Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 89
  • Bibele e Reng ka Tshireletseho ya Basadi?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Reng ka Tshireletseho ya Basadi?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Modimo o nka basadi jwang?
  • Ke eng e ka o thusang hore o ikutlwe o le betere?
  • Na Modimo o tla ke a fedise ho hlekefetswa ha basadi?
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 89
Basadi ba dilemo tse fapaneng ba tswang ditjhabeng tse fapaneng.

Bibele e Reng ka Tshireletseho ya Basadi?

Basadi le banana ba dimilione lefatsheng lohle ba ile ba hlekefetswa. Na le wena o e mong wa bona? Bona hore na ke hobaneng ha Modimo a nka tshireletseho ya hao e le ya bohlokwa le hore na o tla etsang ka tsela e mpe eo basadi ba tshwerweng ka yona.

“Ha ke ne ke le ngwana, abuti wa ka o ne a ntlhekefetsa ka ho ntjhapa le ho bua mantswe a hlabang letsatsi le leng le le leng. Le ka mora hore ke nyalwe, mme matsale wa ka le yena o ne a ntlhekefetsa. Yena le ntate matsale wa ka ba ne ba ntshwere jwalo ka lekgoba. Sena se ile sa etsa hore ke be le maikutlo a ho ipolaya.”—Madhu,a India.

World Health Organization e re:“Ho hlekefetswa ha basadi ke kobo anela.” E hakanya hore mosadi a le mong ho ba bararo o kile a shapuwa kapa a hlekefetswa ka thobalano.

Haeba sena se kile sa o etsahalla, o ka nna wa ikutlwa o sa sireletseha hohle moo o yang hobane o utlwa eka ho na le motho ya ka nnang a bua mantswe a hlabang, a o shapa kapa a o hlekefetsa ka thobalano. Ka lebaka la tlhekefetso e atileng le tshwaro e mpe ya basadi, o ka nna wa utlwa eka batho ba bangata ‘ha ba nke Basadi e le ba bahlokwa.’ Feela na ehlile Modimo yena o nka basadi e le ba bohlokwa?

Mosadi o ntse a bala Bibele.

Bibele e re Modimo o nka tshireletseho ya basadi e le ya bohlokwa

Letshwao la mosadi ya ntseng a bala Bibele.

Modimo o nka basadi jwang?

Lengolo: “[Modimo] a bopa monna le mosadi.”—Genese 1:27.

Tlhaloso: Modimo o ile a bopa banna le basadi mme o batla hore kaofela ha bona ba hlomphuwe. Ho ekeletsa moo, o lebeletse hore monna a ‘rate mosadi wa hae jwalo ka ha a ithata,’ a se ke a batla ho mo laola, ho mo halefela kapa ho mo shapa. (Baefese 5:33; Bakolose 3:19) Sena ke bopaki ba hore Modimo o nka tshireletseho ya basadi e le ya bohlokwa.

“Ha ke ne ke le ngwana, ke ile ka hlekefetswa ka thobalano ke batho bao ke amanang le bona. Yaba ha ke le dilemo di 17, mohiri wa ka o ile a ntshosetsa ka hore o tla ntebela mosebetsing haeba ke sa etse thobalano le yena. Le hona jwale ha ke se ke le moholo, monna wa ka, batswadi ba ka le baahisane ba ntse ba sa ntlhomphe. Ha morao ke ile ka ithuta hore Jehovab Mmopi yena o hlompha basadi. Sena se ile sa nkgodisa hore o a nthata ebile o nka ke le motho wa bohlokwa.”—Maria, Argentina.

Letshwao la mosadi ya mametseng e mong ha a ntse a bua.

Ke eng e ka o thusang hore o ikutlwe o le betere?

Lengolo: “Ho na le motswalle ya tshepahalang haholo ho feta ngwanabo motho.”—Diproverbia 18:24.

Tlhaloso: Motswalle wa nnete o tla dula a o tshehetsa. Ka hoo, o ka bua le motho eo o mo tshepang haeba o utlwa eka seo se ka o thusa.

“Dilemo tse 20 kaofela ha ho na motho eo ke ileng ka mo bolella hore ke ile ka hlekefetswa ka thobalano. Sena se ile sa etsa hore ke dule ke tshwenyehile, ke sa thaba ke bile ke imetswe kelellong. Ke ile ka ikutlwa ke imolohile haholo ka mora ho bolella motho ya neng a ikemiseditse ho mmamela ka hloko ka se ileng sa nketsahalla.”—Elif, Türkiye.

Lengolo: “Lahlelang dintho tsohle tse le tshwenyang ho [Modimo] hobane o a le tsotella.”—1 Petrose 5:7.

Tlhaloso: Kgodiseha hore Modimo o a o mamela ha o mo rapela. (Pesaleme ya 55:22; 65:2) O tla o thusa ho utlwisisa ka moo o leng bohlokwa ka teng ho yena hobane o a o tsotella.

“Ho ithuta ka Jehova ho entse hore ke ikutlwe ke le betere dinthong tse bohloko haholo tse ileng tsa nketsahalla. Hona jwale nka kgona ho llela ho Modimo ka thapelo hobane ke motswalle ya utlwisisang hantle ka moo ke ikutlwang ka teng.”—Ana, Belize.

Letshwao la mosadi ya shebileng hodimo.

Na Modimo o tla ke a fedise ho hlekefetswa ha basadi?

Lengolo: “Jehova . . . O tla phethahatsa toka ho dikgutsana le ho batho ba hateletsweng e le hore motho le ha e le ofe lefatsheng a se ke a hlola a ba tshosa.”—Pesaleme ya 10:​17, 18.

Tlhaloso: Haufinyane Modimo o tla fedisa ho hloka toka, bokgopo le tlhekefetso ho basadi.

“Ke ho thobang pelo ho ithuta hore haufinyane Jehova o tla fedisa ho hlekefetswa ha basadi le banana. Ho tseba sena ho mphile kgotso.”—Roberta, Mexico.

Ho ithuta ka ho eketsehileng ka tshepo eo Bibele e fanang ka yona, hore na ke hobaneng ha o ka kgodiseha hore ditshepiso tsa yona di tla phethahala le hore na Dipaki Tsa Jehova di thusa batho jwang kajeno di sebedisa Bibele, kopa hore a o etele.

Daonlouda sehlooho se hatisitsweng.

a Mabitso a fetotswe.

b Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:​18) Sheba sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela