SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 41
PINA YA 13 Kreste, Mohlala wa Rona
Ithute Dinthong Tseo Jesu a Ileng a di Etsa Matsatsing a 40 a ho Qetela a le Lefatsheng
“O ile a qeta matsatsi a 40 a ntse a ena le bona, a bua ka Mmuso wa Modimo.”—DIK. 1:3.
NTLHAKGOLO
Thuto eo re ka ithutang yona mohlaleng oo Jesu a re behetseng wona matsatsing a hae a 40 a ho qetela a le lefatsheng.
1-2. Ho ile ha etsahalang ha barutuwa ba babedi ba Jesu ba le tseleng e yang Emmause?
LETSATSI ke la 16 Nisane selemong sa 33, barutuwa ba Jesu ba utlwile bohloko bo otlang pelong ba bile ba tshohile haholo. Ba babedi ba tloha Jerusalema ba ya Emmause, motse o ka bang bohole ba dikhilomithara tse 11 ho tloha Jerusalema. Ba wele moya hobane Jesu eo esale ba mo latela o sa tswa bolawa le hoja bona ba ne ba dumela hore o tlo pholosa Bajuda. Empa ho etsahala ntho eo ba neng ba sa e lebella.
2 Ha ba ntse ba le tseleng ho hlaha monna eo ba sa mo tsebeng mme o tsamaya le bona. Ba a mo qoqela hore na ho etsahetseng ka Jesu. Monna enwa o ba bolella ditaba tse tlo fetola bophelo ba bona. O ile a ba bolella hore na ke hobaneng ha Mesia a ile a lokela hore a utlwiswe bohloko le ho bolawa “a qala ka mangolo a ngotsweng ke Moshe le a Baprofeta kaofela.” Barutuwa bana ha ba fihla Emmause ke hona ba hlokomelang hore monna enwa eo ba ntseng ba tsamaya le yena ke Jesu ya tsositsweng bafung. O se o ka nahana hore na ba ile ba thaba hakaakang ha ba hlokomela hore Mesia o a phela!—Luka 24:13-35.
3-4. Ke eng se ileng sa etsahalla barutuwa ba Jesu, hona re tlo ithuta eng sehloohong see? (Diketso 1:3)
3 Jesu o ile a qeta matsatsi a 40 a le lefatsheng pele a kgutlela lehodimong. Nakong eo, o ile a hlaha ka makgetlo ho barutuwa ba hae. (Bala Diketso 1:3.) Ka nako ena, Jesu o ile a kgothatsa barutuwa ba hae ba neng ba tshohile ba bile ba utlwile bohloko. Ba ile ba thaba haholo mme ba ba le sebete sa ho bolela le ho ruta ditaba tse monate tsa Mmuso.a
4 Ho ithuta ka dintho tseo Jesu a ileng a di etsa nakong ena ho ka re tswela molemo haholo. Sehloohong sena re tlo ithuta hore Jesu o ile a sebedisa nako ena jwang (1) ho kgothatsa barutuwa ba hae, (2) ho ba thusa hore ba utlwisise Mangolo le (3) ho ba kwetlisetsa mosebetsi oo ba neng ba tla o etsa nakong e tlang. Re tla boela re bone hore na re ka etsisa mohlala wa hae jwang.
KGOTHATSA BA BANG
5. Ke hobaneng ha barutuwa ba Jesu ba ne ba hloka ho kgothatswa?
5 Barutuwa ba Jesu ba ne ba hloka ho kgothatswa. Hobaneng? Ba bang ba ne ba siile ba malapa a bona, matlo a bona le dikgwebo tsa bona e le hore ba latele Jesu. (Mat. 19:27) Ba bang bona ba ile ba tshwarwa hampe hobane e le balatedi ba Jesu. (Joh. 9:22) Ba ile ba etsa diphetoho tsena hobane ba ne ba dumela hore Jesu ke Mesia eo esale ba mo lebella. (Mat. 16:16) Empa ka mora hore Jesu a bolawe ba ile ba utlwa bohloko haholo ba ba ba nyahama hobane ba ne ba sa tsebe se neng se tla etsahala.
6. Jesu o ile a etsang ka mora hore a tsoswe?
6 Jesu o ne a utlwisisa hore na ke hobaneng ha barutuwa ba hae ba ne ba utlwile bohloko ka mora lefu la hae. O ne a tseba hore ha se hobane ba haellwa ke tumelo. Hang ka mora hore a tsoswe bafung, o ile a qala ho kgothatsa metswalle ya hae. Ka mohlala, o ile a bua le Maria Magdalena nakong eo a ntseng a lla a le lebitleng la hae. (Joh. 20:11, 16) O ile a boela a hlaha ho balatedi ba hae ba babedi ba neng ba ya Emmause. Ka mora moo, o ile a hlaha ho moapostola Petrose. (Luka 24:34) Re ka ithuta eng mohlaleng oo wa Jesu? Nahana ka se ileng sa etsahala ha a hlaha ka lekgetlo la pele ho Maria Magdalena.
7. Ho ya ka tlaleho e ho Johanne 20:11-16, Jesu o ile a bona Maria a etsang hoseng ha la 16 Nisane mme a nka bohato bofe? (Sheba setshwantsho.)
7 Bala Johanne 20:11-16. Hoseng ha la 16 Nisane basadi ba bang ba tshepahalang ba ile ba ya lebitleng la Jesu. (Luka 24:1, 10) Hlokomela se ile sa etsahalla e mong wa basadi bana e leng Maria Magdalena. Ha a fihla lebitleng la Jesu, o ile a fumana ho se na letho. O ile a matha a yo bolella Petrose le Johanne. Ha ba utlwa ditaba tsena ba ile ba mathela lebitleng la Jesu mme a ba sala morao. Ka mora hore ba fumane Jesu a le sieo ka lebitleng, banna bana ba ile ba kgutlela hae. Maria yena o ile a sala moo a ntse a lla a sa tsebe hore Jesu o ntse a mo shebile. Empa Jesu o ne a bona hore mosadi enwa ya tshepahalang o ntse a lla mme sena se ile sa mo ama. Yaba o itlhahisa ho yena o a mo kgothatsa le ho mo fa mosebetsi wa bohlokwa wa ho bolella bana babo hore o tsohile.—Johanne 20:17, 18.
Elellwa mathata ao ba bang ba kopanang le wona mme o ba utlwele bohloko jwalo ka Jesu (Sheba serapa sa 7)
8. Re ka etsisa Jesu jwang?
8 Re ka etsisa Jesu jwang? Ka hore re kgothaletse bara le baradi ba bo rona hore ba tswele pele ba sebeletsa Jehova. Jwalo ka Jesu, re lokela ho elellwa mathata ao ba kopanang le wona le ho leka ho utlwisisa hore na ba ikutlwa jwang e be re a ba tshedisa. Nahana ka phihlelo ya moradi wa bo rona Jocelyn ya ileng a hlokahallwa ke ngwanabo kotsing ya koloi. O re: “Ke ile ka qeta dikgwedi tse ngata ke utlwile bohloko haholo.” Morabo rona e mong le molekane wa hae ba ile ba mo memela ha bona, ba mo mamela ka hloko ha a ba bolella hore na o ikutlwa jwang. Ka mora moo ba mo tshwara ka mosa le ho mo bolella hore ke wa bohlokwa ho Jehova. O boetse o re: “Ke ile ka utlwa eka Jehova o ba sebedisitse ho mpholosa ka lewatleng le befileng. Ba ile ba nthusa hore ke boele ke be le tabatabelo ya ho sebeletsa Jehova.” Le rona re ka kgothatsa ba bang ka hore re ba mamele ka hloko ha ba re phetlela sefuba mme re bue le bona ka mosa. Ka ho etsa jwalo, re ka ba tshedisa le ho ba kgothatsa e le hore ba tswele pele ho sebeletsa Jehova.—Bar. 12:15.
