Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • hdu sehlooho 1
  • Ho Tshwara Diboka ka Videoconferencing

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ho Tshwara Diboka ka Videoconferencing
  • Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ke Hobaneng ha re fa Jehova Menehelo?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • “Mpho Bakeng sa Jehova”
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Re Leboha Jehova ka Lerato la Lona
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Monehelo o Mongata o Tlatsetsa Monehelo o Haellang
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
Bala Tse Ding
Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
hdu sehlooho 1
Dinepe: 1. Lelapa le kene diboka le sebedisa Zoom. 2. Morabo rona o tshwara diboka tsa Phutheho a sebedisa app ya Zoom. 3. Morabo rona o fana ka puo a sebedisa Zoom.

KA MOO MONEHELO WA HAO O SEBEDISWANG KA TENG

Ho Tshwara Diboka ka Videoconferencing

26 JUNE 2020

Mebuso e mengata lefatsheng e laetse hore batho ba se ke ba hlola ba atamelana le ho kopana ka dihlopha. Dipaki Tsa Jehova di ikemiseditse ho mamela ba pusong ha ka nako e tshwanang di tswela pele ho sebeletsa Modimo ha mmoho ka tsela e sireletsehileng. E le hore di etse seo, diphutheho di sebedisa app ya Zoom ho tshwara diboka.

E le hore re tshware diboka tsa rona ka mehla, Sehlopha se Busang se dumelletse hore ho sebediswe menehelo e le hore ho bulwe account ya Zoom bakeng sa diphutheho. Sena se thusitse diphutheho tse ngata tse neng di sa kgone ho patalla account ena ya Zoom e ka etsang di dolara tse 15 ho ya ho 20 kapa ho feta. Diphutheho tsena di ne di sebedisa di app tse neng di dumella palo e itseng feela ya batho ebile di sa sireletseha. Empa hona jwale diphutheho tsohle tse sebedisang account ya Zoom ya mokgatlo di sireletsehile ebile app ena e kgona ho dumella batho ba bangata hore ba kene. Ho fihlela hona jwale, diphuthehong tse fetang 65 000 dinaheng tse fetang 170 di sebedisa di account tsena.

Phutheho ya Kairagi e Manado, ka leboya ho Sulawesi Indonesia, e ile ya tlohela ho sebedisa app ya mahala ya Videoconferencing mme ya qala ho sebedisa account ya mokgatlo ya Zoom. Morabo rona Hadi Santoso o re: “Bara le baradibabo rona ba sa tsebeng hakaalo ka disebediswa tsa elektronike, ba se ba kgona ho thabela diboka tsohle mme ha ho hlokahale hore ba nne ba kene hangata sebokeng se le seng.”

Moholo ya bitswang Lester Jijón, Jr., ya Phuthehong ya Guayacanes Oeste e Guayaquil Ecuador o re: “Ka hobane bara le baradibabo rona ba bangata ha bana tjhelete e ngata, ho ne ho ke ke ha kgoneha hore diphutheho tse ding di patalle license ya Zoom e tla dumella hore phutheho yohle e kene dibokeng tsa Zoom. Hona jwale re leboha mokgatlo hore ebe re na le account ya Zoom e re dumellang hore re kene kaofela. Ka hoo re kgona le ho mema batho ba bang hore ba kene dibokeng tsa rona re sa tshabe hore re tla feta palo e dumelletsweng.”

Morabo rona Johnson Mwanza moholo Phuthehong ya Ngwerere North e Lusaka Zambia, o re: “Bara le baradibabo rona ba bangata ba ile ba re, ‘tokisetso eo mokgatlo o e entseng ya Zoom ha e re thuse feela hore re be haufi le bara le baradibabo rona empa e boetse e etsa hore re bone hore Jehova o a re rata ebile o a re kgathalla.’”

Di account tsena tsa mokgatlo di patetswe ka tjhelete e neng e behilwe bakeng sa diphallelo. Tjhelete eo e tswa monehelong wa boithatelo o fanwang bakeng sa mosebetsi wa lefatshe lohle. Bongata ba menehelo ena e etswa ho sebediswa donate.jw.org. Re a leboha ka menehelo ya lona e boetseng e thusang ka diphallelo lefatsheng lohle.​—2 Bakorinthe 8:14.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela