Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang
Mmoledi wa Mmuso ya Ratehang:
Nahana o se o le e mong wa baapostola ba emeng Thabeng ya Mehlwaare. O bona Jesu a hlaha ka pela hao. Ha a se a tla nyolohela lehodimong, o re: “Ha le fumana moya o halalelang, le tla ba le matla mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, dibakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e holehole ya lefatshe.” (Dik. 1:8) O ne o tla ikutlwa jwang?
Mohlomong o ne o tla nka hore mosebetsi oo o boima. O ne o ka nna wa re, ‘Re ka kgona jwang ho paka “le karolong e holehole ya lefatshe” re le barutuwa ba fokolang hakaale ka palo?’ E ka nna yaba o hopola temoso eo Jesu a ileng a fana ka yona bosiung ba pele a shwa, ha a re: “Lekgoba ha le leholo ho monga lona. Haeba ba ntlhorisitse le lona ba tla le hlorisa. Haeba ba mmametse le lona ba tla le mamela. Ba tla le hlorisa ka lebaka la lebitso la ka hobane ha ba tsebe ya nthomileng.” (Joh. 15:20, 21) Ha o nahana ka mantswe ao, o ka nna wa ipotsa, ‘Re ka fana ka bopaki bo hlakileng jwang hara kganyetso le mahloriso a makaalo?’
Le kajeno re ipotsa dipotso tse tshwanang le tseo. Mosebetsi oo re o filweng re le Dipaki Tsa Jehova o hloka hore re fane ka bopaki bo hlakileng “le karolong e holehole ya lefatshe,” mme re pakele “batho ba ditjhaba tsohle.” (Mat. 28:19, 20) Mosebetsi oo o ka phethwa jwang, haholoholo ha ho profetilwe hore ho tla ba le kganyetso?
Buka ya Diketso Tsa Baapostola e re bolella ka moo ka ho hlollang Jehova a ileng a thusa baapostola le Bakrestemmoho le bona ba lekgolong la pele la dilemo C.E. hore ba phethe mosebetsi oo. Buka ena eo o ntseng o e bala e reretswe ho o thusa hore o ithute ditaba tseo mme o di thabele. O tla hlollwa ke ka moo ho nang le dintho tse ngata tseo bahlanka ba Modimo ba lekgolong la pele la dilemo ba tshwanang ka tsona le batho ba hae kajeno. O tla hlokomela hore dintho tsena ha di amane le mosebetsi oo re o etsang feela empa di boetse di amana le tsela eo re hlophisitsweng ka yona hore re etse mosebetsi oo. Ruri ho nahanisisa ka dintho tsena ho tla etsa hore o kgodisehe le ho feta hore Jehova Modimo o sa ntse a tataisa karolo e lefatsheng ya mokgatlo wa hae o hlophisitsweng.
Re na le tshepo ebile re rapella hore ha o ntse o ithuta buka ya Diketso o tla ba le tumelo e tiileng ya hore Jehova o tla o thusa le hore matla a moya wa hae o halalelang a tla o tshehetsa. Ka lebaka leo, e se eka o ka tswela pele o fana ka “bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo” le ho thusa ba bang hore ba tsamaye tseleng e isang polokong.—Dik. 28:23; 1 Tim. 4:16.
Bara ba bo lona,
Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova