Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 93
  • Na Mmuso wa Modimo o Tla Rarolla Mathata a Ditjhelete?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Na Mmuso wa Modimo o Tla Rarolla Mathata a Ditjhelete?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Na Mmuso wa Modimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?
    Dihlooho Tse Ding
  • Mmuso wa Modimo o Tla Etsang ka Boradipolotiki ba sa Tshepahaleng?
    Dihlooho Tse Ding
  • Na Mmusong wa Modimo Teng ho Tla ba le Bophelo bo Botle?
    Dihlooho Tse Ding
  • Mmuso wa Modimo ke Eng?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 93
Toropo e nang le mehaho ya kgale e se ntseng e senyeha e sebakeng se nang le moya o silafetseng.

Kim Steele/The Image Bank via Getty Images

LETSHOLO LE KGETHEHILENG

Na Mmuso wa Modimo o Tla Rarolla Mathata a Ditjhelete?

Batho ba bangata lefatsheng ba kolla ntshi hanong mme ho ntse ho eba thata le ho feta.

  • Tlalehoa e nngwe e entsweng haufinyane e bontsha hore hona jwale batho ha ba sa kgona ho kwahela ditlhoko tsa bona ka mekgolo eo ba e fumanang kgwedi le kgwedi. Ho ya ka tlaleho ena haeba ho sa etswe letho, batho ba ruileng ba tla rua le ho feta mme ba futsanehileng ba futsanehe le ho feta. Hape mokgwa wa bophelo o tla ba thata haholo bakeng sa batho ba bangata.

Na mebuso e ka kgona ho ntlafatsa boemo boo kapa hona ho bo rarolla?

Bibele e re ho na le mmuso o ka kgonang ho rarolla mathata ohle a ditjhelete le ho se lekalekane. Ebile o tla etsa jwalo. E re: “Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso,” mmuso oo o tla laola ntho e nngwe le e nngwe lefatsheng. (Daniele 2:​44) Tlasa puso eo, ha ho na motho eo Modimo a tla mo tlohela kapa a mo lebale. (Pesaleme ya 9:​18) Modimo o tla etsa bonnete ba hore batho bohle ba phelang tlasa Mmuso wa hae ba na le dintho tsohle tseo ba di hlokang e le hore ba thabe. Batho bohle ba tla thabela mosebetsi oo ba o etsang.​—Esaia 65:​21, 22.

Mmuso wa Modimo Keng?

Makasine ya “Tora ya ho Lebela” e nang le sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo ke Eng?”

Kgweding ya September 2023, Dipaki Tsa Jehova di tla tswa letsholo lefatsheng lohle e le hore di bolelle batho hore na Bibele e reng ka taba ena ya bohlokwa. Re o kgothaletsa hore o bale Tora ya ho Lebela e nang le sehlooho se reng: “Mmuso wa Modimo ke Eng?” O tla fumana dikarabo tsa dipotso tse kang:

  • Morena wa Mmuso wa Modimo ke Mang?

  • Mmuso wa Modimo o Tla Busa Lefatshe Neng?

  • Mmuso wa Modimo o Tla Finyella Eng?

a International Labour Organization Global Wage Report 2022-23

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela