Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 88
  • Mmuso wa Modimo o Tla Etsang ka Ntwa

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Mmuso wa Modimo o Tla Etsang ka Ntwa
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ke Mang ya Tla Sireletsa Batho ba se Nang Molato Nakong ya Ntwa? ​—Bibele e Reng ka Taba Ee?
    Dihlooho Tse Ding
  • Re Kena Selemong sa Bobedi ho e na le Ntwa Ukraine—Bibele e Fana ka Tshepo Efe Mabapi le Dintwa?
    Dihlooho Tse Ding
  • Bibele e Reng ka Mathata a Bileng Teng Selemong sa 2023?
    Dihlooho Tse Ding
  • Bibele e re Dintwa Tse Ntseng di Etsahala Hona Jwale di Tla Fela Neng?
    Dihlooho Tse Ding
Bala Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 88
Ntate ya tsamayang a tshwere baesekele hara seterata se nang le dintho tse swahlamaneng ke ntwa.

Chris McGrath/Getty Images

LETSHOLO LE KGETHEHILENG

Mmuso wa Modimo o Tla Etsang ka Ntwa?

Dintwa di tswela pele ho utlwisa batho bohloko le ho baka tshenyo lefatsheng lohle. Hlokomela ditlaleho tse latelang:

  • Ka la 7 June 2023, mokgatlo o etsang dipatlisiso wa Peace Research Institute Oslo (PRIO) o ile wa re: “Esale ho tloha ka 1994, ha ho eso shwe batho ba bangata hakaalo jwalo ka ba ileng ba shwa Ethiopia le Ukraine ka lebaka la dintwa selemong se fetileng.”

  • Ka la 8 February 2023, The Armed Conflict Location & Event Data Project (ACLED) e ile ya tlaleha hore “ntwa e Ukraine e ne e le e nngwe ya dintwa tse ileng tsa ba matla ka ho fetisisa lefatsheng ka 2022. Lefatsheng lohle dintwa tse susumetswang ke dipolotiki di ile tsa eketseha ka diphesente tse 27 selemo se fetileng mme ho hakanngwa hore batho ba ka bang dibilione tse 1.7 ba ile ba angwa ke dintwa tseo.”

Bibele e fana ka tshepo. E re: “Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa fediswa le ka mohla.” (Daniele 2:​44) Mmusong oo, Modimo o tla “fedisa dintwa lefatsheng lohle.”​—Pesaleme ya 46:9.

Mmuso wa Modimo ke Eng?

Makasine wa “Tora ya ho Lebela” o nang le sehlooho se reng: “Mmuso wa Modimo ke Eng?”

Ka September 2023, lefatsheng lohle Dipaki Tsa Jehova di tla be di ena le letsholo la ho bolella batho seo Bibele e se buang ka taba ena ya bohlokwa. Re kopa hore o bale makasine wa Tora ya ho Lebela o nang le sehlooho se reng: “Mmuso wa Modimo ke Eng?” Fumana dikarabo dipotsong tse latelang:

  • Morena wa Mmuso wa Modimo ke Mang?

  • Mmuso wa Modimo o Tla Busa Neng Lefatsheng?

  • Mmuso wa Modimo o Tla Finyella Eng?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela