LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w24 January leq. 19
  • Na o ne o Tseba?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o ne o Tseba?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Dintlha tse Ding
  • Ho Bolela “Ditaba Tse Monate Tse Buang ka Jesu”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Qoqa ka Dintho Tse Tlwaelehileng
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
w24 January leq. 19
Filipi o dutse pela monna wa Moethiopia ka hara kariki e mabidi a mane e hulwang ke dipere, o mo hlalosetsa Mangolo.

Na o ne o Tseba?

Letona la Ethiopia le ne le palame kariki ya mofuta ofe ha Filipi a ne a ya ho lona?

LENTSWE la Segerike le fetoletsweng e le “kariki” le sebedisitsweng ho Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha le ka bolela mefuta e fapaneng ya dikariki. (Dik. 8:​28, 29, 38) Le ha ho le jwalo, ho bonahala letona la Ethiopia le ne le palame kariki e kgolo ho feta kariki e sebediswang ha ho uwa ntweng kapa mejahong. A re bueng ka mabaka a entseng hore ho fihlelwe qeto ena.

Monna wa Moethiopia e ne e le letona mme o ne a tsamaile leeto le lelelele. “O ne a le pusong ya mofumahadi wa Ethiopia, a hlokomela matlotlo ohle a mofumahadi.” (Dik. 8:27) Naha ya kgale ya Ethiopia e ne e akareletsa naha ya Sudan le karolo e ka borwa ya Egepeta ya mehleng ena. Le hoja ho ka etsahala hore monna eo ha a palama kariki e le nngwe leeto leo kaofela, e ka nna yaba o ne a nkile thoto e ngata. Tse ding tsa dikariki tse neng di sebediswa ho nka baeti mehleng ya baapostola e ne e le kariki e kwahetsweng e mabidi a mane. Buka ya Acts—An Exegetical Commentary e re: “Mofuta o jwalo wa dikariki o ne o kgona ho tshela dithoto tse ngata, ka hoo o ne o etsa hore leeto e be le monate. Hape ho ka etsahala hore ebe o ne o ka dumella motho hore a tsamaye leeto le lelelele.”

Monna wa Moethiopia o ne a ntse a bala ha Filipi a fihla ho yena. Tlaleho e re “Filipi [o ile] a mathela kariking mme a utlwa letona le ntse le bala buka ya moprofeta Esaia ka lentswe le phahameng.” (Dik. 8:30) Dikariki tse nkang maeto di ne di sa etsetswa hore di tsamaye kapele. Ka ha kariki eo e ne e tsamaya butle, letona le ne le ka nolofallwa ho bala, le Filipi o ne a ka kgona ho mathela ho yona ka maoto.

Monna wa Moethiopia o ile a “kopa Filipi hore a hlwelle mme a dule fatshe le yena.” (Dik. 8:31) Batho ba palamang kariki ya mejaho ba ne ba ema ka maoto empa kariking e nkang leeto ho ne ho ka ba le setulo moo letona le Filipi ba neng ba ka dula teng.

Ka lebaka la se tlalehilweng ho Diketso kgaolo ya borobedi le bopaki ba histori, morao tjena dingolwa tsa rona di se di hlahisa setshwantsho sa letona la Ethiopia le palame kariki e kgolo ho feta kariki ya ntwa kapa e yang mejahong.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share