BATJHA BA A BOTSA
Na ke Lokela ho Kolobetswa?—Karolo ya 3: Ke Eng e Ntshitisang?
Na o a tshoha ha o nahana ka ho inehela ho Jehova le ho kolobetswa? Haeba ho jwalo, sehlooho sena se tla o thusa ho hlola bothata boo.
Sehloohong sena
Ke tla etsang haeba nka etsa phoso e kgolo?
Se o tshwenyang: Mohlomong o tseba motho e mong ya ileng a etsa sebe se tebileng yaba o lokela ho tloswa ka hare ho phutheho. (1 Bakorinthe 5:11-13) O ka nna wa nahana hore ntho e tshwanang e ka o etsahalla.
“Ha ke ne ke nahana ka ho kolobetswa, ke ne ke nahana hore ke tla etsa phoso. Ke ne ke ipotsa hore na ntho eo e tla swabisa batswadi ba ka hakae.”—Rebekah.
Bibele e re: “Motho ya kgopo a tlohele tsela ya hae . . . A ke a kgutlele ho Jehova, ya tla mo hauhela, a kgutlele ho Modimo wa rona hobane o tla mo tshwarela ka pelo yohle.”—Esaia 55:7.
Nahana ka sena: Le hoja bafosi ba sa bakeng ba tloswa ka phuthehong, ka mosa Jehova wa ba amohela ha ba ikokobetsa mme ba amohela tayo.—Pesaleme ya 103:13, 14; 2 Bakorinthe 7:11.
Nnete ke hore le hoja o sa phethahala, o ka kgona ho hlola diteko ka thuso ya Modimo. (1 Bakorinthe 10:13) Qetellong, ke wena ya etsang qeto ya hore na o tla itshwara jwang, eseng motho e mong.
“Ke ne ke tshaba hore ke tla etsa phoso e kgolo ka mora hore ke kolobetswe empa ha morao ke ile ka hlokomela hore ke ne ke tla ikwahlaya haholo haeba ke ne ke sa kolobetswe. Ke ile ka hlokomela hore ha ke a lokela ho dumella dintho tse ka nnang tsa etsahala ka moso hore di nthibele ho etsa seo ke lokelang ho se etsa hona jwale.”—Karen.
Ntlha ya bohlokwa: O ka kgetha ho qoba ho etsa dibe tse tebileng, jwalo ka ha bahlanka ba bang ba Jehova ba etsa.—Bafilipi 2:12.
Na o hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Nka Hlola Diteko Jwang?”
Ke tshaba boikarabelo boo nka bang le bona ha ke qeta ho kolobetswa
Se o tshwenyang: Ka mohlala, e ka nna yaba o tseba batjha ba ileng ba ya hole le malapa a bo bona ha mmoho le metswalle ya bona e le hore ba eketse tshebeletso ya bona ho Jehova. O ka nna wa tshwenngwa ke hore batho ba tla lebella hore le wena o etse ntho e tshwanang.
“Mokreste ya kolobeditsweng o a tshwaneleha hore a ka etsa ho eketsehileng tshebeletsong ya Jehova. Batho ba bang ha ba malala a laotswe hore ba ka iketsa ba fumanehang kapa maemo a bona ha a ba dumelle hore ba ka etsa jwalo.”—Marie.
Bibele e re: “Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe dintho tseo a di etsang ka ha o tla thabela seo a se entseng a sa ipapise le motho e mong.”—Bagalata 6:4.
Nahana ka sena: Ho e na le hore o ipapise le batho ba bang, nahana ka mantswe a hlahang ho Mareka 12:30 a reng: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle.”
Hlokomela hore o lokela ho sebeletsa Jehova ka pelo ya hao yohle eseng ya motho e mong. Haeba o rata Jehova e le kannete, o tla fumana ditsela tsa ho mo etsetsa sohle seo o ka se kgonang.
“Kolobetso ke mohato wa bohlokwa empa ha se morwalo. Haeba o na le metswalle e lokileng, e tla o thusa. O tla thaba le ho feta ha hanyane ka hanyane o ntse o amohela boikarabelo bo eketsehileng. Haeba o sa batle ho kolobetswa, o tla be o itlhokela toka.”—Julia.
Ntlha ya bohlokwa: Eketsa kananelo eo o nang le yona ho Jehova ka lebaka la lerato leo a o bontshitseng lona. Seo se tla o susumelletsa hore o mo fe sohle seo o ka se kgonang.—1 Johanne 4:19.
Na o hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Ke na le Boikarabelo Hakae?”
Ke ikutlwa ke sa tshwanelehe ho sebeletsa Jehova
Se o tshwenyang: Jehova ke Mmusi wa bokahohle mme batho ha se letho ha ba bapiswa le yena. O ka nna wa ipotsa hore na ebe Jehova o a tseba moo o leng teng.
“Batswadi ba ka ke Dipaki Tsa Jehova. Ka hoo, ke ne ke utlwa e ka ke motswalle wa Jehova hobane feela batswadi ba ka e le Dipaki eseng hobane ke hutswe ke Jehova.”—Natalie.
Bibele e re: “Ha ho motho ya ka tlang ho nna ntle le ha a hulwa ke Ntate ya nthomileng.”—Johanne 6:44.
Nahana ka sena: Taba ya hore o se o ntse o nahana ka ho kolobetswa, e bontsha hore Jehova o se a ntse a o hula hore o be motswalle ya haufi le yena. Na o batla ho amohela memo ee?
Hopola hore ke Jehova eseng wena kapa motho le ha e le ofe ya kgethang hore na o hloka eng ho batho bao a ba hulang. Lentswe la hae le a re kgodisa hore haeba o ‘atamela ho Modimo, o tla atamela ho wena.’—Jakobo 4:8.
“Taba ya hore ebe o tseba Jehova le hore o o huletse ho yena e bontsha hore o a o rata. Haeba o dumela hore ha o tshwanelehe ho mo sebeletsa, hopola hore yena ha a dumellane le seo mme Jehova o dula a nepile.”—Selina.
Ntlha ya bohlokwa: Haeba o finyella dintho tseo Bibele e reng o lokela ho di etsa e le hore o kolobetswe, seo se bontsha hore o tshwaneleha ho ba morapedi wa Jehova. Hopola hore Jehova o tshwanelwa ke ho rapelwa.—Tshenolo 4:11.
Na o hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Ke Hobaneng ha ke Lokela ho Rapela?”