THUSA BA BANG HO UTLWISISA BIBELE
9. Barutuwa ba Jesu ba ile ba ikutlwa jwang ka mora hore a bolawe, hona o ile a ba thusa jwang?
9 Balatedi ba Jesu ba ne ba tshepa Lentswe la Modimo mme ba etsa kahohle hore ba phele tumellanong le lona. (Joh. 17:6) Le ha ho le jwalo ba ile ba ferekana ha ba bona Jesu a kgokgothelwa palong jwalo ka setlokotsebe empa Jesu o ile a hlokomela hore ha se hobane ba se na tumelo kapa ba sa rate Jehova empa ba ne ba hloka ho utlwisisa mangolo haholwanyane. (Luka 9:44, 45; Joh. 20:9) Ka hoo, o ile a ba thusa ho utlwisisa Mangolo. A re boneng hore na o ile a etsa jwang nakong eo a neng a tsamaya le barutuwa ba hae ba babedi ba neng ba ya Emmause.
10. Jesu o ile a etsang ho thusa barutuwa ba hae ho utlwisisa boprofeta? (Luka 24:18-27)
10 Bala Luka 24:18-27. Hlokomela hore Jesu ha a ka a bolella barutuwa ba hae hang ha a kopana le bona hore na ke mang, ho ena le hoo o ile a qala ka ho ba botsa dipotso. Ebe ke hobaneng ha a ile a etsa jwalo? Mohlomong o ne a batla hore ba mo bolelle maikutlo a bona pele mme ba ile ba feela ba mo bolella. Ba ile ba mo bolella hore ba ne ba nahana hore e tla ba yena Morena wa Iseraele mme a ba buse ho ena le ho buswa ke Baroma. Ka mora hore ba itlhalose, Jesu o ile a sebedisa Mangolo ho ba thusa ho utlwisisa hore na boprofeta bo phethahetse jwang.b Mantsiboyeng ao, o ile a kopana le barutuwa ba bang mme a ba hlakisetsa boprofeta bona. (Luka 24:33-48) Ketsahalo ee e re rutang?
11-12. (a) Re ka ithuta eng mohlaleng wa Jesu wa ho ruta? (Sheba ditshwantsho.) (b) Morabo rona ya neng a ithuta Bibele le Norty o ile a mo thusa jwang?
11 Re ka etsisa Jesu jwang? Ha o ithuta Bibele le batho, qala ka ho ba botsa dipotso tse tla o thusa ho utlwisisa hore na ba ikutlwa jwang le hore na ba nahana jwang. (Diprov. 20:5) Ka mora moo, ba thuse ho fumana ditemana tse tla ba thusa boemong boo ba leng ho bona. Qoba ho ba bolella hore na ba etseng empa ba thuse ho etsa diqeto ba ipapisitse le melaomotheo ya Bibele. Bona ka moo taba ena e ileng ya thusa morabo rona Nortey wa Ghana.
12 Morabo rona Nortey o qadile ho ithuta Bibele ha a le dilemo di 16, ho eso ye le kae yaba lelapa labo le se le qala ho mo hanyetsa. O ile a thuswa keng hore a tswele pele a ithuta Bibele? Morabo rona eo a neng a ithuta Bibele le yena o ne a ile a bua le yena ka lengolo la Matheu kgaolo ya 10 le bontshang hore Bakreste ba nnete ba tla hloriswa. Nortey o re: “Eitse ha mahloriso a qala, ke ile ka kgodiseha hore ke fumane bodumedi ba nnete.” Morabo rona ya neng a ithuta Bibele le yena o ile a boela a mo bontsha hore na a ka sebedisa Matheu 10:16 jwang hore a be sedi le hore a bue ka tlhompho ha a hlalosetsa ba lelapa ka tumelo ya hae. Ka mora ho kolobetswa, Nortey o ne a batla ho ba pulamadiboho empa ntate wa hae o ne a lebelletse hore a ye yunivesithi. Morabo rona ha a ka a etsetsa Nortey qeto empa o ile a mo tataisa hore a bone ka moo Bibele e ka mo thusang. Nortey o ile a etsang? O ile a etsa qeto ya ho ba pulamadiboho yaba ntate wa hae o a mo tebela. Na Nortey o ikwahlaela qeto eo a e entseng? O re: “Ke kgodisehile hore ke entse qeto e nepahetseng.” Ha re bontsha ba bang ka moo Bibele e ka ba tataisang ha ba etsa diqeto, re ba thusa hore tumelo ya bona e be matla le hore ba tswele pele ba sebeletsa Jehova.—Baef. 3:16-19.
Etsisa Jesu ka ho thusa ba bang ho utlwisisa Mangolo (Sheba serapa sa 11)e
KWETLISA BARA BA BO RONA HORE E BE “DIMPHO”
13. Jesu o ile etsang ho netefatsa hore mosebetsi wa ho bolela o tla tswela pele le ha a se a kgutletse lehodimong? (Baefese 4:8)
13 Ha Jesu a le lefatsheng o ile a etsa mosebetsi wohle oo Ntate wa hae a neng a mo file wona. (Joh. 17:4) O ne a se na maikutlo a hore ke yena feela ya ka etsang mosebetsi oo Jehova a faneng ka wona. Dilemong tse tharo tseo a di qetileng a etsa mosebetsi ona o ile a kwetlisa le ba bang hore ba o etse. Pele a kgutlela lehodimong o ile a tshepela barutuwa ba hae ho etsa mosebetsi wa ho bolela, wa ho ruta ditaba tse monate le wa ho hlokomela dinku tsa Jehova. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba bona ba ne ba le dilemong tse ka tlase ho tse 30. (Bala Baefese 4:8.) Banna bana ba ne ba tshepahala ba bile ba sebetsa ka thata. Pele Jesu a ya lehodimong o ile a ba kwetlisa ka ho eketsehileng hore e be “dimpho.” O ile a ba kwetlisa jwang?
14. Matsatsing a 40 a ho qetela Jesu a le lefatsheng o ile a thusa balatedi ba hae jwang? (Sheba le setshwantsho.)
14 Ha ho ne ho hlokahala Jesu o ne a kgalemela balatedi ba hae a sa hlathe kwana le kwana empa o ne a etsa seo ka mosa. Ka mohlala, ha a hlokomela hore ba bang ba barutuwa ba hae ha ba dumele hore o tsohile, o ile a ba kgalema e le hore ba be le pono e nepahetseng. (Luka 24:25-27; Joh. 20:27) O ile a ba kgothaletsa hore ba phathahane ka ho hlokomela dinku tsa Jehova ho ena le ho etsa tjhelete. (Joh. 21:15) A boela a ba hopotsa hore ba se ke ipapisa le bang ba ka phuthehong empa ba amehe ka mosebetsi oo ba o etsetsang Jehova. (Joh. 21:20-22) Ba bang ba bona ba ne ba ena le maikutlo a fosahetseng ka Mmuso mme o ile a ba thusa, hape a ba kgothaletsa ho phathahana ka ho bolela ditaba tse monate. (Dik. 1:6-8) Baholo ba ka ithutang mohlaleng oo?
Etsisa Jesu ka ho kwetlisa bara ba bo rona hore ba etse mesebetsi e eketsehileng ka phuthehong (Sheba serapa sa 14)
15-16. (a) Hlalosa hore na baholo ba ka etsisa Jesu jwang. (b) Keletso eo morabo rona Patrick a ileng a e fuwa e ile ya mo tswela molemo jwang?
15 Baholo ba ka etsisa Jesu jwang? Ba lokela ho kwetlisa bara ba bo rona hore ba etse mosebetsi wa phutheho le haeba bara bao ba bo rona ba ntse ba le tlase dilemong.c Baholo ba a utlwisisa hore bara bana ba bo rona ha ba a phethahala. Ba lokela ho ba thusa ka bonolo hore ba tsebe mosebetsi, ba ikokobetse, ba tshepahale ba be ba ikemisetse ho sebeletsa ba bang.—1 Tim. 3:1; 2 Tim. 2:2; 1 Pet. 5:5.
16 Nahana ka keletso e ileng ya thusa morabo rona Patrick. Ha a sa le monyenyane o ne a sa tshware batho hantle a bile a ba buisa hampe ho akareletsa le baradi ba bo rona. Moholo e mong o ile a hlokomela bofokodi bona ba morabo rona Patrick yaba o toba taba ha a mo eletsa empa a bua ka mosa. Morabo rona Patrick o re: “Ke leboha haholo hore ebe o ile a bua le nna hobane pele ke ne ke dula ke utlwile bohloko haholo ha ke bona ba bang ba fumana mosebetsi oo ke o ratang. O ile a nthusa ho bona bohlokwa ba ho ikokobetsa le ho sebeletsa batho ba bang ho ena le ho ameha ka ho fumana boikarabelo bo itseng ka phuthehong.” Sena se ile sa fella ka hore morabo rona Patrick e be moholo le pele a eba dilemo di 25.—Diprov. 27:9.
