BATJHA BA A BOTSA
Nka Etsang ha Batho ba Ntsheba?
Se etsang hore ho utlwise bohloko
Lesebo le leng le kotsi, jwalo ka ha motho a ka o etselletsa hobane a leka ho o senya lebitso. Empa le haeba e se taba e ka o senyang lebitso, e ntse e ka o utlwisa bohloko—haholo ha e builwe ke motho eo o neng o nahana hore ke motswalle ya haufi!—Pesaleme ya 55:12-14.
“Ke ile ka utlwa hore motswalle e mong wa ka o buile ka nna, o re ha ke tsotelle batho ba bang. Seo se ile sa nkutlwisa bohloko haholo! Ke ne ke sa utlwisise hore na ke hobaneng ha a ka bua jwalo.”—Ashley.
Seo e leng nnete: Ho sa tsotellehe hore na motho ya buang ka wena ke motswalle ya haufi kapa tjhe, ho utlwisa bohloko ho tseba hore ba bang ba o bua hampe.
Ho utlwisang bohloko ke hore ha se ka mehla o ka thibelang lesebo
Ho na le mabaka a mmalwa a ka nnang a etsa hore batho ba bue ka ba bang, a akarelletsa:
Ho tsotella batho. Batho ba rata ho etsa dintho ha mmoho. Ka hoo ka tlhaho re a buisana (re be re bue ka ba bang). Ha e le hantle, Bibele e re kgothalletsa hore re bontshe ho ‘thahasella’ ba bang.—Bafilipi 2:4.
“Ho a thahasellisa ho bua ka batho!”—Bianca.
“Ho bua nnete, ke rata ho tseba dintho tse etsahalang bophelong ba batho ba bang le ho bua ka tsona. Ha ke tsebe hore na seo se etswa keng—empa ke a ho thabela.”—Katie.
Ho boreha. Mehleng ya Bibele, ho ne ho ena le batho ba neng “ba sa etse letho, haese ho bolela kapa ho utlwa ho hong ho hotjha.” (Diketso 17:21 Bibele—Phetolelo e Ntjha) Ho a tshwana le kajeno!
“Ka dinako tse ding, ha ho se letho le etsahalang, batho ba iqapela taba e le hore ba be le seo ba ka buang ka sona.”—Joanna.
Ho ikgalala. Ka ho utlwahalang, Bibele e lemosa batho hore ba se ke ba ipapisa le ba bang. (Bagalata 6:4) Ka maswabi, batho ba bang ba ikgalalang ba bua ba bang hampe ho pata bothata ba bona.
“Batho ba buang ba bang hampe, ba senola ho hong ka bona. Hangata ba bontsha hore tlase botebong ba pelo ba honohela motho eo ba mo sebang. Ba bua ba bang hampe hobane ba batla ho etsa eka ba molemo ho ba feta.”—Phil.
Seo e leng nnete: Jwang kapa jwang, batho ba tla bua ka ba bang—ho akarelletsa le wena.
Ho thabisang ke hore o ka etsa hore lesebo le se ke la o laola
O ke ke wa kgona ho thibela batho ho bua ka wena, empa o ka kgetha seo o tla se etsa ka taba eo. Haeba o utlwa hore ho na le taba e ntseng e buuwa ka wena, ho na le bonyane dintho tse pedi tseo o ka di etsang.
NTHO YA 1: Hlokomoloha taba. Hangata ho molemo hore o hlokomolohe taba eo—haholoholo haeba ke e sa reng letho. Latela keletso ena ya Bibele: “O se ke wa potlaka moyeng wa hao hore o kgopehe.”—Moeklesia 7:9.
“Ho ile ha tlala taba ya hore ke ratana le moshemane e mong eo ke sa mo tsebeng le ho mo tseba! Taba eo e ne e makatsa hoo ke ileng ka e tsheha feela.”—Elise.
“Tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho lwantsha lesebo ke ho iketsetsa botumo bo botle. Esita le haeba motho a ka o bua hampe, batho ba bangata ha ba na ho dumela taba eo, haeba o ena le botumo bo botle. Nnete e a senoleha.”—Allison.
Tlhahiso: Ngola (1) taba e builweng ka wena le (2) hore na e etsa hore o ikutlwe jwang. Ha o se o ‘buetse taba eo ka pelong’ ho ka nna ha eba bonolo hore o lebale ka yona.—Pesaleme ya 4:4.
NTHO YA 2: Bua le motho ya qadileng taba. Maemong a mang, o ka nna wa utlwa hore motho ya itseng o buile taba e tebileng ka wena, hoo o utlwang hore o batla ho bua le yena.
“Haeba o ya ho batho ba buileng ka wena, ba ka nna ba ithuta hore dintho tseo ba di buang ka motho e mong di qetella di fihlile tsebeng tsa hae. Ho feta moo, le ka buisana ka taba eo mme mohlomong la rarolla bothata.”—Elise.
Pele o ya ho motho ya buileng ka wena, nahana ka melaomotheo e latelang ya Bibele, mme o ipotse dipotso tse ka tlase mona.
“Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utlwa, hoo ke bowatla ho yena.” (Diproverbia 18:13) ‘Na ke tseba dintlha tsohle tse amehang? Na ebe mohlomong motho ya mpoleletseng taba eo ha a utlwisisa hantle seo a se utlwileng?’
‘O potlakele ho utlwa, o diehe ho bua, o diehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) ‘Na ee ke nako e loketseng ya hore ke buisane le motho ya buileng ka nna? Na ke kgodisehile hore ha ke bua le yena ha ke na ho nkwa ke pelo? Kapa na ho ka ba molemo hore ke eme ho se hokae e le hore ke theole maikutlo?’
“Dintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona ka ho tshwanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) ‘Haeba e ne e le wena ya buileng ka motho eo, o ne o ka rata hore a bue jwang le wena? O ne o ka rata hore a bue le wena hokae? E le hore motho eo a o finyelle pelo, o ne o ka rata hore a reng mme a etseng?’
Tlhahiso: Pele o ya ho motho ya buileng ka wena, ngola seo o batlang ho se bua. Ebe ka mora beke kapa tse pedi, o bala seo o se ngotseng mme o bone haeba ho na le moo o batlang ho fetola teng. Hape o ka buisana le motswadi wa hao kapa motswalle ya hodileng tsebong, mme wa mo kopa hore a o eletse.
Seo e leng nnete: Jwalo ka dintho tse ding tse ngata tse etsahalang bophelong, ka dinako tse ding o ke ke wa kgona ho thibela batho ho bua ka wena. Empa seo ha se a lokela ho o laola!