Warwick, NY: World Headquarters
Dintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
LE HOJA lefatshe lena la Satane le ena le mathata a mangata hakaana, barapedi ba Jehova ba tswela pele ba na le ho ‘hongata hoo ba ho etsang mosebetsing wa Morena.’ (1 Ko. 15:58) Ditlaleho tse latelang di bontsha kamoo Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle di ikemiseditseng ho ‘tshepa Jehova . . . , ho etsa se molemo . . . , le ho sebetsa ka botshepehi’ kateng.—Pes. 37:3.
Ntlokgolo le Ofisi ya Lekala di ya Sebakeng se Setjha
Moaho o ekeditsweng wa Wallkill, o New York, o ile wa fela ka la 1 February 2016. Kahoo, Komiti ya Lekala ya United States, Lefapha la Tshebeletso, le mafapha a mang a lekaleng la United States a ile a fallela moo. Ha mosebetsi o se o ntse o tlo fela, lelapa la Bethele e Brooklyn le ile la qalella ho fallela sebakeng seo se setjha.
Ho tloha ka Mantaha wa la 3 April 2017, batho ba se ba tla kgona ho bona sebaka seo se setjha se Warwick. Ba tla shebella divideo le ho bona dintho tse fapaneng dibakeng tse tharo, kamora moo ho tla ba le batho ba tla ba bontsha sebaka.
“Lebitso la Modimo ka Bibeleng.” Mona ho tla bontshwa Dibibele tse fapaneng le hore na ke hobaneng ha lebitso la Modimo le ntse le le teng ka Bibeleng.
“Batho Bakeng sa Lebitso la Jehova.” Mona teng ho tla bontshwa histori ya Dipaki Tsa Jehova le ho bontsha kamoo Jehova a ileng a tswela pele ho ruta, ho hlophisa batho ba hae le ho ba tataisa kateng.
“Ntlokgolo le Seo mokgatlo o se Entseng.” Re tla bontshwa hore na dikomiti tsa Sehlopha se Busang, di etsang ho thusa bahlanka ba Jehova hore ba etse mesebetsi e fapaneng. Mesebetsi eo e akarelletsa wa boboledi, wa ho ruta diphutheho le wa ho thusa bara le baradibabo rona lefatsheng lohle ha ba ena le maemo a tshohanyetso a kang dikoduwa.
Baeti ba tla bona sebaka ho tloha ka 8 hoseng ho fihlela ka 4, Mantaha ho isa ho Labohlano. Ho tla boela ho be le batho ba tla ba bontsha sebaka ka metsotso e 20. Ka Mantaha ho fihlela ka Labohlano, ho tloha ka 8 hoseng ho ya ka 11 le ho tloha ka 1 ho ya ka 4 mantsiboya ho tla ba le batho ba tla tsamaisa baeti e le hore ba ba bontshe sebaka.
Pele o hlophisa ho ya Ntlokgolo, kena ho jw.org/jw-ssa mme o shebe tlasa MABAPI LE RONA > DIOFISI LE BATHO > United States.