O KA ETSANG HA DITHEKO DI NTSE DI PHAHAMA?
Eba Seatla se Bulehileng
Haeba o utlwa ho le thata hore o patalle dintho tseo o di hlokang, o ka nna wa utlwa ho le thata le ho feta hore o be seatla se bulehileng. Le ha ho le jwalo, o tla hlokomela hore ho ba seatla se bulehileng ho tla o thusa hore o sebetsane le maemo a boima a ditjhelete. O ka kgona ho boloka tjhelete le ha o le seatla se bulehileng.
KE HOBANENG HA SEE E LE SA BOHLOKWA?
Re a thaba ebile re ba motlotlo ha re fana, le haeba dintho tseo re fanang ka tsona e le dintho tse nyenyane. Dingaka tse ding di re ho fana ho etsa hore motho a be le bophelo bo botle. Ka mohlala, ho fana ho ka fokotsa ho tshwenyeha le stress. Ho ka boela ha etsa hore madi a phalle hantle, ha fokotsa ho opelwa ha ba ha etsa hore motho a robale hantle.
Ha re thusa batho ba bang ka ho ba fa tjhelete kapa ntho le ha e le efe eo ba e hlokang, ho tla ba bonolo hore re amohele thuso ha le rona re e hloka. Howard, ya dulang Engelane o re: “Ha re batla menyetla ya ho thusa batho ba bang, ho thusa nna le mohatsa ka hore re se ke ra ikutlwa eka re morwalo ha le rona re hloka thuso.” Le ha ho le jwalo, batho ba seatla se bulehileng ha ba fane feela hobane ba lebelletse hore le bona ba fuwe. Ba ka fumana metswalle ya sebele e ka ithaopelang ho ba thusa ha ba hloka thuso.
SEO O KA SE ETSANG
Arolela ba bang seo o nang le sona. Le ha o se na ho hongata, o ntse o ka kgona ho fana le haeba e ka ba dijo tse tlwaelehileng feela. Duncan le lelapa la hae ba dulang Uganda, ba futsanehile empa ba seatla se bulehileng. Duncan o re: “Ka dinako tse ding ha e le Sontaha, nna le mohatsa ka re memela motho e mong dijong. Re thabela ho qeta nako le batho ba bang.”
Re lokela ho lekalekanya dintho ha re fana, e le hore re se ke ra imetsa ba malapa a rona.—Jobo 17:5.
Leka sena: Memela motho e mong dijong kapa senomaphoding feela. Haeba o na le dintho tseo o seng o sa di sebedise, o ka di fa metswalle kapa baahisani ba hao ba ka di hlokang.
O ka fana ka ditsela tse ding. Ka dinako tse ding, ha ho hlokahale tjhelete e le hore o fane. Ka mohlala, o ka fana ka nako ya hao le ho bontsha batho ba bang hore wa ba tsotella ka ho ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang. Le mantswe a kgothatsang e ka ba mpho! Ka hoo, bontsha ba bang hore wa ba ananela ebile wa ba rata.
Leka sena: Thusa ba bang ka mesebetsi ya ka tlung, ho ba lokisetsa dintho tse senyehileng kapa ho ba thusa ka ntho le ha e le efe. Ba ngolle molaetsa o kgothatsang kareteng kapa o ba romelle molaetsa fonong o ba bolelle hore o ntse o nahana ka bona.
Ha o le seatla se bulehileng, o tla thaba haholwanyane.