Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g25 No. 1 maq. 4-5
  • Amohela Boemo

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Amohela Boemo
  • Fadimehang!—2025
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • KE HOBANENG HA SEE E LE SA BOHLOKWA?
  • SEO O KA SE ETSANG
  • Bibele e Reng ka ho Phahama ha Theko ya Dintho Lefatsheng Lohle?
    Dihlooho Tse Ding
  • Dihlooho Tse Makasineng Ena
    Fadimehang!—2025
  • Eba le Tshepo
    Fadimehang!—2025
  • Sebedisa Tjhelete ya Hao ka Bohlale
    Fadimehang!—2025
Bala Tse Ding
Fadimehang!—2025
g25 No. 1 maq. 4-5
Ditshwantsho: 1. Mme o kgetha tamati mmarakeng. 2. O patalla dintho tseo a di rekileng.

O KA ETSANG HA DITHEKO DI NTSE DI PHAHAMA?

Amohela Boemo

Ha ditheko tsa dintho di ntse di eketseha hanyane ka hanyane, ho ka ba thata hore re lemohe, haholo haeba mokgolo le wona o ntse o eketseha. Ka lehlakoreng le leng, haeba ditheko tsa dintho di ntse di phahama empa mokgolo wona o ntse o tshwana, re ka tshwenyeha ra ba ra imelwa kelellong. Sena se ka etsahala haholo haeba re e na le lelapa leo re lokelang ho le hlokomela.

Re ke ke ra thibela ditheko ho phahama. Empa haeba re amohela boemo bona, re tla itswela molemo.

KE HOBANENG HA SEE E LE SA BOHLOKWA?

Batho ba nang le pono e nepahetseng ka ditheko tse ntseng di phahama, ho ba bonolo hore . . .

  • ba dule ba kgobile matshwafo. Ha re kgobile matshwafo, re nahana hantle ebile re etsa diqeto tse nepahetseng.

  • ba qobe mekgwa e seng bohlale. Ka mohlala, ha se bohlale ho iphapanyetsa ho patala ditshenyehelo tsa rona kapa ho sebedisa tjhelete hampe.

  • ba qobe ho ngangisana le ba lelapa ka tjhelete.

  • ba hlokomele seo ba ka se etsang e le hore ba reke dintho tseo ba di hlokang mme seo se ka ba thusa hore ba se ke ba senya tjhelete.

SEO O KA SE ETSANG

Ikemisetse ho fetoha le maemo. Nakong eo ditheko di phahamang haholo, ke bohlale ho fokotsa tsela eo re sebedisang tjhelete ka yona. Batho ba bang ba sebedisa tjhelete e ngata ho feta eo ba nang le yona mme seo se etsa hore bophelo ba bona bo be thata jwalo ka ha e ka ba sesa kgahlanong le maqhubu a noka e phallang haholo! Qetellong, sena se etsa hore ba imelwe haholo. Haeba o na le lelapa, ho loketse hore o tshwenyehe ka ho le hlokomela. Empa hopola sena: Ditho tsa lelapa la hao di hloka lerato le nako ya hao ho feta ntho le ha e le efe.

“Ke mang ho lona eo ha a tshwenyeha a ka lelefatsang bophelo ba hae le ha e le hanyenyane feela? Ha ho le ya mong!”—Luka 12:​25, New Living Translation.

“Le ka mohla le se ke la tshwenyeha ka letsatsi le hlahlamang hobane letsatsi le hlahlamang le tla ba le matshwenyeho a lona. Letsatsi ka leng le na le mathata a lona.”—Matheu 6:34.

Ho phela bophelo bo mabothobotho ka tjhelete eo o se nang yona ho jwalo ka ho sesa kgahlanong le maqhubu a noka e phallang

Phazilya.

Phazilya wa Azerbaijan o re: “Bibele e boletse ho 2 Timothea 3:1 hore ‘bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.’ Jwale ha ke makale ha ho e ba le mathata a ditjhelete le ditheko di phahama. Ke leka ho qoba ho reka dintho tseo ke sa di hlokeng.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela