Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwyp sehlooho 75
  • Ke Tla Etsang Haeba Motswalle wa ka a Nkutlwisitse Bohloko?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ke Tla Etsang Haeba Motswalle wa ka a Nkutlwisitse Bohloko?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Seo o lokelang ho se tseba
  • Seo o ka se etsang
  • Qoba ho Utlwisa “ba Banyenyane Bana” Bohloko
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • 4 Ho Tshwarela
    Fadimehang!—2018
  • O Nahana Jwang ka Taba Ena?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 75
Ngwanana e mong o bua dintho tse kwatisang ho e mong

BATJHA BA A BOTSA

Ke Tla Etsang Haeba Motswalle wa ka a Nkutlwisitse Bohloko?

  • Seo o lokelang ho se tseba

  • Seo o ka se etsang

  • Seo batjha ba bang ba se buang

Seo o lokelang ho se tseba

  • Ntwa ke ya madulammoho. Ka ha ha re a phethahala, motswalle wa hao kapa esita le motho eo o mo nkang e le motswalle wa hlooho ya kgomo, a ka bua kapa a etsa ntho e ka o utlwisang bohloko. Nnete ke hore le wena ha o a phethahala. Ka hoo, o nahanne ka taba eo, na o ka hopola nako eo ka yona o ileng wa utlwisa motho e mong bohloko?​—Jakobo 3:2.

  • Inthanete e ka etsa hore o utlwiswe bohloko ha bonolo feela. Mohlala, motjha e mong ya bitswang David o re: “Ha e re o le Inthaneteng ebe o bona mokgotsi wa hao a behile difoto tsa hae a intshitse le ba bang, o ka nna wa qala ho ipotsa hore na ke hobaneng ha wena o sa mengwa. O ka nna wa qala ho utlwa eka o swetsitswe o be o kwate.”

  • O ka ithuta ho hlola bothata bona.

Seo o ka se etsang

Itlhahlobe. Bibele e re “o se ke wa potlaka moyeng wa hao hore o kgopehe, etswe ho kgopeha ho dula difubeng tsa ba hlokang kelello.”​—⁠Moeklesia 7:9.

“Ka dinako tse ding, o hlokomela ha morao hore ntho eo o e kwatetseng ha se le ntho e kaalo.”​—⁠Alyssa.

Nahana ka taba ena: Na o tlwaetse ho nka dintho ka maikutlo? Na o ka ithuta ho se nkele diphoso tsa batho ba bang hloohong?​—⁠Moeklesia 7:21, 22.

Nahana ka melemo ya ho tshwarela ba bang. Bibele e re: “Ho hlokomoloha tlolo ke botle.”​—⁠Diproverbia 19:11.

“Esita le haeba o na le lebaka le utlwahalang la ho kwata, ke ntho e ntle hore o tshwarele ba bang ho tswa pelong, mme taba ena e bolela hore o se ke wa dula o mo hopotsa phoso eo a ileng a e etsa nakong e fetileng hoo o ka etsang hore a dule a kopa tshwarelo nako le nako ha o bua ka yona. Hang feela ha o mo tshwaretse, lebala ka taba eo.”​—⁠Mallory.

Nahana ka taba ena: Na ho kwata ho bohlokwa hakaalo? Na o ka tshwarela ba bang molemong wa kgotso?​—Bakolose 3:13.

Ho bula lemati hore moya o batang o kene ka tlung e futhumetseng

Ha le dula le bua ka bothata bo bong le bo bong setswalleng sa lona, ho ka tshwana le ha o besitse ka tlung hore ho futhumale ebe o boetse o bulela moya o batang hore o kene

Nahanela motho e mong. Bibele e re: “Le sa hlokomele dithahasello tsa ditaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela dithahasello tsa ba bang.”​—⁠Bafilipi 2:⁠4.

“Haeba wena le metswalle ya hao le ratana le bile le hlomphana, le na le lebaka le utlwahalang la hore le lokise diqabang tsa lona kapele hobane le tswa hole ka setswalle sa lona. Le se ntse le entse boiteko mme ha le a lokela ho tlohela feela.”​—⁠Nicole.

Nahana ka taba ena: Na bonyane o ka kgona ho bona ntho e ntle eo motho e mong a e etsang?​—Bafilipi 2:3.

Taba ya bohlokwa ke ena: Ho tseba hore na o lokela ho etsang ha o utlwisitswe bohloko ke bokgoni bo tla o thusa haholo ha o se o le moholo. Ithute ho ba le bokgoni boo esale hona jwale.

Seo batjha ba bang ba se buang

Kiana

“Ha se ntho e nngwe le e nngwe e hlokang hore le e dulele fatshe. Haeba ke kgona ho e lokisa ke le mong mme ke e tlohele, ke etsa jwalo. Ntho eo e ka boloka kgotso ho feta hore re bue le ka dintho tse fokolang tse re kwatisitseng.”​—⁠Kiana.

Treigh

“Boemong bofe kapa bofe, ke ye ke ipotse, ‘Na taba ee e kgolo hoo e ka etsang hore ke lahlehelwe ke motswalle?’ Maemong a mangata, karabo ke tjhe.​—⁠Treigh.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela