SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 48
Dula o Tshepile Jehova Dinakong Tsa Mathata
“‘Le be sebete, . . . hobane ke na le lona,’ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.”—HAG. 2:4.
PINA YA 118 Re fe Tumelo e Matla
SEO RE TLO ITHUTA SONAa
1, 2. (a) Maemo a rona a tshwana jwang le a Bajuda ba ileng ba kgutlela Jerusalema? (b) Ke mathata afe ao Bajuda ba ileng ba kopana le ona? (Sheba lebokose le reng “Mehla ya Hagai, Zakaria le Esdrase.”)
NA KA dinako tse ding o tshwenyeha ka bokamoso? Mohlomong o feletswe ke mosebetsi mme o tshwenyehile ka hore na o tla hlokomela lelapa la hao jwang. Kapa e ka nna yaba o tshwenyehile ka hore lelapa la hao le dule le sireletsehile hobane ho ena le maemo a dipolotiki a sa tsitsang, mahloriso kapa hobane le hanyetswa ka lebaka la ho etsa mosebetsi wa boboledi. Na o hlahetswe ke a mang a mathata aa? Haeba ho jwalo, o tla kgothala ha o ithuta ka moo Jehova a ileng a thusa Baiseraele ka teng ha ba ne ba hlahetswe ke mathata a tshwanang le ao.
2 Bajuda ba neng ba phetse Babilona bophelo bohle ba bona ba ne ba hloka ho ba le tumelo e le hore ba siye bophelo bo monate boo ba neng ba bo phela ebe ba ya naheng eo boholo ba bona ba neng ba sa e tsebe hakaalo. Nakwana ka mora hore ba fihle, ba ile ba angwa ke mathata a moruo, maemo a dipolotiki a sa tsitsang hape ba hanyetswa ke dira tsa bona. Ka lebaka leo, ba bang ba ile ba thatafallwa ke ho etsa hore mosebetsi wa ho tsosolosa tempele ya Jehova e be wona wa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Ka hona, hoo e ka bang ka selemo sa 520 pele ho mehla ya Jesu, Jehova o ile a roma moprofeta Hagai le moprofeta Zakaria hore ba tsose Bajuda molota e le hore ba sebetse. (Hag. 1:1; Zak. 1:1) Jwalo ka ha re tla bona, setjhaba se ile sa fela sa tsoha molota ha se utlwa kgothatso ya baprofeta bana. Le ha ho le jwalo, dilemo tse ka bang 50 ha morao, Bajuda ba neng ba kgutlile Babilona ba ile ba wa moya hape. Esdrase, mokopitsi ya hlwahlwa wa Molao o ile a tloha Babilona a ya Jerusalema e le hore a kgothaletse batho ba Modimo hore ba etse hore borapedi ba nnete e be ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba bona.—Esdr. 7:1, 6.
3. Re tla araba dipotso dife? (Diproverbia 22:19)
3 Boprofeta ba Hagai le Zakaria bo ile ba thusa batho ba Modimo mehleng ya kgale hore ba dule ba tshepile Jehova ha ba hanyetswa. Le rona bo ka re thusa hore re dule re tshepile hore Jehova o tla re thusa le ha re ena le mathata. (Bala Diproverbia 22:19.) Ha re ntse re hlahloba molaetsa oo Modimo a ileng a roma Hagai le Zakaria hore ba o fetise re bile re ntse re hlahloba mohlala wa Esdrase, re tla araba dipotso tsena: Mathata a hlahetseng Bajuda ba neng ba kgutlile Babilona a ile a ba ama jwang? Ke hobaneng ha re lokela ho etsa hore ho etsa thato ya Modimo e be ntho e tlang pele bophelong ba rona ha re ena le mathata? Hape re ka etsang hore re tshepe Jehova ha ho le thata?
MATHATA A ILE A AMA BAJUDA JWANG?
4, 5. E ka nna yaba keng e ileng ya etsa hore tjheseho ya Bajuda ya ho haha tempele e fele?
4 Ha Bajuda ba fihla Jerusalema, ba ne ba ena le mosebetsi o mongata. Hanghang feela ba ile ba tsosolosa aletare ya Jehova le ho etsa motheo wa tempele. (Esdr. 3:1-3, 10) Empa tjheseho eo ba fihlileng ba ena le yona e ile ya fela. Hobaneng? Ntle le ho haha tempele, ba ne ba lokela ho ikahela matlo, ho lema masimo le ho fepa ba malapa a bona. (Esdr. 2:68, 70) Ho ekelletsa moo, ba ile ba hanyetswa ke dira tsa bona tse ileng tsa rera ho emisa mosebetsi wa ho tsosolosa tempele.—Esdr. 4:1-5.
5 Bajuda bana ba ile ba boela ba angwa ke maemo a sa tsitsang a moruo le a dipolotiki. Naha ya bona e ne e se e buswa ke Mmuso wa Persia. Ka mora hore Morena Saeruse wa Persia a shwe ka selemo sa 530 pele ho mehla ya Jesu, mohlahlami wa hae Cambyses o ile a tswa letsholo la ho hapa Egepeta. Ho ka etsahala hore ebe ha masole a hae a le tseleng e yang Egepeta, a ile a batla dijo, metsi le bodulo ho Baiseraele, e leng ntho e ileng ya ba bakela mathata le ho feta. Qalong ya puso ya mohlahlami wa Cambyses, e leng Dariuse wa Pele, ho ne ho tletse borabele le merusu e mengata ya dipolotiki. Ho hlakile hore maemo ana a ile a etsa hore Bajuda ba bangata ba kgutlileng Babilona ba tshwenyehe ka hore na ba tla hlokomela malapa a bona jwang. Ka lebaka la mathata ana ohle, Bajuda ba bang ba ile ba nahana hore e ne e se nako e nepahetseng ya ho tsosolosa tempele ya Jehova.—Hag. 1:2.
6. Ho ya ka Zakaria 4:6, 7, ke mathata afe a mang ao Bajuda ba ileng ba kopana le ona, hona Zakaria o ile a ba kgothatsa ka ho reng?
6 Bala Zakaria 4:6, 7. Ntle le mathata a moruo le maemo a sa tsitsang a dipolotiki, Bajuda ba ne ba boetse ba tlameha ho mamella ho hloriswa. Ka selemo sa 522 pele ho mehla ya Jesu, dira tsa bona di ile tsa atleha ho etsa hore mmuso o ba thibele ho tsosolosa tempele ya Jehova. Empa Zakaria o ile a kgodisa Bajuda hore Jehova o tla sebedisa moya wa hae o matla ho tlosa ditshitiso tsohle tseo ba nang le tsona. Ka selemo sa 520 pele ho mehla ya Jesu, Morena Dariuse o ile a lokolla Bajuda hore ba tswele pele ho tsosolosa tempele a ba a ba fa tjhelete. O ile a laela le babusisi hore ba ba thuse.—Esdr. 6:1, 6-10.
7. Bajuda ba ile ba fumana ditlhohonolofatso dife ha ba ne ba eteletsa mosebetsi wa Modimo pele?
7 Jehova o ile a sebedisa Hagai le Zakaria ho tshepisa batho ba hae hore o tla ba tshehetsa haeba ba ka etsa hore ho tsosolosa tempele e be yona ntho e tlang pele bophelong ba bona. (Hag. 1:8, 13, 14; Zak. 1:3, 16) Bajuda ba kgutlileng Babilona ba ile ba kgothatswa ke mantswe a baprofeta bao mme ba tswela pele ho tsosolosa tempele ka selemo sa 520 pele ho mehla ya Jesu yaba ba e qeta le pele ho feta dilemo tse hlano. Ka ha ba ile ba eteletsa mosebetsi wa Modimo pele le ha ba ne ba ena le mathata a mangata, Jehova o ile a ba thusa ka ho ba fa dintho tseo ba di hlokang e le hore ba nne ba phele le ho ba thusa hore ba dule ba le haufi le yena. Ka lebaka leo, ba ile ba sebeletsa Jehova ba thabile.—Esdr. 6:14-16, 22.
ETSA HORE THATO YA MODIMO E TLE PELE BOPHELONG BA HAO
8. Mantswe a Hagai 2:4 a ka re thusa jwang hore re eteletse thato ya Modimo pele? (Sheba naletsana.)
8 Ha mahlomola a maholo a ntse a atamela, re a hlokomela hore ho bohlokwa ho feta le ha e le neng pele hore re mamele taelo ya hore re bolele ditaba tse monate tsa Mmuso. (Mar. 13:10) Le ha ho le jwalo, ho ka nna ha eba thata ho etsa hore mosebetsi oo o tle pele haeba re ena le mathata a ditjhelete kapa re hanyetswa. Keng e tla re thusa ho etsa hore mosebetsi wa Modimo o tle pele bophelong ba rona? Ke ho dula re kgodisehile hore “Jehova wa mabotho”b o ka lehlakoreng la rona. O tla re tshehetsa haeba re tswela pele ho etsa hore thato ya hae e tle pele ho dintho tseo rona re di batlang. Ka hoo, ha re na lebaka la ho tshoha.—Bala Hagai 2:4.
9, 10. Banyalani ba bang ba ile ba bona jwang hore mantswe a Jesu a hlahang ho Matheu 6:33 ke nnete?
9 Hlokomela mohlala wa banyalani ba bopulamadiboho, e leng Oleg le Irina.c Ka mora hore ba fallele phuthehong e neng e hloka thuso sebakeng se seng, ba ile ba fellwa ke mosebetsi ka lebaka la mathata a moruo a neng a ntse a mpefala naheng eo ba neng ba dula ho yona. Le hoja ba ile ba qeta selemo kaofela ba se na mosebetsi o tsitsitseng, ba ile ba bona ka makgetlo hore Jehova o a ba rata le ho ba tshehetsa. Hape ka dinako tse ding ba ile ba thuswa ke bara le baradi ba bo bona. Keng e ileng ya ba thusa ho mamella mathata ao? Le hoja qalong Oleg a ile a ba le kgatello ya maikutlo, o re: “Ho dula re phathahane ka mosebetsi wa Modimo ho ile ha re thusa hore re etse hore e be wona o tlang pele.” Ha yena le mosadi wa hae ba ntse ba tswela pele ho batla mosebetsi, ba ile ba dula ba phathahane ka mosebetsi wa Modimo.
10 Ka le leng ha ba fihla hae ba tswa tshimong, ba ile ba fumana hore motswalle e mong wa bona o ne a tsamaile dikhilomithara tse ka bang 160 a ba tliseditse mekotla e mmedi e tshetseng dijo le dintho tse ding tseo ba di hlokang. Oleg o re: “Letsatsing leo, re ile ra boela ra bona hore Jehova le Bakrestemmoho le rona ba re tsotella haholo. Re kgodisehile hore le ka mohla Jehova a ke ke a lebala bahlanka ba hae, ho sa tsotellehe hore na maemo a bona a bonahala a le boima hakae.”—Mat. 6:33.
11. Ke eng eo re ka kgodisehang ka yona haeba re etsa hore mosebetsi wa Modimo o tle pele bophelong ba rona?
11 Jehova o batla hore re eteletse pele mosebetsi o pholosang bophelo wa ho etsa batho barutuwa. Jwalo ka ha ho boletswe serapeng sa bosupa, Hagai o ile a kgothaletsa batho ba Jehova hore ba qalelle ho sebeletsa Jehova hape, jwalo ka ha eka ba haha tempele botjha. Ha ba ne ba ka etsa jwalo, Jehova o ile a ba tshepisa hore ‘o tla ba hlohonolofatsa.’ (Hag. 2:18, 19) Le rona re ka kgodiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re etsa hore mosebetsi oo a re fileng wona o tle pele bophelong ba rona.
