Lehlakoreng le letshehadi ka hodimo: Marek M. Berezowski/Anadolu Agency via Getty Images; lehlakoreng le letshehadi ka tlase: Halfpoint Images/Moment via Getty Images; bohareng: Zhai Yujia/China News Service/VCG via Getty Images; lehlakoreng le letona ka hodimo: Ismail Sen/Anadolu Agency via Getty Images; lehlakoreng le letona ka tlase: E+/taseffski/via Getty Images
DULANG LE FADIMEHILE!
Bibele e Reng ka Mathata a Bileng Teng Selemong sa 2023?
Dintho tse etsahetseng selemong sena sa 2023, di bontsha ka ho hlaka hore re phela nakong eo Bibele e reng ke ‘mehla ya bofelo.’ (2 Timothea 3:1) Hlokomela ka moo dintho tse etsahalang lefatsheng hona jwale di tshwanang le tseo Bibele e ileng ya bolela hore di tla etsahala mehleng ena.
Bibele e reng ka diketsahalo tsa lefatshe?
“Dintwa le ditlaleho tsa dintwa.”—Matheu 24:6.
“Dintwa le ho se utlwane di ntse di eketseha dibakeng tse ngata lefatsheng.”a
Bala sehlooho se reng “Ke Mang ya Tla Sireletsa Batho ba se Nang Molato Nakong ya Ntwa?” le se reng “Mebuso e Sebedisitse Matsebetsebe a Ditjhelete Sesoleng.”
“Ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng.”—Mareka 13:8.
“Ho tloha maqalong a selemo sena sa 2023, ho ile ha eba le ditshisinyeho tsa lefatshe tse 13 dibakeng tse fapaneng lefatsheng mme e bile tse matla ka ho fetisisa tse kileng tsa tlalehwa.”b
Bala sehlooho se reng “Ho ba le Ditshisinyeho Tse Mpe Tsa Lefatshe Turkey le Syria.”
“Dintho tse tshosang.”—Luka 21:11.
António Guterres e leng Mongodikakaretso wa Matjhaba a Kopaneng o ile a re: “Hona jwale lefatsheng ha ho sa tjhesa feela empa ho tuka malakabe.”c
Bala sehlooho se reng “Bibele e Reng ka Motjheso o sa Tlwaelehang Lefatsheng Lehlabuleng la 2023?”
“Tlala.”—Matheu 24:7.
“Selemo sa 2023 e bile se seng sa dilemo tse thata ka ho fetisisa bakeng sa batho ba thatafallwang ke ho hlokomela malapa a bona.”d
Bala sehlooho se reng “Kgaello ya Dijo e Bakwang ke Dintwa le Maemo a Fetofetohang a Lehodimo.”
“Bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.”—2 Timothea 3:1.
“Lefatsheng lohle, motho a le mong ho ba robedi o na le lefu le amang kelello le maikutlo.”e
Bala sehlooho se reng “Disturbing Decline in Teen Mental Health.”
Selemo sa 2024 se re tlela ka dife?
Ha ho na motho ya tsebang hantle hore na ho tla etsahalang selemong sa 2024. Le ha ho le jwalo, dintho tse etsahalang lefatsheng hona jwale di a bontsha hore haufinyane Mmuso wa Modimo o lehodimong o tla nkela mebuso ya batho sebaka. Hape o tla fedisa dintho tsohle tse etsang hore batho ba utlwe bohloko ba be ba tshwenyehe.—Daniele 2:44; Tshenolo 21:4.
Hona jwale re ka kopa thuso ho Modimo nakong eo re utlwang re tshwenyehile. Bibele e re:
“Ha ke tshohile, ke tshepa wena.”—Pesaleme ya 56:3.
Re ka bontsha jwang hore re tshepa Modimo? Re o memela hore o ithute haholwanyane ka tshepiso ya Bibele e buang ka bokamoso bo se nang mathata. Kopa thuto ya Bibele ya mahala e le hore o bone hore na ditshepiso tse ka Bibeleng di ka tswela wena le lelapa la hao molemo jwang.
a Foreign Affairs, “A World at War: What Is Behind the Global Explosion of Violent Conflict?” by Emma Beals and Peter Salisbury, October 30, 2023.
b Earthquake News, “Year 2023: Number of Major Earthquakes on Course for Record,” May, 2023.
c United Nations, “Secretary-General’s Opening Remarks at Press Conference on Climate,” July 27, 2023.
d World Food Programme, “A Global Food Crisis.”
e World Health Organization, “World Mental Health Day 2023,” October 10, 2023.