Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 90
  • Na Mmusong wa Modimo Teng ho Tla ba le Bophelo bo Botle?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Na Mmusong wa Modimo Teng ho Tla ba le Bophelo bo Botle?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Batho ba Dimilione Tse Tsheletseng ba Bolailwe ke Sewa sa COVID-19​—Bibele e Reng ka Taba Ee?
    Dihlooho Tse Ding
  • Batho ba Bangata ba na le Kgatello ya Maikutlo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
  • Mmuso wa Modimo o Tla Etsang ka Boradipolotiki ba sa Tshepahaleng?
    Dihlooho Tse Ding
  • Na Mmuso wa Modimo o Tla Rarolla Mathata a Ditjhelete?
    Dihlooho Tse Ding
Bala Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 90
Ngwana ya ntseng a lla ya sikuweng ke mme wa hae, ba eme moleng ho fumana kalafo.

John Moore/Getty Images

LETSHOLO LE KGETHEHILENG

Na Mmusong wa Modimo Teng ho Tla ba le Bophelo bo Botle?

Ka la 22 May 2023 e mong wa baetapele ba World Health Organization e leng Dr. Tedros Adhanom Ghebreyesus o ile a re: “Taba ya hore COVID-19 ha e sa nkwa e le koduwa e kaalo, ha e bolele hore e se e fedile.. . . Ho ntse ho tla ba le sewa se seng mme re tla lokela ho ba malalaalaotswe.”

COVID-19 e bakile mathata a mangata ao batho ba sa ntseng ba sebetsana le ona hona jwale, e ba amme mmeleng le maikutlong. Ha e le moo mebuso le mekgatlo ya tsa bophelo bo botle e se e ntse e sa kgone hore hlokomela hona jwale, na e tla be e le malalaalaotswe ha ho ka ba le sewa se seng?

Bibele e bua ka mmuso o tla kgona ho re fa bophelo bo botle. E re: “Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso.” (Daniele 2:​44) Mmusong oo “ha ho moahi ya tla re: ‘Ke a kula.’ ” (Esaia 33:​24) Motho e mong le e mong o tla ba le bophelo bo botle a be mahlahahlaha jwalo ka ha a ne a le monyenyane.​—Jobo 33:25.

Mmuso wa Modimo ke Eng?

Makasine wa “Tora ya ho Lebela” o nang le sehlooho se reng: “Mmuso wa Modimo ke Eng?”

Ka September 2023, lefatsheng lohle Dipaki Tsa Jehova di tla be di ena le letsholo la ho bolella batho seo Bibele e se buang ka taba ena ya bohlokwa. Re kopa hore o bale makasine ya Tora ya ho Lebela e nang le sehlooho se reng: “Mmuso wa Modimo ke Eng” Fumana dikarabo tsa dipotso tse latelang:

  • Morena wa Mmuso wa Modimo ke Mang?

  • Mmuso wa Modimo o Tla Busa Lefatshe Neng?

  • Mmuso wa Modimo o Tla Etsang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela