DEA/G. Dagli Orti/De Agostini via Getty Images
Huldrych Zwingli o Ile a Etsa Boiteko ba ho Fumana Nnete ya Bibele
Mehleng ena batho ba bangata ba ratang bodumedi ba ka batlisisa hore na seo ba se dumelang se thehilwe Bibeleng kapa tjhe. Le ha ho le jwalo, maqalong a dilemo tsa bo 1500 ho ne ho se bonolo ho etsa jwalo ka ha batho ba bangata ba ne ba se na Bibele ka dipuo tsa bona. Ka hoo, ke batho ba mmalwa feela ba neng ba ka bapisa dithuto tsa kereke le seo Bibele e se rutang. Empa baruti ba ne ba sa etse letho ka taba ena. Buka ya History of the Christian Church e re: “Kereke ya Switzerland e ne e tletse bobodu, baruti ba ne ba sa tsotelle, ba rata ditumelakgwela ba bile ba le boitshwaro bo bobe.”
Ka nako eo, Huldrych Zwingli o ile a qala ho batlana le nnete ya Bibele. Na o ile a atleha? O ne a bolella ba bang jwang seo a ithutileng sona? Re ka ithuta eng bophelong ba hae le dinthong tseo a neng a di dumela?
Zwingli o Qala ho Batlana le Nnete ya Bibele
Ha Zwingli e sa le mohlankana o ne a batla ho ba moprista wa Khatholike. Jwalo ka batho ba bang bohle ba ithutelang boprista, Zwingli o ne a lokela ho ithuta filosofi, meetlo ya kereke le dintho tseo Bofatere ba neng ba di ngotse eseng ho ithuta Bibele.
Zwingli o ile a ithuta Bibele jwang? Ha a ntse a le univesithi ya Basel e Switzerland, o ile a rutwa ke Thomas Wyttenbach, ya neng a le kgahlanong le tsamaiso ya Kereke.a Ho ya ka mongodi e mong ya ngolang ka dipale tsa bophelo ba batho, Zwingli o ile a ithuta ho [Wyttenbach] hore “Kreste motho ya lokileng, o ile a shwela dibe tsa batho ba sa lokang.” (1 Petrose 3:18) Ha Zwingli a utlwisisa hore sehlabelo sa Jesu ke yona feela tsela ya hore re tshwarelwe dibe, o ile a hana thuto ya hore ho patalwe baetapele ba kereke bakeng sa ho tshwarelwa dibe. (Diketso 8:20) Le ha ho le jwalo, Zwingli o ile a tswela pele ka dithuto tsa hae yaba ha a le dilemo di 22 ya e ba moruti wa Khatholike.
Zwingli o ile a ithuta Segerike e le hore a ka utlwisisa Testamente e Ntjha ya mangolo a Segerike pele a ba dilemo di 30. O ile a boela a hlahloba dibuka tsa Erasmus mme a ithuta hore jwalo ka ha Bibele e bolela, Jesu ke yena feela mmuelli pakeng tsa Modimo le batho. (1 Timothea 2:5) Ka lebaka leo, Zwingli o ile a qalella ho belaella thuto ya Khatholike ya hore batho ba hloka bahalaledi hore e be babuelli ba bona ho Modimo.
Ha a le dilemo di 30 o ile a batla nnete ka matla. Le ha ho le jwalo, ka nako e tshwanang o ne a ntse a sebetsa e le moruti ya rapellang masole a neng a lwana Europe a lwanela ho laola Italy. Ka 1515 ntweng ya Marignano, o ile a bona Makhatholike a bolaya Makhatholike a mang ka bongata. Dilemo tse mmalwa ka mora moo, o ile a kopitsa Mangolo a Segerike a ba a a tshwara ka hlooho a le mangata. Ka 1519 o ne a dula Zurich, moo dipolotiki di neng di iphile matla Switzerland. Ha a le moo, o ile a qetella a dumela hore Kereke e lokela ho fedisa dithuto tsohle tse sa dumellaneng le seo Bibele e se rutang. Empa o ne a ka thusa batho ba bang jwang hore ba dumellane le yena?
“Ha re e so ka re Utlwa Thuto e Tjena Haesale re Tswalwa”
Zwingli o ne a dumela hore batho ba ne ba tla nyahlatsa mashano a rutwang kerekeng ha ba ne ba ka utlwa nnete ya Bibele. E ile ya re ha e ba moprista kerekeng e kgolo ya Grossmünster e Zurich, o ile a bolella batho ka morero o moholo oo a neng a e na le wona. O ne a ke ke a hlola a bala pokello ya dibuka tsa Latin tseo baruti ba neng ba di phetapheta ka dilemo tse ngata. Ho e na le hoo o ne a tla ruta Dikosepele ka ho di bala ka Bibeleng, kgaolo e nngwe le e nngwe ho tloha qalong ho ya qetellong. O ne a sebedisa Bibele ho hlalosa Mangolo ho e na le hore a hlaloswe ke Bofatere. O ile a etsa sena ka ho dumella hore dikarolo tse bonolo tsa Bibele di hlalose tse thata.—2 Timothea 3:16.
Sergio Azenha/Alamy Stock Photo
Kereke ya Grossmünster e Zurich
Zwingli o ile a thusa batho ho bona hore Bibele e ka ba thusa bophelong ba letsatsi le letsatsi. O ile a ruta batho ho bona hore na Bibele e reng ka boitshwaro bo botle le ka ho rapela Maria mme wa Jesu le bahalaledi. A boela a ba ruta hore na Bibele e reng ka ho patala baruti e le hore ba tshwarelwe dibe le ka boitshwaro bo hlephileng ba baruti. Batho ba ile ba ikutlwa jwang ka ditaba tsee? Ka mora thuto ya hae ya pele ba bang ba ile ba re: “Ha re eso ka re utlwa thuto e tjena haesale re tswalwa.” Rahistori e mong o ile a ngola tjena ka bamamedi ba Zwingli ba Makhatholike: “Batho ba neng ba se ba emisitse ho ya kerekeng ka lebaka la ho tenwa ke ho hloka tsebo ho a baruti le boitshwaro ba bona bo bobe ba ile ba qala ho ya kerekeng.”
Ka 1522, baruti ba ile ba leka ho susumetsa boradipolotiki ba Zurich hore ba thibele batho ba neng ba etsa dintho tse kgahlanong le thuto ya bona. Ka lebaka leo, Zwingli o ile a qoswa ka ho ba kgahlanong le thuto ya Khatholike. O ile a tlohela ho ba moruti wa Khatholike hobane o ne a sa batle ho tlohela seo a neng a ithutile sona.
Zwingli o Ile a Etsang?
Zwingli e ne e se e se moprista, empa o ile a tswela pele a ruta batho ka Bibele le ho leka ho ba kgodisa hore seo a se fumaneng ke nnete. O ne a se a tumme haholo ka lebaka la ho ruta batho Bibele, mme sena se ile sa etsa hore boradipolotiki ba Zurich ba mo mamele. Ka lebaka leo, o ile a susumetsa hore ho be le diphetoho melaong e amanang le bodumedi ya Zurich. Ka mohlala, ka 1523, o ile a susumetsa ba boholong hore ba etse molao o thibelang dithuto tse se nang bopaki ba mangolo a Bibele. Ka 1524, o ile a boela a ba susumetsa hore ba etse hore borapedi ba ditshwantsho e be tlolo ya molao. Bommaseterata ka thuso ya baruti le batho ba dulang motseng oo ba ile ba fedisa dialetare, ditshwantsho tse rapelwang, le dintho tse neng di sebediswa ke badumedi nakong e fetileng. Buka ya Zwingli—God’s Armed Prophet e re: “Badumedi ba ne ba qala ho bona tshenyo e kaalo e etswang ka boomo ntle le e neng e ile ya etswa ke mashodu.” Ka 1525, o ne a se a susumeditse balaodi hore ba fetole dikereke hore e be dipetlele le hore baitlami ba basadi le ba banna ba dumellwe ho nyala. O ile a boela a kopa hore Mmisa o nkelwe sebaka ke mokete o thehilweng Bibeleng. (1 Bakorinthe 11:23-25) Borahistori ba re boiteko ba Zwingli bo entse hore madumedi a Zurich le baetapele ba dipolotiki ba teng ba kopane hape bo entse hore batho ba fetohele bodumedi ba Khatholike ho be le bodumedi bo botjha ba Maprostanta.
Phetolelo ya 1536 ya Bibele ya Zurich, e fumanehang Ntlokgolo ya Dipaki Tsa Jehova e Warwick, New York
Mosebetsi o ka sehloohong oo Zwingli a neng a o etsa e ne e le wa ho fetolela Bibele. Dilemong tsa bo 1520 o ile a sebetsa le sehlopha sa ditsebi se neng se fetolela ho tloha Seheberung le Segerikeng sa qalong le ho tloha ho Septuagint ya Segerike le Latin Vulgate. Mokgwa oo ba neng ba sebetsa ka wona o ne o le bonolo. Ba ne ba bala mangolo ka bonngwe ho tloha mangolong a qalong le diphetolelong tse ding tse neng di nkwa e le tsa bohlokwa. Ba ne ba buisana ka moelelo wa temana ka nngwe e be ka mora moo ba ngola seo ba se fumaneng. Ka lebaka la mosebetsi wa bona wa ho hlalosa le ho fetolela Lentswe la Modimo ho ile ha qetella ho e na le Bibele ya Zurich ka 1531.
Le ha Zwingli a ne a e na le boikemisetso bo botle, o ne a sa hlomphe maikutlo a batho ba bang a bile a le bohale. Ka mohlala, ka 1525, o ile a kenya letsoho nyeweng ya batho ba neng ba dumela hore batho ba lokela ho kolobetswa hape ha ba se ba hodile, e neng e le kgahlanong le thuto ya Zwingli ya hore batho ba lokela ho kolobetswa feela ha e le masea. Ha lekgotla le diha kahlolo e boima ya hore mang kapa mang ya hananang le ho kolobetswa ha masea a bolawe ha a ka a hanana le yona. O ile a boela a susumeletsa baetapele ba dipolotiki ho sebedisa sesole ho qobella batho hore ba amohele tumelo ena e ntjha. Le ha ho le jwalo, Makhatholike a mangata a Switzerland a ile a hanana le tumelo ena ya hae. Ka lebaka leo, ho ile ha qetella ho e na le ntwa. Zwingli o ile a tsamaya le masole a Zurich ho ya ntweng mme o ile a bolaelwa moo a le dilemo di 47.
Botumo ba Zwingli
Le hoja Huldrych Zwingli a ne a sa tuma jwalo ka Martin Luther le John Calvin bao e neng e le Maprostanta, o entse diphetoho tse ngata historing. Zwingli o ile a hanyetsa dithuto tsa Khatholike haholo ho feta Luther mme seo se ile sa thusa batho hore ba amohele dithuto tsa Calvin habonolo. Ka lebaka leo, o ile a tsejwa e le Motho wa Boraro wa ho Tlisa Diphetoho.
Zwingli o ile a etsa dintho tse ntle le tse mpe. E le hore maikutlo a hae a tsebahale, o ile a kenella haholo dipolotiking le dintweng. O ile a hloleha ho latela mohlala wa Jesu Kreste ya neng a sa kenelle dipolotiking a bile a ruta balatedi ba hae ho rata dira tsa bona eseng ho di bolaya.—Matheu 5:43, 44; Johanne 6:14, 15.
Ho ntse ho le jwalo, Zwingli o tla dula a hopolwa e le moithuti ya hlwahlwa wa Bibele a bile a ikemiseditse ho arolelana le ba bang seo a ithutileng sona. O ile a ithuta dinnete tsa Bibele mme a thusa le batho ba bang ho etsa jwalo.
a Lectionary ke buka e nang le ditemana tsa Bibele tse lokiseditsweng hore di balwe selemo ka seng.