DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA
Johanne 3:16—“Modimo o Ratile Lefatshe Haholo”
“Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya mong e le hore e mong le e mong ya bontshang hore o dumela ho yena a se ke a timetswa empa a fumane bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16, Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.
“Etswe Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi, e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo ho yena a se ke a timetswa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16, Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
Tlhaloso ya Johanne 3:16
Modimo o a re rata ebile o batla re phele ka ho sa feleng. Ke ka hoo a ileng a romela Mora wa hae Jesu Kreste lefatsheng. Ha Jesu a le lefatsheng, o ile a etsa mosebetsi o mongata wa bohlokwa. Ntho e ka sehloohong e ne e le ho ruta balatedi ba hae ka Modimo, e leng Ntate wa hae. (1 Petrose 1:3) O ile a boela a fana ka bophelo ba hae bakeng sa batho. E le hore re fumane bophelo bo sa feleng, re lokela ho ba le tumelo ho Jesu.
Re bona lerato la Modimo ha re bala mantswe a reng, “a fana ka Mora wa hae ya mong.”a Jesu ke Mora ya ikgethang wa Modimo, hobane ke yena feela eo Modimo a mo bopileng ka ho toba. (Bakolose 1:17) Hape ke “letsibolo la popo yohle.” (Bakolose 1:15) Dintho tse ding tsohle tse lehodimong jwalo ka mangeloi, di ile tsa boptjwa ho sebediswa Jesu. Le ha ho le jwalo, Jehovab Modimo o ne a ikemiseditse ho romela Mora wa hae ya ratwang ho tla “sebeletsa le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.” (Matheu 20:28) Jesu o ile a utlwa bohloko mme a shwa e le ho re lopolla lefung le sebeng seo re se futsitseng ho Adama.—Baroma 5:8, 12.
Ha re dumele feela hore seo Jesu a re etseditseng sona se bohlokwa empa re bontsha tumelo ho Mora wa Modimo ka hore re mo mamele le ho mo etsisa dinthong tsohle. (Matheu 7:24-27; 1 Petrose 2:21) Bibele e re: “Ya bontshang hore o dumela ho Mora o tla fumana bophelo bo sa feleng. Ya sa mo mameleng a ke ke a bo fumana.”—Johanne 3:36.
Ditaba Tse Potolohileng Johanne 3:16
Jesu o ile a bua mantswe a hlahang temaneng eo ha a ne a bua le moetapele wa bodumedi wa Mojuda ya bitswang Nikodemase. (Johanne 3:1, 2) Puisanong eo, Jesu o ile a bua ka Mmuso wa Modimoc le ka ho ‘tswalwa hape.’ (Johanne 3:3) O ile a boela a bolela hore na o tla shwa jwang. “Mora motho o tla phahamiswa [a kgokgothelwe thupeng] e le hore bohle ba dumelang ho yena ba ka fumana bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:14, 15) O ile a boela a hlakisa hore batho ba tla fumana bophelo bo sa feleng hobane Modimo a ba rata. Jesu o ile a phethela ka ho hlalosa hore, e le hore re fumane bophelo re lokela ho bontsha tumelo ho yena le ho etsa dintho tse thabisang Modimo.—Johanne 3:17-21.
a Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “ya mong” ke monogenes, le bolelang “a nnotshi, . . . eo ho sa tshwanweng le yena, ya ikgethang.”—A Greek-English Lexicon of the New Testament and Other Early Christian Literature, p. 658.
b Jehova ke lebitso la Modimo.—Pesaleme ya 83:18.
c Mmuso wa Modimo o boetse o bitswa “Mmuso wa mahodimo,” ke puso e busang e le lehodimong. (Matheu 10:7; Tšenolo 11:15) Modimo o kgethile Kreste hore ebe Morena wa Mmuso oo. Mmuso wa Modimo o tla etsa hore thato ya Modimo e etswe lefatsheng. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Bakeng sa dintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo ke Eng?”