LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 18 maq. 140-147
  • Batlang Modimo Mme le mo Fumane

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Batlang Modimo Mme le mo Fumane
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ’Ho Ruta Mmarakeng’ (Diketso 17:​16-21)
  • “Banna ba Athene, Ke a Bona” (Diketso 17:​22, 23)
  • Modimo “ha a Hole le Rona” (Diketso 17:​24-28)
  • “Batho Bohle . . . ba Bake” (Diketso 17:​29-31)
  • “Ba Bang . . . ya Eba Badumedi” (Diketso 17:​32-34)
  • O Ikutlwa Jwang ka Batho ba Tshimo ya Heno?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Bontsha Tlhompho
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 18 maq. 140-147

KGAOLO YA 18

Batlang Modimo Mme le mo Fumane

Pauluse o batla dintho tseo a dumellanang ka tsona le batho ba mo mametseng mme o Fetofetola taba hore e ba lokele

E Thehilwe ho Diketso 17:​16-34

1-3. (a) Ke hobaneng ha moapostola Pauluse a halefile haholo ha a le Athene? (b) Re ka ithuta eng ha re hlahloba mohlala wa Pauluse?

PAULUSE o halefile haholo. O Athene, Greece, setsing sa thuto moo Socrates, Plato le Aristotle ba kileng ba ruta teng. Batho ba Athene ba rata bodumedi haholo. Ka ha Baathene ba rapela medimo e mengata, Pauluse o bona medimo ya ditshwantsho hohle moo a yang teng ka tempeleng, mapatlelong a motse le diterateng. Pauluse o tseba ka moo Modimo wa nnete Jehova a ikutlwang ka teng ka borapedi ba ditshwantsho. (Ex. 20:​4, 5) Moapostola enwa ya tshepahalang o ikutlwa jwalo ka Jehova o nyonya medimo ya ditshwantsho!

2 Seo Pauluse a se bonang ha a kena mmarakeng se mo tshosa le ho feta. Diemahale tse ngata tsa Modimo o bitswang Hermese tse bontshang ditho tsa botona di kolokisitswe hukung e ka leboya bophirimela, pela monyako o moholo. Mmarakeng ho tletse ditempelana. Moapostola eo ya tjhesehang o tla pakela batho baa ba hlanyetsang medimo ya ditshwantsho jwang? Na o tla laola maikutlo ebe o fumana seo a dumellanang ka sona le bona? Na o tla atleha ho thusa motho le ha e le ofe ho batla Modimo wa nnete mme a hle a Mo fumane?

3 Seo Pauluse a se boleletseng batho ba Athene ba rutehileng, jwalo ka ha se tlalehilwe ho Diketso 17:​22-31 ke mohlala o babatsehang wa ho bua ka tsela e phollatsi, e sa kgopiseng batho le e bontshang temoho. Ha re hlahloba mohlala wa Pauluse, re tla ithuta tsela ya ho fumana dintho tseo re dumellanang ka tsona le batho bao re ba pakelang mme re ba thuse ho nahana.

’Ho Ruta Mmarakeng’ (Diketso 17:​16-21)

4, 5. Pauluse o ile a paka dibakeng dife ha a le Athene, mme o ne a tla buisana le bomang bao ho neng ho tla ba thata ho ba kgodisa?

4 Pauluse o ile a etela Athene leetong la hae la bobedi e le moromuwa, hoo e ka bang ka 50 C.E.a Ha Pauluse a ntse a letetse Silase le Timothea hore ba fihle ba tswa Berea, o ile “a ya ntlong ya thapelo, a ruta Bajuda,” e leng seo a neng a tlwaetse ho se etsa. O ile a boela a ya sebakeng seo a neng a tla buisana le baahi ba Athene bao e seng Bajuda e leng “mmarakeng.” (Dik. 17:​17) Mmaraka wa Athene o ne o le ka leboya bophirimela ho Acropolis mme boholo ba wona e le dihekthere tse ka bang hlano. Mmaraka oo e ne e se sebaka sa ho reka le ho rekisa feela e ne e le lepatlelo la motse. Buka e nngwe e bontsha hore sebaka sena e ne e le “setsi sa motse sa kgwebo, sa dipolotiki le seo ho sona ho neng ho tshohlwa ditaba tsa setso.” Baathene ba ne ba rata ho bokana moo ebe ba tshohla ditaba tsa botsebi.

ATHENE E NE E LE SETSI SA DINTHO TSA SETSO MEHLENG YA BOHOLOHOLO

Nako e telele pele ho ngolwa histori ya motse wa Athene lekgolong la bosupa la dilemo B.C.E., Acropolis e ne e le qhobosheane e sireleditsweng ka thata. Athene e ile ya fetoha motsemoholo seterekeng sa Attica mme e laola sebaka se boholo ba disekwere khilomithara tse ka bang 2 500, se potapotilweng ke dithaba le lewatle. Ka moo ho bonahalang ka teng, motse ona o rehelletswe ka modimotsana o neng o o sireletsa, e leng Athena.

Lekgolong la botshelela la dilemo B.C.E., setho sa lekgotla la Athene le etsang molao se bitswang Solon o ile a etsa diphetoho ditabeng tsa kahisano, dipolotiki, molao le moruo motseng ona. O ile a ntlafatsa bophelo ba mafutsana mme a rala motheo bakeng sa puso ya setjhaba ka setjhaba. Empa puso eo e ne e le ya batho ba lokolohileng feela mme boholo ba baahi ba motse ona e ne e le makgoba.

Ka mora hore Bagerike ba hlole Bapersia lekgolong la bohlano la dilemo B.C.E., Athene e ile ya eba motsemoholo wa mmuso o monyenyane o ileng wa etsa hore kgwebo ya wona ya dikepe e name ho tloha Italy le Sicili ka bophirimela ho ya fihla Saeprase le Siria ka botjhabela. Ha Athene e se e hlaheletse haholo, e ile ya eba setsi sa dintho tsa setso mehleng ya boholoholo, e ne e ipabola ka mesebetsi ya bonono, ditshwantshiso, filosofi, bokgoni ba ho bua phatlalatsa le bongodi le saense. Motse ona o ne o ena le mehaho e mengata ya setjhaba le ditempele. Ntho e neng e hlaheletse ka ho fetisisa motseng ke Acropolis, e leng leralla le leholo leo ho lona ho neng ho ena le tempele ya Parthenon le seemahale sa Athena se bophahamo ba dimithara tse 12 se entsweng ka kgauta le lenaka la tlou.

Athene e ile ya haptjwa ka lekgetlo la pele ke batho ba Sparta, yaba ho latela ba Macedonia mme qetellong ya eba Baroma, ba ileng ba nka leruo la motse oo kaofela. Le ha ho le jwalo, mehleng ya moapostola Pauluse, Athene e ne e ntse e hlaheletse ka lebaka la botumo ba yona ba nakong e fetileng. Ha e le hantle, motse ona ha wa ka wa eba tlasa profinse efe kapa efe ya Roma empa o ile wa fuwa matla a ho etsetsa baahi ba wona melao le ho se lefe lekgetho la Roma. Le hoja Athene e ne e se e sa hlahella jwalo ka pele, e ile ya dula e le motse o nang le univesithi, moo ho neng ho iswa bara ba barui hore ba yo ithuta.

5 Ha Pauluse a le mmarakeng o ile a buisana le batho bao ho neng ho tla ba thata ho ba kgodisa. Hara bona ho ne ho ena le Baepikure le Bastoike, e leng ditho tsa dikolo tsa filosofi tse hlodisanang.b Baepikure ba ne ba dumela hore bophelo bo bile teng ka tsietsi. Maikutlo a bona ka bophelo a ne a ka akaretswa ka mantswe a reng: “Ha ho hlokahale hore motho a tshabe Modimo. Motho ha a utlwe bohloko lefung, motho a ka finyella se setle, a ka mamella bobe.” Bastoike ba ne ba kgothalletsa hore taba e be le mabaka mme e utlwahale mme ba sa dumele hore Modimo ke Motho. Baepikure le Bastoike ba ne ba sa dumele tsohong ya bafu e rutwang ke barutuwa ba Kreste. Ho hlakile hore filosofi ya dihlopha tsena tse pedi e ne e sa dumellane le dinnete tse phahameng tsa Bokreste ba nnete tseo Pauluse a neng a di ruta.

6, 7. Bahlalefi ba bang ba Bagerike ba ile ba reng ha ba utlwa seo Pauluse a se rutang, mme batho ba ka nna ba reng ka rona kajeno?

6 Bahlalefi ba Bagerike ba ile ba reng ha ba utlwa seo Pauluse a se rutang? Ba bang ba ile ba mo bitsa ka lentswe le bolelang “lehlanya,” kapa “ya thonakang peo.” (Sheba study note Bibeleng ya Senyesemane ho Dik. 17:​18.) Setsebi se seng ha se bua ka lentswe lena la Segerike se re: “Tshimolohong lentswe lena le ne le sebediswa bakeng sa nonyana e nyenyane e neng e tsamaya hohle e thonaka dijothollo, mme ha morao la sebediswa bathong ba neng ba thonaka makumane a dijo le dintho tse ding tse lahluweng mmarakeng. Ha morao le ile la sebediswa bakeng sa motho ya neng a qolotsa makumane a ditaba, haholoholo ditaba tseo a sa di utlwisiseng hantle.” Ha e le hantle, bahlalefi bao ba ne ba re Pauluse ke sethoto sa nketsisane. Empa, jwalo ka ha re tla bona, Pauluse ha a ka a tshoswa ke ditshomo tse jwalo.

7 Ho a tshwana le kajeno. Hangata rona Dipaki Tsa Jehova re nnile ra songwa ka lebaka la ho dumela se ka Bibeleng. Ka mohlala, matitjhere a mang a ruta hore thuto ya hore dintho di iphetotse ke nnete mme a re haeba o hlalefile o lokela ho amohela seo. Ha e le hantle ba re mang kapa mang ya hanang ho dumela seo ke sethoto. Bahlalefi ba jwalo ba batla hore batho ba bang ba nahane hore re dithoto ha re bolela molaetsa wa Bibele mme re fana ka bopaki ba hore dintho di bopilwe. Empa ha ba re tshose. Ho ena le hoo, re bua re kgodisehile ha re emela seo re se dumelang, e leng hore bophelo lefatsheng bo entswe ke Moqapi, e leng Jehova Modimo.​—Tshen. 4:11.

8. (a) Ba bang ba ileng ba utlwa ha Pauluse a bolela ditaba tse monate ba ile ba reng? (b) E ka nna yaba ho bolelwang ha ho thwe Pauluse o ile a iswa Areopago? (Sheba mongolo o botlaaseng.)

8 Ba bang ba ileng ba utlwa ha Pauluse a ruta mmarakeng ba ile ba ikutlwa ka tsela e fapaneng le eo, ba re: “Ekare o buella medimo esele.” (Dik. 17:​18) Na ruri Pauluse o ne a ruta batho ba Athene medimo e metjha? Ena e ne e le taba e tebileng, e tshwanang le e nngwe ya diqoso tseo Socrates a ileng a qoswa ka tsona a ba a ahlolelwa lefu dilemong tse makgolo pejana. Ha ho makatse hore ebe Pauluse o ile a iswa Areopago mme ha thwe a hlalose dithuto tseo tse neng di makaditse Baathene.c Pauluse o ne a tla emela molaetsa wa hae jwang ho batho ba neng ba sa tsebe Mangolo?

BAEPIKURE LE BASTOIKE

Baepikure le Bastoike e ne e le ditho tsa dikolo tse pedi tse fapaneng tsa filosofi. Ba ne ba sa dumele tsoho ya bafu.

Baepikure ba ne ba dumela ho medimo empa ba nahana hore ha e thahaselle batho ebile e ke ke ya ba putsa kapa ya ba ahlola, ka hoo ba ne ba nka ho etsa thapelo kapa sehlabelo ho se na thuso. Baepikure ba ne ba nka hore ntho e ka sehloohong bophelong ke monyaka. Tsela eo ba neng ba nahana ka yona le eo ba neng ba etsa dintho ka yona e ne e bontsha hore ba hloka boitshwaro. Le ha ho le jwalo, ba ne ba kgothalletsa hore motho a etse dintho ka tekatekano ka ha ho tla mo thusa ho qoba diphello tse bohloko tsa ho itlopa dino le bonyollo. Ba ne ba batla ho fumana tsebo hore feela ba se ke ba tshaba dintho tse rutwang bodumeding le tumelakgwela.

Bastoike bona ba ne ba dumela hore dintho tsohle ke karolo ya modingwana o itseng le hore ke wona o fileng motho moya. Bastoike ba bang ba ne ba dumela hore moya o tla qetella o fedisitswe ha mmoho le lehodimo le lefatshe. Bastoike ba bang bona ba ne ba dumela hore moya o tla qetella o kgutletse ho modingwana ona. Ho latela borafilosofi ba Bastoike, thabo e ne e ka fumanwa ka ho phela tumellanong le tlhaho.

“Banna ba Athene, Ke a Bona” (Diketso 17:​22, 23)

9-11. (a) Pauluse o ile a leka jwang hore a fumane seo a dumellanang ka sona le batho ba mo mametseng? (b) Re ka etsisa mohlala wa Pauluse jwang tshebeletsong ya rona?

9 Hopola hore Pauluse o ne a halefile haholo ka lebaka la borapedi ba medimo ya ditshwantsho boo a bo boneng. Le ha ho le jwalo, ho ena le hore a hlasele borapedi ba ditshwantsho a sa tsotelle letho, o ile a ithiba. O ile a leka ka matla hore a hape maikutlo a ba mo mametseng a sa ba kgopise mme a etsa seo ka hore a bue ka seo ba dumellanang ka sona. O ile a qala ka ho re: “Banna ba Athene, ke a bona hore le hlompha medimo ho feta ka moo batho ba bang ba e hlomphang ka teng.” (Dik. 17:​22) Ka mantswe a mang Pauluse o ne a re, ‘Ke a bona hore le rata bodumedi haholo.’ Ka bohlale o ile a ba babatsa ka hore ebe ba rata bodumedi. O ile a hlokomela hore ba bang ba neng ba foufaditswe ke dithuto tsa bohata ba ka amohela molaetsa. Etswe Pauluse o ne a tseba hore ho na le nako eo le yena a neng a ‘se na tsebo ebile a se na tumelo.’​—1 Tim. 1:13.

10 E le hore Pauluse a hahe motheong wa seo ba dumellanang ka sona o ile a bolela hore o bone bopaki ba sebele ba hore Baathene ke batho ba ratang bodumedi e leng aletare e nehetsweng “Ho Modimo ya sa Tsejweng.’” Ho latela sengolwa se seng, “Bagerike le ba bang ba ne ba tlwaetse ho nehela dialetare ‘medimong e sa tsejweng,’ ka lebaka la ho tshaba hore mohlomong ba siile modimo ya itseng borapeding ba bona yaba ba a mo halefisa.” Ka ho ba le aletare e jwalo, Baathene ba ne ba dumela hore ho na le Modimo eo ba sa mo tsebeng. Pauluse o ile a sebedisa aletare ena ho kenyelletsa ditaba tse monate. O ile a re: “Ke tlo le bolella ka yena Modimo eo le ntseng le mo rapela empa le sa mo tsebe.” (Dik. 17:​23) Pauluse o ile a beha mabaka ka tsela e bohlale empa e le matla. O ne a sa bue ka Modimo e motjha kapa ya sa tlwaelehang, jwalo ka ha ba bang ba boletse. O ne a bua ka Modimo eo bona ba neng ba sa mo tsebe e leng Modimo wa nnete.

11 Re ka etsisa mohlala wa Pauluse jwang tshebeletsong ya rona? Haeba re le hlokolosi, re ka nna ra bona ntho e re bontshang hore motho o tjhesehela bodumedi, mohlomong ra bona ntho e itseng ya bodumedi eo a e rwetseng kapa a e behileng ka tlung kapa jareteng. Re ka nna ra re: ‘Ke a bona hore o rata bodumedi. Haesale ke batla ho kopana le motho ya ratang bodumedi.’ Ka hore ka bohlale re fumane maikutlo a motho ka bodumedi, re ka nna ra lemoha seo re dumellanang ka sona yaba re haha hodima sona. Hopola hore ha re batle ho nka batho hampe ka lebaka la dithuto tsa bona tsa bodumedi. Ba bang ba badumedimmoho le rona ba ne ba dumela ka tieo dithuto tsa bohata tsa bodumedi.

Mohlankana o bua le titjhere le bana bao a kenang sekolo le bona ka tlelaseng ya saense.

Leka ho fumana seo le dumellanang ka sona e le hore o hahe hodima sona

Modimo “ha a Hole le Rona” (Diketso 17:​24-28)

12. Pauluse o ile a Fetofetola taba ya hae jwang hore e lokele batho ba neng ba mo mametse?

12 Pauluse o ne a fumane seo a dumellanang ka sona le batho bao a buisanang le bona empa na ho ne ho tla dula ho le jwalo ha a se a ba pakela? Ka ha o ne a tseba hore bamamedi ba hae ke batho ba rutilweng filosofi ya Bagerike le hore ha ba tsebe Mangolo, o ile a Fetofetola taba ya hae ka ditsela tse ngata. Tsela ya pele, o ile a ba bolella dithuto tsa Bibele a sa qotse Mangolo ka ho toba. Ya bobedi, o ile a ipeha boemong ba batho ba mo mametseng, ka dinako tse ding a sebedisa mantswe a kang “rona.” Ya boraro, o ile a qotsa dibuka tsa Bagerike ho bontsha hore dintho tse itseng tseo a di rutang di teng dibukeng tsa bona. Jwale a re hlahlobeng mantswe a matla ao Pauluse a ileng a a bua. O ile a ruta dinnete dife tsa bohlokwa ka Modimo eo Baathene ba neng ba sa mo tsebe?

13. Pauluse o ile a reng ka tshimoloho ya bokahohle, mme o ne a bolelang?

13 Modimo o bopile bokahohle. Pauluse o itse: “Modimo ya entseng lefatshe le dintho tsohle tse ho lona, e leng Morena wa lehodimo le lefatshe, ha a dule ditempeleng tse entsweng ka matsoho.”d (Dik. 17:​24) Bokahohle ha bo a ba teng ka tsietsi. Modimo wa nnete ke Mmopi wa dintho tsohle. (Pes. 146:6) Ho fapana le Athena kapa medimo e meng eo kganya ya yona e neng e itshetlehile ka ditempele, ditempelana le dialetare, Mmusi Morena wa lehodimo le lefatshe a ke ke a dula ditempeleng tse hahuweng ka matsoho a batho. (1 Mar. 8:​27) Molaetsa wa Pauluse o ne o hlakile. Modimo wa nnete o moholo ho feta medimo ya ditshwantsho e ka ditempeleng tse entsweng ke batho.​—Esa. 40:​18-26.

14. Pauluse o bontshitse jwang hore Modimo ha a itshetleha ka batho?

14 Modimo ha a itshetleha ka batho. Barapedi ba medimo ya ditshwantsho ba ne ba tlwaetse ho e apesa diaparo tse majabajaba, ba e fa dimpho tse theko e phahameng, kapa ba e tlisetsa dijo le dino jwalo ka ha eka ya di hloka! Le ha ho le jwalo, borafilosofi ba bang ba Bagerike ba neng ba le hara batho ba neng ba mametse Pauluse e ka nna yaba ba ne ba dumela hore ha ho letho leo modimo a le hlokang ho batho. Haeba ho jwalo, ha ho pelaelo hore ba ne ba dumellana le mantswe a Pauluse ha a re Modimo “ha a hlokomelwe ke batho jwalo ka ha eka o hloka letho.” Ka sebele, ha ho dimpho tseo batho ba ka di fang Mmopi. Ho ena le hoo, o fa batho seo ba se hlokang e leng “bophelo, phefumoloho le dintho tsohle” ho akarelletsa le letsatsi, pula le mobu o behang. (Dik. 17:​25; Gen. 2:7) Ka hona, Modimo Ya Faneng ka tsona ha a itshetleha ka batho, e leng bona ba di amohelang.

15. Pauluse o ile a sebetsana jwang le tumelo ya Baathene ya hore ba phahametse batho bao e seng Bagerike, mme re ithuta ntlha efe ya bohlokwa mohlaleng wa hae?

15 Modimo o bopile batho. Baathene ba ne ba dumela hore ba phahametse batho bao e seng Bagerike. Empa ho ikgantsha ka botjhaba le morabe wa rona ha ho dumellane le nnete ya Bibele. (Deut. 10:​17) Pauluse o ile a sebedisa bohlale le tsebo ha a sebetsa taba ena e hlokang hore a be hlokolosi. Ha a ne a re, “[Modimo] o entse hore ditjhaba tsohle di tswe ho motho a le mong,” ha ho pelaelo hore mantswe a hae a ile a etsa hore batho ba mo mametseng ba nahane. (Dik. 17:​26) Pauluse o ne a bua ka tlaleho ya Genese e mabapi le Adama, moholoholo wa moloko wa batho. (Gen. 1:​26-28) Ka ha batho bohle ba tswa ho motho a le mong, ha ho morabe kapa setjhaba se phahametseng se seng. Ka sebele taba ena e ile ya hlakela batho ba neng ba mametse Pauluse. Re ithuta ntlha ya bohlokwa mohlaleng wa hae. Le hoja re fetofetoha le maemo mme re sa batle ho kgopisa batho ha re le mosebetsing wa boboledi, ha re batle ho bebofatsa nnete ya Bibele hore feela ba e amohele.

16. Morero wa Mmopi ke ofe ka batho?

16 Modimo o batla hore batho ba atamele ho yena. Esita le ha borafilosofi ba neng ba le hara batho ba mametseng Pauluse ba ne ba phehile kgang ka nako e telele mabapi le morero wa bophelo ba batho, ha ho mohla ba neng ba ka kgona ho o hlalosa ka tsela e kgotsofatsang. Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a bolela ka ho hlaka morero wa Mmopi bakeng sa batho, e leng “hore ba batle Modimo. Haeba ba leka ho mo batla ba ka mo fumana hobane ha a hole le rona.” (Dik. 17:​27) Motho a ka kgona ho tseba Modimo eo Baathene ba neng ba sa mo tsebe. Ha e le hantle, ha a hole le bao ka sebele ba batlang ho mo fumana le ho ithuta ka yena. (Pes. 145:​18) Hlokomela hore Pauluse o ile a sebedisa lentswe “rona,” ka tsela eo o ne a ikakarelletsa hara bao ho hlokahalang hore “ba batle” Modimo mme ba mo phopholetse.

17, 18. Ke hobaneng ha batho ba lokela ho ikutlwa ba le haufi le Modimo, hona re ka ithuta eng tseleng eo Pauluse a ileng a ipiletsa ho batho ba neng ba mo mametse?

17 Batho ba lokela ho ikutlwa ba le haufi le Modimo. Pauluse o itse, ke ka Yena “re phelang, re sisinyehang mme re leng teng.” Ditsebi tse ding di re e ka nna yaba Pauluse o ne a qotsa mantswe a Epimenides, e leng seroki sa Kreta sa lekgolong la botshelela la dilemo B.C.E. eo hape e leng “motho ya hlaheletseng bodumeding ba Baathene.” Pauluse o ile a fana ka lebaka le leng leo ka lona batho ba lokelang ho ikutlwa ba le haufi le Modimo ha a re: “Ba bang ba diroki tsa lona ba itse, ‘Le rona re bana ba hae.’ ” (Dik. 17:​28) Batho ba lokela ho ikutlwa hore ba na le kamano le Modimo, o bopile motho eo bohle ba tswang ho yena. E le hore Pauluse a ipiletse ho batho ba neng ba mo mametse, o ile a qotsa ka ho toba dibukeng tsa Bagerike tseo ho se nang pelaelo hore ba ne ba di hlompha.e Ha re latela mohlala wa Pauluse, ka dinako tse ding re ka qotsa mantswe a seng makae dibukeng tsa histori, di encyclopedia, kapa dibukeng tse ding tse hlomphuwang. Ka mohlala, ho qotsa motho ya hlomphuwang ho ka nna ha thusa ho kgodisa batho bao e seng Dipaki hore na mekgwa kapa ditshebeletso tse ding tsa bodumedi ba bohata di simolohile hokae.

18 Ho fihlela ntlheng ena, Pauluse o boletse dinnete tsa bohlokwa ka Modimo, ka bohlale a Fetofetola taba ya hae hore e lokele ba mo mametseng. O ne a batla hore ba etseng ka ditaba tsee tsa bohlokwa? Ntle ho tieho, o ile a ba bolella ha a ntse a tswela pele ka taba ya hae.

“Batho Bohle . . . ba Bake” (Diketso 17:​29-31)

19, 20. (a) Pauluse o ile a pepesa bowatla ba ho rapela medimo ya ditshwantsho e entsweng ke batho jwang? (b) Batho ba neng ba mametse Pauluse ba ne ba lokela ho nka bohato bofe?

19 Pauluse o ne a itokiseditse ho kgothalletsa batho ba neng ba mo mametse hore ba nke bohato. O ile a boela a qotsa dibuka tsa Bagerike a re: “Ka ha re bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho nahana hore Modimo o tshwana le setshwantsho sa kgauta, silevera kapa lejwe. Ha a tshwane le dintho tseo batho ba iqapetseng tsona yaba ba di etsa ka matsoho a bona.” (Dik. 17:​29) Ka sebele, haeba batho ba entswe ke Modimo, jwale ke jwang Modimo e neng e ka ba setshwantsho se entsweng ke motho? Tsela eo Pauluse a ileng a beha mabaka ka bohlale ka yona e ile ya pepesa bowatla ba ho rapela medimo ya ditshwantsho e entsweng ke batho. (Pes. 115:​4-8; Esa. 44:​9-20) Ha a re “ha re a tshwanela ho . . . ,” ha ho pelaelo hore o ile a etsa hore keletso ya hae e se ke ya ba hlaba.

20 Moapostola Pauluse o ile a hlakisa hore ba lokela ho nka bohato, a re: “Modimo o ile a iphapanyetsa dintho tsena tseo batho ba di entseng ka ho se tsebe [e leng ho nahana hore Modimo a ka kgahliswa ke batho ba rapelang medimo ya ditshwantsho]. Empa hona jwale o bolella batho bohle hore ba bake.” (Dik. 17:​30) E ka nna yaba batho ba bang ba neng ba mametse Pauluse ba ile ba makala ha ba utlwa boipiletso bona ba hore ba bake. Empa mantswe a hae a matla a ile a bontsha ka ho hlakileng hore Modimo ke yena ya ba fileng bophelo mme ba ikarabella ho Yena. Ba ne ba lokela ho batla Modimo, ba ithute nnete ka yena mme ba etse hore bophelo bohle ba bona bo dumellane le nnete eo. Seo se ne se bolela hore Baathene ba lemohe hore borapedi ba ditshwantsho ke sebe mme ba bo furalle.

21, 22. Pauluse o ile a dihela dikgala ka mantswe afe a matla, mme mantswe a hae a bolelang ho rona?

21 Pauluse o ile a dihela dikgala ka mantswe a matla a reng: “[Modimo] o behile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka toka a sebedisa monna eo a mo kgethileng. O ile a tsosa monna eo bafung mme ka ho etsa jwalo a kgodisa batho bohle hore letsatsi leo le tla fihla.” (Dik. 17:​31) Ho tla ha Letsatsi la Kahlolo e ne e le lebaka le matla hakaakang la ho batla Modimo wa nnete le ho mo fumana! Pauluse ha a ka a bolela lebitso la Moahlodi enwa ya behilweng. Ho ena le hoo, o ile a bua ntho e makatsang ka Moahlodi enwa a re: O kile a phela e le motho wa nama, a shwa mme Modimo a mo tsosa bafung!

22 Mantswe a matla ao a ileng a dihela dikgala ka wona a bolela ho hongata ho rona. Re a tseba hore Moahlodi eo ya behilweng ke Modimo ke Jesu Kreste ya tsositsweng bafung. (Joh. 5:​22) Re boetse re a tseba hore Letsatsi la Kahlolo le tla nka dilemo tse sekete mme le atamela ka potlako. (Tshen. 20:​4, 6) Ha re tshabe Letsatsi la Kahlolo, hobane re a tseba hore le tla tlisetsa ba tshepahalang mahlohonolo a ke keng a lekanngwa. Mohlolo o moholo wa ho tsoswa ha Jesu Kreste o re tiisetsa hore seo re se tshepileng se tla phethahala.

