetsa moo, ba ile ba re bolella hore re ke ke ra kgona ho dula moo ntle le dipampiri tse re dumellang hore re sebeletse moo. Ka maswabi re ile ra tlameha ho tsamaya ho ya naheng e nngwe e leng Uganda.
Re ne re tshohile ha re ne re ya Uganda ka ha re ne re se na visa empa re ne re tshepile Jehova. Morabo rona ya tswang Canada ya neng a sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi Uganda, o ile a kgona ho hlalosa boemo ba rona ho ofisiri e thusang batho ba tswang dinaheng tse ding mme ofisiri eo e ile ya re re ka dula dikgwedi tse mmalwa ho fihlela re fumana dipampiri tse re dumellang hore re dule naheng eo. Seo se ile sa re bontsha hore Jehova o ntse a re thusa.
Maemo a moo Uganda a ne a fapane haholo le a Burundi. Mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo o ne o se o qadile Uganda le hoja naheng eo yohle ho ne ho na le Dipaki tse 28 feela. Ha re le tshimong re ile ra fumana batho ba bangata ba buang Senyesemane. Le ha ho le jwalo, re ile ra hlokomela hore e le hore re tle re thuse batho hore ba tswele pele ho ithuta, re lokela ho ithuta bonyane puo e le nngwe ho tse ngata tse buuwang naheng eo. Re ile ra qala ho ruta batho Bibele toropong e bitswang Kampala moo ho neng ho buuwa Seluganda haholo mme re ile ra etsa qeto ya hore re ithute puo eo. Re ile ra nka dilemo tse mmalwa hore re tsebe puo eo hantle mme ho tseba puo eo ho ile ha re thusa hore re atlehe ho ruta batho ba moo Bibele. Re ile ra qala ho utlwisisa haholwanyane hore na batho bao re ithutang Bibele le bona ba hloka ho ithuta eng. Ba ile ba qala ho re bolella ka moo ba ikutlwang ka teng ka seo ba ithutang sona.
MAETO
Ha re ntse re le naheng ya Uganda
Re ne re thabile ha re fumana batho ba ikokobeditseng ba batlang ho ithuta Bibele mme re ile ra thaba le ho feta ha re kopuwa hore re ilo etsa mosebetsi wa potoloho naheng yohle. Ofisi ya lekala ya Kenya e ile ya re kopa hore re ilo batla dibaka tseo bopulamadiboho ba kgethehileng ba hlokahalang haholo ho tsona naheng eo. Batho ba moo ba ile ba re amohela ka makgetlo a mangata le hoja ba ne ba sa tsebe Dipaki. Ba ile ba re amohela ka mofuthu mme ba re etsetsa le dijo.
Re ile ra ya sebakeng se seng hape. Ke ile ka tloha Kampala ka terene mme ka nka matsatsi a mabedi ho ya toropong e bitswang Mombasa e Kenya, ka mora moo ka ya Dihlekehlekeng tse Lewatleng la India ka sekepe. Ha morao ho tloha ka 1965 ho ya ho 1972, Barbara o ne a se a tsamaya le nna ha ke etela Dihlekehleke tseo. Ka nako eo, ho ne ho na le bahweletsi ba babedi feela ba dulang sehlekehlekeng seo mme ha morao e ile ya ba sehlopha, qetellong ya ba phutheho. Ke ile ka etela barababo rona dinaheng tse kang Eritrea, Ethiopia le Sudan.
Ho ile ha ba le diphetoho dipolotiking Uganda ka mora hore sesole e be sona se laolang mmuso. Dilemo tse latelang di ne di le thata haholo mme di ile tsa nthuta hore ke ha bohlokwa hore ke mamele taelo e tswang ka Bibeleng e reng: “Lefang Cesare dintho tsa Cesare.” (Mar. 12:17) Ka nako e nngwe batho bohle ba tswang dinaheng tse ding ba dulang Uganda ba ile ba laelwa hore ba ingodise ofising ya maponesa e haufi le moo ba dulang teng. Hanghang re ile ra mamela. Matsatsi a mmalwa ha morao ha re ntse re kganna re ya Kampala, re ile ra kopana le maponesa a mang mme a ile a re emisa nna le morabo rona wa moromuwa. Re ne re tshohile haholo. Ba ile ba re qosa ka hore re dimpimpi mme ba re isa ofising ya maponesa, moo re ileng ra itlhalosa hore re baromuwa ba se nang dikgathatso. Re ile ra ba bolella hore re ne re se re ingodisitse maponeseng empa ba ne ba sa batle ho utlwa letho. Re ile ra tshwarwa mme ra iswa ofising ya maponesa e haufi le moo re neng re dula teng. Re ile ra thaba haholo ha re kopana le leponesa le ileng la hopola hore re ne re tlile mona ho tlo ingodisa mme le ile la bolella leponesa lena le leng hore le re lokolle.