RE KA ETSANG HORE RE TSHEPE JEHOVA HAHOLWANYANE?
12. Ke hobaneng ha Esdrase le Bajuda ba neng ba tsamaya le yena ba ne ba hloka ho ba le tumelo e matla?
12 Ka selemo sa 468 pele ho mehla ya Jesu, Esdrase o ile a tsamaya le sehlopha sa bobedi sa Bajuda se neng se tloha Babilona se ya Jerusalema. Esdrase le Bajuda ba neng ba ena le yena ba ne ba hloka ho ba le tumelo e matla e le hore ba nke leeto leo. Ba ne ba tlilo tsamaya ditseleng tse kotsi, ba nkile kgauta le silevera e ngata e neng e nehetswe bakeng sa tempele. Ka lebaka leo, ba ne ba ka hlaselwa ke mashodu ha bonolo feela. (Esdr. 7:12-16; 8:31) Ha morao, ba ile ba hlokomela hore Jerusalema le teng ho ne ho sa sireletseha. Motse o ne o se na baahi ba bangata, le marako le dikeiti tsa wona di ne di hloka ho lokiswa. Re ka ithutang ho Esdrase e ka re thusang ho tshepa Jehova haholwanyane?
13. Ke eng e ileng ya etsa hore Esdrase a tshepe Jehova haholo? (Sheba naletsana.)
13 Esdrase o ne a bone ka moo Jehova a thusang batho ba hae ka teng ha ba le mathateng. Dilemo tse mmalwa pele ho moo, ka selemo sa 484 pele ho mehla ya Jesu, ho ka etsahala hore Esdrase o ne a dula Babilona ha Morena Asueruse a ntsha taelo ya hore Bajuda bohle ba tlasa Mmuso wa Persia ba bolawe. (Esth. 3:7, 13-15) Bophelo ba Esdrase bo ne bo le tsietsing. Ha yena le Bajuda bohle “diprofinseng tsohle” ba utlwa ka taba eo, ba ile ba itima dijo le ho lla. E tlameha ebe ba ile ba rapela Jehova ho mo kopa hore a ba tataise. (Esth. 4:3) Nahana hore na Esdrase le Bajuda ba bang ba ile ba ikutlwa jwang ha batho ba neng ba batla ho ba bolaya e se e le bona ba bolawang. (Esth. 9:1, 2) Taba ena e ileng ya etsahalla Bajuda e ile ya matlafatsa tshepo ya Esdrase ya hore Jehova o kgona ho sireletsa batho ba hae le ho etsa hore ba be malalaalaotswe bakeng sa mathata a neng a tla ba hlahela nakong e tlang.d
14. Moradi wa bo rona e mong o ile a ithuta eng ha Jehova a mo hlokomela dinakong tse thata?
14 Ha re bona Jehova a re hlokomela dinakong tse thata, re mo tshepa le ho feta. Nahana ka mohlala wa Anastasia ya dulang Europe Botjhabela. O ile a tlohela mosebetsi wa hae e le hore a se ke a kenella dipolotiking. O re: “Ke ne ke qala ho hloka tjhelete bophelong.” Hape o re: “Ke ile ka tlohela dintho matsohong a Jehova yaba ke bona tsela e lerato eo a ileng a ntlhokomela ka yona. Haeba ho ka etsahala hore ke lahlehelwe ke mosebetsi hape, nke ke ka tshoha. Haeba Ntate wa ka ya lehodimong a ntlhokomela letsatsing lena, o tla ntlhokomela le hosane.”
15. Keng e ileng ya thusa Esdrase hore a dule a tshepa Jehova? (Esdrase 7:27, 28)
15 Esdrase o ile a hlokomela hore Jehova o ne a ena le yena. Esdrase o ile a dula a tshepa Jehova ha a nahanisisa ka dinako tseo Jehova a ileng a mo thusa ka tsona. Hlokomela hore o ile a re: “Jehova Modimo wa ka o ne a ena le nna.” (Bala Esdrase 7:27, 28.) Esdrase o ile a bua mantswe a tshwanang ka makgetlo a tsheletseng bukeng e reheletsweng ka yena.—Esdr. 7:6, 9; 8:18, 22, 31.
Ke maemong afe moo re ka bonang ka ho hlaka hore Modimo o a re thusa? (Sheba serapa sa 16)e
16. Ke maemong afe moo re ka bonang ka ho hlaka hore Modimo o a re thusa? (Sheba setshwantsho.)
16 Jehova a ka re thusa ha re kopana le boemo bo boima. Ka mohlala, re ka bona ka moo Jehova a re thusang ka teng ha re kopa mohiri wa rona nako ya ho ya kopanong kapa ha re kopa ho sebetsa dihora tse sa tlwaelehang e le hore re kgone ho ya dibokeng. Re ka makatswa ke karabo eo re ka nnang ra e fumana. Seo se ka fella ka hore re tshepe Jehova le ho feta.
Esdrase o tempeleng o a rapela ebile o lliswa ke dibe tsa setjhaba sa habo. Setjhaba le sona se a lla. Ka mora moo, Shekania o tshedisa Esdrase ka ho re: “Ho ntse ho ena le tshepo bakeng sa Iseraele. . . . Re na le wena.”—Esdr. 10:2, 4 (Sheba serapa sa 17)
17. Esdrase o ile a bontsha jwang hore o ikokobeditse ha ho ne ho le thata? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)
17 Ka boikokobetso, Esdrase o ile a rapella thuso ya Jehova. Nako yohle ha a ne a ikutlwa a imetswe ke mosebetsi oo a neng a tshwanela ho o etsa, o ne a rapela Jehova ka boikokobetso. (Esdr. 8:21-23; 9:3-5) Ka ha Esdrase o ne a tshepile Jehova, batho ba neng ba mo potolohile ba ne ba ikemiseditse ho mo tshehetsa le ho etsisa tumelo ya hae. (Esdr. 10:1-4) Ha re tshwenyehile haholo ka dintho tseo re di hlokang hore re phele kapa tshireletseho ya malapa a rona, re lokela ho rapela Jehova re tshepile hore o tla re thusa.
18. Keng e tla re thusa ho tshepa Jehova haholwanyane?
18 Haeba ka boikokobetso re kopa Jehova hore a re thuse re bile re amohela thuso ya Bakrestemmoho le rona, re tla tshepa Modimo le ho feta. Moradi wa bo rona Erika o ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo hlokomela le ha a ne a tobane le mathata a boima. O ile a hlokahallwa ke ngwana ya eso hlahe le monna ka nako e kgutshwanyane. Ha a hetla morao, o re: “O ke ke wa tseba esale pele hore na Jehova o tla o thusa jwang. A ka o thusa ka ditsela tseo o sa di lebellang. Ke ithutile hore Jehova o ile a arabela dithapelo tsa ka a sebedisa mantswe le diketso tsa metswalle ya ka. Ha ke bua le metswalle ya ka ka bolokolohi, ho bonolo hore e nthuse.”
DULA O TSHEPA JEHOVA HO FIHLELA QETELLONG
19, 20. Re ithutang ho Bajuda ba sa kang ba kgona ho kgutlela Jerusalema?
19 Re ka boela ra ithuta thuto ya bohlokwa ho Bajuda ba sa kang ba kgona ho kgutlela Jerusalema. Ba bang ba bona ba ne ba sa kgone ho kgutlela Jerusalema ka lebaka la ho tsofala, ho kula kapa maemo a bona a lelapa. Ho ntse ho le jwalo, ka ho rata ba ile ba tshehetsa ba neng ba kgutlela Jerusalema ka ho ba fa dintho tse neng di tla hlokahala bakeng sa tempele. (Esdr. 1:5, 6) Ho bonahala eka le ka mora dilemo tse 19 sehlopha sa pele sa Bajuda se kgutletse Jerusalema, Bajuda bao ba setseng Babilona ba ne ba ntse ba ithaopela ho fana ka menehelo e yang Jerusalema.—Zak. 6:10.
20 Le haeba re sa kgone ho etsa dintho tsohle tseo re batlang ho di etsa ha re ntse re sebeletsa Modimo, re ka kgodiseha hore Jehova o ananela boiteko bohle boo re bo etsang ba ho mo kgahlisa. Re tseba seo jwang? Mehleng ya Zakaria, Jehova o ile a kopa Zakaria hore a etse korone ka kgauta le silevera tse romeletsweng Jerusalema ke Bajuda ba neng ba setse Babilona. (Zak. 6:11) ‘Korone eo e kgolo’ e ne e tla ba “sehopotso” sa menehelo eo Bajuda bao ba faneng ka yona ka ho rata. (Zak. 6:14, nal.) Re ka kgodiseha hore Jehova a ke ke a lebala boiteko boo re bo etsang ka pelo yohle ba ho mo sebeletsa le ha ho le thata.—Baheb. 6:10.
21. Re tla thuswa ke eng ho dula re tshepile Jehova ho sa tsotellehe hore na re tla hlahelwa ke eng nakong e tlang?
21 Jwang kapa jwang re tla dula re kopana le mathata mehleng ena ya bofelo mme maemo a ka nna a mpefala le ho feta nakong e tlang. (2 Tim. 3:1, 13) Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho tshwenyeha ho tlola. Re hopole hore mehleng ya Hagai, Jehova o ile a re ho batho ba hae: “Ke na le lona . . . Le se ke la tshoha.” (Hag. 2:4, 5) Le rona re ka kgodiseha hore Jehova o tla ba le rona ha feela re etsa sohle seo re ka se kgonang ho etsa thato ya hae. Ha re sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona boprofeteng ba Hagai le Zakaria le mohlaleng wa Esdrase, re tla dula re tshepile Jehova ho sa tsotellehe hore na ke mathata afe a ka re hlahelang nakong e tlang.
PINA YA 122 Ebang Sebete Mme le Tiye!
a Sehlooho sena se etseditswe ho re thusa ho tshepa Jehova haholwanyane ha re ena le mathata a ditjhelete, ha ho ena le maemo a dipolotiki a sa tsitsang kapa ha re hanyetswa hobane re etsa mosebetsi wa boboledi.
b Polelwana e reng “Jehova wa mabotho” e hlaha ka makgetlo a 14 bukeng ya Hagai. E ne e hopotsa Bajuda mme le rona e a re hopotsa kajeno hore Jehova o na le matla a sa lekanyetswang ebile o laola mabotho a maholo a mangeloi.—Pes. 103:20, 21.
c Mabitso a mang a fetotswe.
d Ka ha Esdrase e ne e le mokopitsi ya hlwahlwa wa Molao wa Modimo, o ne a se a ntse a tshepa boprofeta ba Jehova le pele a ya Jerusalema.—2 Dikron. 36:22, 23; Esdr. 7:6, 9, 10; Jer. 29:14.
e TLHALOSO YA DITSHWANTSHO: Morabo rona o kopa ho ya kopanong ho mohiri wa hae empa o a hana. O rapela Jehova hore a mo thuse le ho mo tataisa ha a ntse a itokisetsa ho bua le mohiri wa hae hape. O bontsha mohiri wa hae memo ya kopano ebe o a mo hlalosetsa hore Bibele e re etsa batho ba molemo. Mohiri wa hae o kgahlwa ke ditaba tsena ebe o fetola maikutlo.