“Ba Bang . . . ya Eba Badumedi” (Diketso 17:​32-34)

23. Mantswe a Pauluse a ile a ama batho ka ditsela dife tse sa tshwaneng?

23 Mantswe a Pauluse a ile a ama batho ka ditsela tse sa tshwaneng. “Ba bang ba mo soma” ha ba utlwa a bua ka tsoho ya bafu. Ba bang ba ne ba hlompha empa ba sa batle ho itlama, ba re: “Re tla o mamela hape nakong e tlang ha o bua ka taba ena.” (Dik. 17:​32) Le ha ho le jwalo, ba seng bakae ba ile ba nka bohato bo nepahetseng: “Batho ba bang ba ikopanya le yena mme ya eba badumedi. Hara bona ho ne ho ena le moahlodi wa lekgotla la Areopago ya bitswang Dionisiase, mosadi ya bitswang Damarise le ba bang.” (Dik. 17:​34) Sena ke se etsahalang ha re le tshebeletsong. Ba bang ba ka nna ba re soma, ha ba bang ba hlompha empa ba sa thahaselle. Le ha ho le jwalo, re a thaba ha ba bang ba amohela molaetsa wa Mmuso mme e eba badumedi.

24. Re ka ithutang ho seo Pauluse a ileng a se bua ha a le Areopago?

24 Ha re nahana ka seo Pauluse a ileng a se bua, re ka ithuta ho hongata mabapi le ho beha taba ka tsela e utlwahalang, ho beha mabaka ka tsela e kgodisang le ka moo re ka fetofetolang taba ya rona hore e lokele batho ba re mametseng. Ho ekelletsa moo, re ka ithuta hore re lokela ho ba le mamello, re se ke ra kgopisa ba foufaditsweng ke dithuto tsa bodumedi ba bohata. Re ka boetse ra ithuta thuto ena ya bohlokwa, ha re a lokela hore le ka mohla re bebofatse nnete ya Bibele hore feela re kgahlise batho ba re mametseng. Empa ha re latela mohlala wa moapostola Pauluse, re ka ba matitjhere a atlehang haholwanyane tshebeletsong ya tshimo. Ho feta moo, balebedi e ka ba mesuwe e tshwanelehang haholwanyane ka phuthehong. Ka tsela eo re tla hlomellwa ha molemo ho thusa ba bang hore ba ‘batle Modimo . . . mme ba mo fumane’​—Dik. 17:27.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Athene e ne e le Setsi sa Dintho Tsa Setso Mehleng ya Boholoholo.”

b Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Baepikure le Bastoik.”

c Areopago e ne e le ka leboya bophirimela ho Acropolis mme e le sebaka seo lekgotla le ka sehloohong la Athene le tlwaetseng ho kopana ho sona. E ka nna yaba lentswe “Areopago” le bolela lekgotla leo kapa leralla la sebele. Ka hoo, ditsebi ha di dumellane ka maikutlo mabapi le hore na Pauluse o ile a tliswa leralleng lena kapa haufi le lona kapa sebakeng se seng seo lekgotla lena le neng le kopana ho sona, mohlomong mmarakeng.

d Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “lefatshe” ke koʹsmos, mme Bagerike ba ne ba le sebedisa ho bolela bokahohle. Ka ha Pauluse o ne a leka ho fumana seo a dumellanang ka sona le Bagerike ba neng ba mo mametse, ho ka etsahala hore ebe mona o sebedisitse lentswe lena ka tsela eo.

e Pauluse o ile a qotsa thoko ya bolepi ba dinaledi e bitswang Phaenomena, e ngotsweng ke seroki sa Mostoike se bitswang Aratus. Mantswe a tshwanang le ao a fumanwa dibukeng tse ding tsa Bagerike, ho akarelletsa le ya Hymn to Zeus, ya sengodi sa Mostoike se bitswang Cleanthes.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share