Matsatsing ao ho ne ho le boima haholo hobane hangata re ne re emiswa ke masole tseleng, haholoholo a neng a nwele jwala. Ka mehla re ne re rapela ebe re kgoba matshwafo, mme ka mora moo ba ne ba re dumella hore re fete ntle le ho re ntsha kotsi. Ka maswabi ka selemo sa 1973 baromuwa bohle ba neng ba tswa dinaheng tse ding ba ile ba laelwa hore ba tsamaye Uganda.
Ke etsa dikopi tsa Tshebeletso ya Rona ya Mmuso lekaleng la Côte d’Ivoire, toropong ya Abidjan
Re ile ra fuwa mosebetsi o mong mme lekgetlong lena ho ile ha thwe re ye Côte d’Ivoire e Bophirimela ba Afrika. Ena e bile phetoho e nngwe e kgolo ho rona hobane re ile ra tlameha ho ithuta moetlo o motjha, ho boela re bua Sefora ka mehla le ho tlwaela ho sebetsa le barumuwa ba tswang dinaheng tse fapaneng. Le ha ho le jwalo, le lekgetlong lena re ile ra bona hore Jehova o ntse a re tataisa ha re bona ka moo batho ba ikokobeditseng ba ileng ba mamela molaetsa wa Bibele kapele ka teng. Nna le mohatsa wa ka re ile ra bona ka moo ho tshepa Jehova ho ileng ha otlolla ditsela tsa rona ka teng.
Nakwana ka mora moo Barbara o ile a ba le kankere. Re ile ra ya Europe ka makgetlo a mangata ho ilo fumana mokgwa wa phekolo mme ka 1983 re ile ra hlokomela hore ha re sa tla kgona ho kgutlela Afrika. Ntho eo e ile ya re utlwisa bohloko haholo.
MAEMO A ILE A FETOHA
Ha re ntse re sebeletsa Bethele e London, Barbara o ile a kula le ho feta mme qetellong o ile a hlokahala. Lelapa la Bethele le ile la ntshehetsa haholo. Banyalani ba bang ba ile ba nthusa hore ke tlwaele boemo le hore ke tswele pele ke tshepa Jehova. Ha morao ke ile ka kopana le moradiwabo rona Ann ya neng a tla Bethele ka matsatsi, eo e kileng ya ba pulamadiboho e kgethehileng mme o ne a rata Jehova haholo. Nna le Ann re ile ra nyalana ka selemo sa 1989 mme haesale re sebeletsa Bethele e London ho tloha ka nako eo.
Nna le Ann re eme moahong o motjha wa Bethele ya Britain
Ho tloha ka selemo sa 1995 ho ya ho 2018, ke ne ke sebeletsa ke le moemedi wa ntlokgolo (ya neng a bitswa moemedi ya etelang makala) mme ke ne ke etela dinaha tse ka bang 60 tse fapaneng. Naheng e nngwe le e nngwe eo ke neng ke e etela, ke ne ke kgona ho bona hore Jehova o hlohonolofatsa bahlanka ba hae ho sa tsotellehe hore na ba maemong afe.
Ka 2017 ha ke ntse ke etela dinaha ke ile ka etela le Afrika. Ke ne ke thabetse ho ya Burundi le Ann ka lekgetlo la pele mme ka bobedi ba rona re ne re maketse haholo ha re bona ka moo bahweletsi ba seng ba le bangata ka teng. Seterateng seo ke neng ke bolela ditaba tse molemo ho sona ka 1964, ho ne ho se ho na le lehae la Bethele le letle mme ho ne ho na le bahweletsi ba fetang 15 500 naheng eo.
Ke ne ke thabile haholo ha ke fumana lethathamo la dinaha tseo ke neng ke tla di etela ka 2018. E nngwe ya dinaha tse neng di le moo e ne e le naha ya Côte d’Ivoire. Ha re ne re fihla toropong e bitswang Abidjan ke ne ke ikutlwa eka ke lapeng. Ha ke ntse ke sheba dinomoro tsa founu tsa barababo rona ba sebetsang Bethele, ke ile ka hlokomela hore morabo rona ya dulang haufi le kamore ya baeti eo re fihletseng ho yona ke morabo rona Sossou. Ke ile ka hopola hore e ne e kile ya ba molebedi wa motse ha ke ntse ke le Abidjan empa ke ne ke fositse, enwa e ne e le mora wa hae.
Jehova o ile a feela a phethahatsa tshepiso ya hae. Maemong a thata ao ke ileng ka ba ho ona, ke ile ka ithuta hore haeba re tshepa Jehova o tla otlolla ditsela tsa rona. Hona jwale ke ikemiseditse ho tsamaya tseleng ena e sa feleng e tla kganya le ho feta lefatsheng le letjha.—Liprov. 4:18.