LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lmd thuto 5
  • Bontsha Tlhompho

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bontsha Tlhompho
  • Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Pauluse o Ile a Etsang?
  • Re ka Ithutang Mohlaleng wa Pauluse?
  • O ka Etsisa Pauluse Jwang?
  • Batlang Modimo Mme le mo Fumane
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Ikokobetse
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • O Ikutlwa Jwang ka Batho ba Tshimo ya Heno?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Eba Motho wa Batho
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
Tse Ding
Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
lmd thuto 5

HA O QALA MOQOQO

Moapostola Pauluse o bua le batho ba Athene.

Dik. 17:​22, 23

THUTO YA 5

Bontsha Tlhompho

Keletso ya Bibele: “Mantswe ao le a buang e ke e be a mosa ka mehla.”​—Bakol. 4:6.

Pauluse o Ile a Etsang?

Moapostola Pauluse o bua le batho ba Athene.

VIDEO: Pauluse o Bua le Batho ba Athene

1. Shebella VIDEO kapa o bale Diketso 17:​22, 23 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1. Pauluse o ile a ikutlwa jwang ha a hlokomela hore batho ba Athene ba rapela medimo ya ditshwantsho?​—Sheba Diketso 17:16.

  2. Pauluse ha a ka a bolella batho ba Athene hore ba etsa ntho e fosahetseng. Le ha ho le jwalo, o ile a sebedisa seo ba se dumelang jwang ho bua le bona ka ditaba tse monate?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Pauluse?

2. Batho ba tla re mamela haeba re kgetha mantswe hantle pele re bua le bona, re bua le bona ka tlhompho ebile re kgetha nako e nepahetseng ya ho bua le bona.

O ka Etsisa Pauluse Jwang?

3. Kgetha mantswe hantle. Ka mohlala, ha o bua le motho ya sa tsebeng letho ka ditaba tsa Bokreste, o ka nna wa lokela ho fetola tsela eo o bitsang Bibele kapa Jesu ka yona.

4. O se ke wa potlakela ho lokisa motho ha a fositse. Mo fe monyetla wa hore a itlhalose. Haeba a bua ntho e sa dumellaneng le Bibele, o se ke wa ngangisana le yena. (Jak. 1:​19) Ha o mo mamela, o tla utlwisisa hore na o dumela eng le hore na ke hobaneng ha a dumela ntho eo.​—Diprov. 20:5.

5. Bua ka dintho tseo le dumellanang ka tsona o be o mo babatse. Ho ka etsahala hore o dumela hore bodumedi ba hae ke bona bo nepahetseng. Ka hoo, ha o qoqa le yena, o bue ka dintho tseo le dumellanang ka tsona. Dintho tse ding o tla mo ruta tsona hanyane hanyane ha nako e ntse e ya.

O KA BOELA WA SHEBA

Diprov. 25:​15; 2 Tim. 2:​23-26; 1 Pet. 3:15

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share