DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA
Johanne 15:13—‘Ha ho Motho ya Nang le Lerato le Fetang Lena’
“Ha ho ya nang le lerato le fetang la motho ya telang bophelo ba hae bakeng sa metswalle ya hae.”—Johanne 15:13, Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.
“Ha ho motho ya nang le lerato le fetang la ya tellang metswalle ya hae bophelo ba hae.”—Johanne 15:13, Bibele ya Sesotho.
Tlhaloso ya Johanne 15:13
Jesu o ile a thusa balatedi ba hae ho utlwisisa hore lerato la bona le lokela ho ba matla hoo ba ka telang bophelo ba bona bakeng sa ba bang.
Pele ho moo, Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Ke le laela hore le ratane jwalo ka ha ke le ratile.” (Johanne 15:12) O ne a ba rata ka lerato le jwang? E ne e le lerato le se nang boithati mme o ne a itella bona. Nakong eo a leng lefatsheng, o ile a behella ditlhoko le dithahasello tsa balatedi ba hae le tsa batho ba bang pele ho tsa hae. O ile a fodisa ba kulang a ba a ba ruta ka Mmuso wa Modimo.a O ile a ba a etsa mesebetsi e kgellwang fatshe e le ho thusa ba bang. (Matheu 9:35; Luka 22:27; Johanne 13:3-5) Empa ho Johanne 15:13, Jesu o ne a bua ka lerato le fetang leo hole. Ha e le hantle, dihora feela ka mora hore a bue mantswe ao, o ile a bontsha lerato le fetisisang ha a “fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.” (Matheu 20:28; 22:39) Ka hoo, o ile a bontsha hore o ne a rata batho ba bang ho feta ka moo a neng a ithata ka teng.
Jesu o rata batho. Empa haholoholo o rata batho ba latelang dithuto tsa hae. O ne a nka barutuwa ba hae e le metswalle ya hae e haufi hobane ba ile ba mamela ditaelo tsa hae mme ba ba le yena mathateng a hae. (Luka 22:28; Johanne 15:14, 15) Ka hoo o ne a ena le lebaka le utlwahalang la ho tela bophelo ba hae bakeng sa bona.
Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba nka mantswe a Jesu ka ho teba mme ba ne ba ikemiseditse ho tela bophelo ba bona bakeng sa batho ba bang. (1 Johanne 3:16) Ka sebele, lerato le se nang boithati, lerato le ileng la bontshwa ke Jesu, e ne e tla ba letshwao le ka sehloohong le kgethollang Bakreste ba nnete.—Johanne 13:34, 35.
Ditaba tse potolohileng Johanne 15:13
Kgaolo ya 13 ho ya ho ya 17, ya Kosepele ya Johanne e tlalehile keletso ya ho qetela eo Jesu a ileng a e fa baapostola ba hae ba 11 ba tshepahalang le thapelo ya hae ya ho qetela le bona. Dihora tse seng kae ka mora moo o ile a shwa. E le ho bontsha hore barutuwa ba hae ba lokela ho dula bonngweng le yena e le hore ba ka paka hore ke balatedi ba hae, kgaolong ya 15, o bapisa barutuwa ba hae le ditholwana tse hlahang sefateng sa morara. O ba kgothalletsa ho dula ba “beha ditholwana tse ngata.” (Johanne 15:1-5, 8) Tsela e nngwe ya ho etsa jwalo ke ho bontsha lerato le nang le boitelo le ho bolela molaetsa oo Jesu a ileng a o bolela, e leng “molaetsa ona o monate wa Mmuso wa Modimo.”—Luka 4:43; Johanne 15:10, 17.
Shebella video ena e kgutshwanyane ho ithuta ka ho eketsehileng ka buka ya Johanne.
a Mmuso wa Modimo ke puso e lehodimong. Modimo o ile a hloma Mmuso ona hore o buse hodima lefatshe mme o phethahatse thato ya hae ho lona. (Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10) Ho fumana dintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo Keng?”