Halfpoint Images/Moment via Getty Images
DULANG LE FADIMEHILE!
Molaodi ya Phahameng wa Tsa Bophelo o Lemosa Batho ka Dikotsi Tsa Inthanete—Bibele e Reng ka Taba Ee?
Ka la 23 May, 2023, molaodi ya phahameng wa tsa bophelo Amerika o ile a lemosa batho ka hore na Inthanete e ama batjha jwang.
“Le hoja Inthanete e ka thusa bana ba bangata ka ditsela tse itseng, ho na le bopaki bo bongata bo supang hore e ka boela ya ama bana hampe kelellong le mmeleng.”—Ho ya ka mokgatlo wa Social Media and Youth Mental Health: The U.S. Surgeon General’s Advisory, 2023.
Mokgatlo ona o ile wa bua ka mabaka a bontshang hore na ke hobaneng ha re lokela ho tshwenyeha ka taba ya bana ba sebedisang Inthanete.
Bana ba dilemo di 12 ho ya ho 15 “ba qetang nako e fetang dihora tse tharo Inthaneteng ka letsatsi, ba kotsing e kgolo ya ho ba le mathata a kelello a kang kgatello ya maikutlo le ho tshwenyeha ho feta tekanyo.”
Ha bana ba dilemo di 14 “ba sebedisa Inthanete haholo, hangata ha ba robale hantle, ba ka hlekefetswa Inthaneteng, ba ikutlwa ba se batle, ba ikgalala, ba ka ikutlwa ba se na thuso hape ba na le menyetla e mengata ya ho tepella maikutlong. Dintho tsena di ka etsahalla banana ho feta bashanyana.”
Batswadi ba ka sireletsa bana ba bona jwang? Bibele e fana ka dikeletso.
Batswadi ba ka etsang?
Etsa qeto. Jwalo ka motswadi, etsa dipatlisiso tsa hore na ho sebedisa Inthanete ho ka ama ngwana wa hao jwang ebe o etsa qeto ya hore na a ka e sebedisa kapa tjhe.
Molaomotheo wa Bibele: “Ruta ngwana tsela eo a lokelang ho e nka.”—Diproverbia 22:6.
E le ho ithuta ka ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Should My Child Use Social Media?”
Haeba o dumella ngwana wa hao ho sebedisa Inthanete, hlokomela dikotsi tse ka bang teng mme o dule o sheba hore na o etsang ho yona. O ka etsa seo jwang?
Sireletsa ngwana wa hao hore a se ke a shebella dintho tse kotsi. Ruta ngwana wa hao hore a bone dintho tse kotsi le hore a di qobe.
Molaomotheo wa Bibele: “Boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano, ntho e nngwe le e nngwe e ditshila le meharo di se ke tsa buuwa le ho buuwa hara lona . . . Hape hara lona ha ho a lokela ho ba le boitshwaro bo swabisang, dipuo tse se nang kelello le meswaso e ditshila.”—Baefese 5:3, 4.
E le hore o fumane dikeletso, bala sehlooho se reng “Teaching Your Teenager Social Media Safety.”
Beha meedi. Ka mohlala, etsa melao ya hore na ngwana wa hao a sebedise Inthanete neng ka nako e kae.
Molaomotheo wa Bibele: “Le itjhebe hore na le itshwere jwang. Le itshware jwalo ka ba bohlale. Le sebedise nako ya lona hantle.”—Baefese 5:15, 16.
Sheba video e reng Sebedisa Metjha ya Puisano ka Bohlale ho thusa ngwana wa hao ho bona bohlokwa ba ho beha meedi ha a sebedisa Inthanete.