17. Jesu o ile a bontsha jwang hore o tshepa barutuwa ba hae?
17 Jesu o file barutuwa ba hae mosebetsi wa ho bolela le ho ruta. (Mat. 28:20) Ho ka etsahala hore ebe ba ne ba utlwa eka ba ke ke ba kgona ho etsa mosebetsi oo empa Jesu o ne a kgodisehile hore ba ka o etsa. O ne a kgodisehile hoo a ileng a ba a re ho bona: “Ke a le roma feela jwalo ka ha Ntate a nthomile.”—Joh. 20:21.
18. Baholo ba ka etsisa Jesu jwang?
18 Baholo ba ka etsisa Jesu jwang? Baholo ba nang le phihlelo ba abela ba bang mosebetsi. (Bafil. 2:19-22) Mohlala, ba ka kopa batjha hore ba thuse ho hlwekisa le ho hlokomela Holo ya Mmuso. Ka mora hore Baholo ba kgethe bara ba bo rona bao ba ka ba fang boikarabelo, ba lokela ho ba kwetlisa ka ho ba bontsha hore na mosebetsi o etswa jwang le ho tshepa hore ba tla o etsa hantle. Morabo rona Matthew eo e sa tswa ba moholo o re o ananela kwetliso eo a e fuwang ke baholo ba bang e le hore a etse mosebetsi oo a o fuweng ka phuthehong. O boetse o ananela hore ba a mo tshepa hore a ka etsa mosebetsi oo. O re: “Ha ke ne ke etsa diphoso ba ile ba nthusa hore ke ithute diphosong tseo le ho ntlafatsa bakeng sa nako e tlang.”d
19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
19 Jesu o ile a sebedisa matsatsi a ho qetela a 40 a le lefatsheng ho kgothatsa, ho ruta le ho kwetlisa ba bang. E se eka re ka ikemisetsa ho latela mohlala wa hae haufiufi. (1 Pet. 2:21) O tla re thusa ho etsa jwalo. Etswe o ile a re tshepisa a re: “Ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela lefatshe le fela.”—Mat. 28:20.
PINA YA 15 Rorisang Letsibolo la Jehova
a Dikosepele le dibuka tse ding tsa Bibele di bua ka makgetlo a mmalwa ao Jesu a ileng a hlaha ka wona ho batho ba fapaneng ba kang: Maria Magdalena (Joh. 20:11-18); basadi ba bang (Mat. 28:8-10; Luka 24:8-11); barutuwa ba babedi (Luka 24:13-15); Petrose (Luka 24:34); baapostola ntle le Thomase (Joh. 20:19-24); baapostola ha mmoho le Thomase (Joh. 20:26); barutuwa ba supileng (Joh. 21:1, 2); barutuwa ba fetang 500 (Mat. 28:16; 1 Bakor. 15:6); ngwanabo Jakobo (1 Bakor. 15:7); baapostola kaofela (Dik. 1:4); le ho baapostola haufi le Bethani. (Luka 24:50-52) Ho ka etsahala hore ebe Bibele ha ya tlaleha makgetlo a mang ao Jesu a hlahileng ho barutuwa ba hae.—Joh. 21:25.
b Bakeng sa ho fumana boprofeta bo buang ka Mesia bala sehlooho ho jw.org/st-za se reng: “Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?”
c Maemong a mang bara ba bo rona ba tshwanelehang ba dilemo tse pakeng tsa 20 le 30 ba ka kgethwa hore e be balebedi ba potoloho. Le ha ho le jwalo bara ba bo rona bao ba lokela hore ba be le phihlelo ya ho sebeletsa e le baholo pele.
d E le ho thusa bara ba bo rona ba batjha dilemong hore ba tshwanelehele boikarabelo bo eketsehileng , bala Tora ya ho Lebela ya August 2018 maq. 11-12, dir. 15-17 le Molula-Qhooa wa April 15, 2015, maq. 3-13.
e TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Ka mora ho ithuta Bibele, seithuti se lahla mekgabiso eo se nang le yona ya Keresemese.