Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 55
  • Bibele e Reng ka Lefatshe le Ntseng le Senyeha?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Reng ka Lefatshe le Ntseng le Senyeha?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ho senyeha ha tikoloho ho ile ha bolelwa esale pele
  • Lefatshe la rona le tla sireletseha nakong e tlang
  • Na Ditjhaba di ka Ikopanya ho Hlola Koduwa ya ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo?—Bibele e Reng?
    Dihlooho Tse Ding
  • Bibele e Reng ka Motjheso o Ntseng o Hlwa Mekwalaba Lefatsheng Lohle?
    Dihlooho Tse Ding
  • Bibele e Reng ka Bothata ba ho Haellwa ke Metsi a Hlwekileng Lefatsheng Lohle?
    Dihlooho Tse Ding
  • Modimo o Tshepisa Hore Lefatshe le Tla Dula le le Teng
    Fadimehang!—2023
Bala Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 55
Polanete ya lefatshe ha o e shebile o le sepakapakeng. Halofo ya yona e shebahala hantle ha halofo e nngwe e shebahala e tjhele e bile e senyehile.

DULANG LE LEBETSE!

Bibele e Reng ka Lefatshe le Ntseng le Senyeha?

“Batho ba etsa dintho tse ngata tseo haufinyane di tlo baka mathata a ho fetoha ha boemo ba lehodimo. Ditoropo tse kgolo di tla kwahelwa ke metsi. Ho tla ba le motjheso o otlang pelo, difefo tse tshosang le kgaello ya metsi dibakeng tse ngata. Mefuta ya diphoofolo le dimela tse ka bang dimilione di kotsing ya ho fela ka lebaka la diketso tsa batho. Ditaba tsena ha se tshomo feela. Ke seo saense e reng se tla etsahala haeba mebuso e sa fetole tsela eo e sebedisang matla ao e a fumanang dinthong tsa tlhaho ka yona.”​—Puo ka António Guterres e leng mongodikakaretso wa Matjhaba a Kopaneng mabapi le tlaleho ya Intergovernmental Panel on Climate Change ya April 4, 2022.

“Borasaense ba re haufinyane diphaka tse ka bang 423 tsa Amerika di tla senyeha ka lebaka la ho fetoha ha maemo a lehodimo, haholoholo hobane diphaka tsena di ka senyeha haholo ka lebaka la motjheso o phahameng. Dintho tse mpe tse ka nnang tsa etsahala di tshwana le dikoduwa tseo o ka balang ka tsona ka Bibeleng tse kang mollo le dikgohola, ho qhibidiha ha leqhwa, ho phahama ha maqhubu a lewatle le motjheso o mongata.”​—“Flooding Chaos in Yellowstone, a Sign of Crises to Come,” The New York Times, June 15, 2022.

Na mathata a lefatshe a tikoloho a ka rarolleha? Haeba ho jwalo, a tla rarollwa ke mang? Hlokomela seo Bibele e se buang.

Ho senyeha ha tikoloho ho ile ha bolelwa esale pele

Bibele e re Modimo o tla ‘fedisa ba senyang lefatshe.’ (Tshenolo 11:​18) Temana ena ya Bibele e re ruta dintho tse tharo:

  1. 1. Batho ba tla etsa dintho tse tla senya lefatshe haholo.

  2. 2. Ho senyeha ha lefatshe ho tla fela.

  3. 3. Modimo ke yena ya tla fedisa mathata a tikoloho a lefatshe eseng batho.

Lefatshe la rona le tla sireletseha nakong e tlang

Bibele e re “lefatshe le dula le le teng ho ya ho ile.” (Moeklesia 1:4) Lefatshe le tla dula le e na le batho.

  • “Lefatshe e tla ba lefa la ba lokileng, ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ya 37:29.

Lefatshe le tla kgutlisetswa boemong bo botle.

  • “Lefeella le sebaka se omeletseng di tla thaba le lehwatata le tla thaba mme le thunye jwalo ka dipalesa tsa safrone.”​—Esaia 35:1.

Ho ithuta hore na ke hobaneng ha re kgodisehile hore Modimo o tla lokisa lefatshe, bala sehlooho se reng “Who Will Save the Earth?” (“Ke Mang ya Tla Pholosa Lefatshe?”)

Ho bona hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha ka bokamoso ba rona ho sa tsotellehe mathata a boemo ba lehodimo bo fetofetohang, bala sehlooho se reng “Climate Change and Our Future​—What the Bible Says.” (“Bibele e Reng ka ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo le Bokamoso ba Rona?”)

Ho bona hore na Bibele e ka re thusa jwang ho sebetsana le diphephetso tse bakwang ke maemo a tikoloho, bala sehlooho se reng “Extreme Weather​—Can the Bible Help You to Cope?” (“Na Bibele e ka o Thusa Hore o Sebetsane le Maemo a Lehodimo a Mabe?”)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela